Managing (Maize)									Sesotho

Ho laola dikokwanyana tsa poone ka poone ya Bt

Instructions:

Folio Strap: Taolo ya dikokwanyana

Byline: F.B. Peairs, Setsebi sa Katoloso le moprofesara wa Yunibesithi ya Mmuso ya Colorado, disaense tsa tse phelang mobung le taolo ya dikokwanyana.

Create a Fact Box: Quick Facts…

Bacillus thuringiensis (Bt) ke baktheria ya mobu e hlahisang tjhefo ya dikokwanyana.

Genes (Dijine e leng dikarolwana tsa sele e phelang) di ka kenngwa ka hara dimela tsa dijothollo ho etsa hore di kgone ho hlahisa tjhefo e bolayang dikokwanyana, mme ka hoo di kgone ho thibela tlhaselo ya dikokwanyana tse itseng.

Mabasetere a poone a nang le dijine tsa Bt (poone ya Bt) a kgona ho thibela tlhaselo ya dikokwanyana tse itseng tsa bohlokwa.

Mabasetere a poone ya Bt a na le tshebetso e matla, mme ke mokgwa o baballang ditshenyehelo o ka sebediswang bakeng sa mekgwa ya sejwalejwale ya ho bolaya dikokwanyana ha eba twantsho ya dikokwanyana e sa ntse e le maemong a bonahalang e le a ka baballang ditshenyehelo. 



Theknoloji e ntjha e re dumella ho ntlafatsa mefuta ya dijothollo ka ho eketsa dijine tse tswang mefuteng e meng. Sena se molemo hobane re ka fetola ditlwaelo, jwalo ka thibelo tlhaselong ya dikokwanyana, eo ka nako e nngwe ho fumanehang hore ha e yo mofuteng wa sejothollo, kapa eo ho ka etsahalang hore e be boima hore e ka fetiswa ka hara mefuta ya dijothollo ka ho sebedisa mekgwa ya seholoholo ya ho hlahisa dimela.



Tshebediso e nngwe e atlehileng ya theknoloji ena e ntjha ke ntshetsopele ya mabasetere a poone a leng kgahlanong le tlhaselo ya dikokwanyana tse itseng ka baka la ho kenngwa ha jine e tswang ho dibaktheria tsa tlhaho tsa mobu. Mabasetere a jwalo a bitswa mabasetere a “fetisang dijine” le hoja e se mabasetere kaofela a fetisang dijine a nang le tlwaelo ya ho thibela tlhaselo ya dikokwanyana.



Le hoja mabasetere ana a poone a fetisang dijine tse kgahlanong le dikokwanyana a le hlwahlwa taolong ya dikokwanyana, tshebediso ya ona e bakile dipelaelo. Lethathama le latelang la dipotso le dikarabo le fana ka tjhebokakaretso ya mabasetere ana a poone a thibelang tlhaselo ya dikokwanyana, hammoho le tshebediso ya ona taolong ya dikokwanyana.



Bt ke eng?

Ke kgutsufatso ya baktheria e fumanwang mobung o tlwaelehileng e bitswang Bacillus thuringiensis. Bt e boetse e supa dihlahiswa tsa dibolayakokwanyana tse etswang ka dibaktheria tsena. 



Bt e na le taba efe le dikokwanyana tsena tse tshwenyang?

Mefuta e meng ya Bt e bolaya dikokwanyana ka tjhefo e bitswang sebolayakokwanyana sa crystal protein kapa delta endotoxins. Mefuta ena e tadingwa e se kotsi bathong le mefuteng e mengata eo e seng ya dikokwanyana.



Poone ya Bt (Bt maize) ke eng?

Tlhahiso ya delta endotoxins e laolwa ke jine e le nngwe ya baktheria. Mefuta e ntlafaditsweng ya dijine tsena e ka nna ya kenngwa dimeleng tsa poone. Dimela tsa poone tse nang le jine ena di ka hlahisa delta endotoxin, mme ka baka lena tsa eba tjhefo dikokwanyaneng tse hlaselang mofuta ona wa protheine.



Hobaneng ho sebediswa dijine tsa Bt pooneng?

Tjhefo ya delta endotoxin, e fafaditsweng dimeleng, e qhibidiha kapele ha e pepeseditswe kganyeng ya UV (Ultra violet). Tjhefo ya delta endotoxin e hlahiswang semeleng e tshireletswa kganyeng ya UV. Hape, dikokwanyana tse ngata tsa sehlooho tsa poone di boima, mme ditshenyehelo di phahame ho ka di laola ka mekgwa ya sejwalejwale ya ho bolaya dikokwanyana. Le ha ho le jwalo, dikokwanyana tsena di hlolwa ke delta endotoxin e hlahang dimeleng. Tabakgolo ke hore, biotheknoloji, ho kenya tjhefo e hlahisang dijene tsa Bt pooneng, ke ntho e leng teng. 



Na semela sohle sa poone ya Bt se tjhefo?

Ho ya feela ka maemo. Ke ntlha tse pedi, ketsahalo (event) le sekgothaletsi (promoter), tse laolang moo delta endotoxin e hlahiswang teng semeleng, le hore ho hlahiswa e bongata bo bokae. Dikhamphani tse fapaneng tsa dipeo di sebedisa diketsahalo tse fapaneng le dikgothaletsi, mme ka hoo, mabasetere a tsona a tla fapana ho ya ka tjhefo ya delta endotoxin e hlahiswang ke dimela.



Ketsahalo ya ho kenya e bolela ho kenngwa ha jine ya Bt mmeleng wa semela sa poone. Mona ke moo ho kenngwa ha jine ya Bt (sebaka) ho laolwang (ke chromosome efe, ke karolo efe ya chromosome, jwalojwalo). Karolo kapa sebaka seo jine e leng ho sona se laola karolo semeleng moo tjhefo ya delta endotoxin e hlahiswang ho sona, le hore ke e bongata bo bokae e hlahiswang. Hajwale ha re na theknoloji e laolang tulo/sebaka sa jine ya Bt, mme ka hoo, ketsahalo ka nngwe e qetella ka dimela tse fapanang mabapi le hore delta endotoxin e hlahiswa hokae, le hore ho hlahiswa e bongata bo bokae. 



Sekgothaletsi ke sefetoledi sa tlhaho se bolellang jine e kentsweng ya Bt hore e hlahise tjhefo ya delta endotoxin neng le hona kae. Dikgothaletsi tse ngata tse fapaneng di a fumaneha, mme kgetho ya sekgothaletsi e boetse e ama taba ya hore tjhefo ya delta endotoxin ho hlahiswa e bongata bo bokae le hore e hlahiswa hokae semeleng sa poone, e leng se kgannelang phapanong hara mabasetere.



Ke mefuta e mekae e teng ya poone ya Bt?

Ho teng mefuta e mengata e fapaneng ya mabasetere a poone ya Bt, mme e meng e ka nna ya ba le bokgoni ba ho thibela sesedi le ho senngwa ha metso.



Na mabasetere kaofela a poone ya Bt a tla fana ka boemo bo le bong ba taolo ?

Mohato wa taolo ya dikokwanyana tse habilweng le ho nama ha taolo e fanwang ke lebasetere ke mosebetsi wa diketsahalo tseo le nang le tsona. Ho molemo ho bapisa taolo ya dikokwanyana ka ketsahalo ho ena le ka lebasetere. Kgetha mabasetere a tla sebetsa hantle lebatoweng la hao, mme o kope data (pokello ya dintlha) ya taolo ya dikokwanyana e kgemang mmoho le diketsahalo tseo mabasetere ana a nang le tsona.



Na poone ya Bt e tla sebetsa hantle lebatoweng la ka?

Matshwao a Bt ha a tshwanela ho ama tshebetso ya mabasetere. Ha eba mofuta wa sejwalejwale wa lebasetere o sebetsa hantle, mofuta wa Bt le ona o tshwanetse ho sebetsa hantle.



Na Bt ke lona letshwao feela leo ka tlhaho le kentsweng pooneng? 

Mabasetere a mang a nang le matshwao a tlhaho a kentsweng, jwalo ka ho ba kgahlanong le dibolayalehola, a a fumaneha. Matshwao a mang a mangata a tswelopeleng, mme a tla fumaneha nakong e tlang.



Na poone ke sona feela sejothollo seo ka mokgwa wa tlhaho Bt e kentsweng ho sona? 

Tjhe. Dijothollo tse ngata di se di ntlafaditswe mabapi le ho hlahisa tjhefo ya delta endotoxin. Le ha ho le jwalo, poone le khothone di nka boholo ba tshebetso kgwebong.



Na ho sa na le melemo e meng mabapi le ho sebedisa poone ya Bt bakeng sa sebolayakokwanyana ho laola sesedi pooneng?

Poone ya Bt e tla laola sesedi pooneng ntle le ho ama tse jang dikokwanyana hammoho le dikokwanyana tse nang le molemo. Sena se tshwanetse ho etsa hore tsamaiso mabapi le dikokwanyana tse kang dikgo e be bonolo, le hoja ho eso be teng pokello ya dintlha tsa bopaki bo seng bo entswe ho tiisa taba ena.



Na ho teng diphoso ha motho a sebedisa poone ya Bt papisong le mekgwa ya sejwalejwale ya taolo ya sesedi pooneng? 

Ho tla ba teng ditshenyehelo tsa tlatsetso peong ya poone ya Bt, ho sa tsotellehe hore ho na le tlhaselo ya sesedi e amanang le ikonomi. Mekgwa ya sejwalejwale ya taolo ka dikhemikhale e o dumella ho ema le ho sheba ha eba tlhaselo e ntse e tswela pele pele o kena ditshenyehelong tsa taolo ya dikokwanyana. Hape, ho kgemeng mmoho le ditlhoko tsa sebaka sa diakere (sheba tlase mona) ho ka nna ha baka tharahano tshebetsong ya ho jala, ho kotula le taolong ya dikokwanyana.



Na nka jala poone ya Bt yaba ke lebala ka dikokwanyana le tse nyane?

Tjhe. Poone ya Bt e ke ke ya etsa hore o lebale ka hohlehohle ka dikokwanyana. Ho etsa patlisiso hammoho le tsamaiso di tla nne di hlokahale mabapi le tse ding tsa dikokwanyana.



Na ho teng mathata a mang a ka bakwang ke ho sebedisa poone ya Bt papisong le mekgwa e meng ya sejwalejwale ya taolo ya dikokwanyana?

Ho ka nna ha eba teng bothata ba mmaraka mabapi le poone ya Bt ha ho shejwa mebaraka ya matjhaba. Boemo ba mmaraka wa matjhaba bo fetoha ka potlako, ka hoo, ha ho kgonahale ho tseba ka moo melao e ka nnang ya fetoha ka teng pakeng tsa kgetho ya mabasetere le kotulo. Bona ke bothata bo atileng haholo diketsahalong tse ntjha tse amohetsweng.



Nka sebedisa poone ya Bt hokae tshebetsong ya ka?

Poone ya Bt e tshwanetse ho sebediswa feela moo kotsi ya tlhaselo ya dikokwanyana tse lwantshwang e phahameng teng.



Ke sefe se etswang ho thibela twantshano ya sesedi kgahlanong le poone ya Bt? 

Bafuputsi ba yunibesithi, ba indasteri ya dipeo hammoho le EPA ba sebetsa mmoho ho kenya tshebetsong maano a hlwahlwa a ka kgonang ho etswa kapele taolong ya twantshano. A theilwe tshebedisong ya mekgwa ya methamo e phahameng (high dose) le ya mekgwa ya tshireletso.



Leano la diakere (acres) ke eng?

Ha sebaka sa diakere (refuge) tse itseng se jalwa ka mabasetere a se nang Bt, eba sesedi pooneng kapa diboko tse jang metsong tse tswang dibakeng tsena di tshabana le Bt. Di tla ikamahanya le tse setseng di phela, tse tswang pooneng ya Bt, mme di angwe ke dijine tsa palo yohle ya tsona. 

 













 

 

 



