Management (Maize) 									SESOTHO

Tsamaiso ya polasi – ho etsa le ho dula o etsa phaello 

Instructions:

Folio Strap: Tsamaiso

Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Tsamaiso ya Temo mabapi le Phaello, e ngotsweng ke Marius Greyling

Grabbing quote: Ha o sa methe, o sitwa ho tsamaisa

Jwalo ka ha re tseba kaofela, bolemi ke kgwebo, mme ha eba o tshwanetse ho ba molemi ya hwebang, ho teng dintlha tseo o tlamehang ho di hopola hore kgwebo ya hao e atlehe.

Tse latelang di tshwanetse ho hopolwa:

Sepheo sa sehlooho ke ho etsa le ho dula o etsa phaello.

Tshohle tse etswang polasing di ama tjhelete e kenang. E keneng – E tswileng = Phaello/Tahlehelo.

Dikgothaletso di a etswa: se ka nnang/tshwanetseng ho etswa le/kapa ke sefe se hlokahalang ka molao mabapi le tsamaiso ya dibaka tsohle tsa tsamaiso polasing. Ebang dikgothaletso di a latelwa kapa tjhe, e tla ba boikarabelo ba mohlahisi/molemi/manejara ka mong.

Ditaba – tse tswang ka ntle/tse hlahang ka hare (direkoto) di bohlokwa haholo.

Kgwebo ya molemi Afrika Borwa ke karolo ya lefatshe lohle (global village), mme ka hoo, e angwa ke se etsahalang lefatsheng lohle.

Polasi e tadingwa e le system e phethahetseng, mme karolo ka nngwe e ama tse ding. Ka mantswe a mang, katamelo tsamaisong ya kgwebo ke katamelo e phethahetseng.





Ho nama ha tsamaiso 

Hangata o se o kile wa utlwa tse latelang: “Hobaneng balemi ba lebatowa le itseng ba tswela pele ho feta ba bang ba lona lebatowa leo tlasa maemo a tshwanang, kapa hobaneng ha ba bang ba balemi ba kgona ho feta maemong a boima ha baahisani ba bona ba fediswa tu ke mathata a ntseng a tshwana?” Karabo ke hore balemi ba bang ba kganna kgwebo ya bona hantle ho feta ba bang. Empa tsamaiso ke eng, kapa tabeng ena, tsamaiso ya polasi ke eng?



Tsamaiso ya polasi e ka hlaloswa e le ho nka diqeto tse nepahetseng (tse kgannwang ke sepheo) ka ho fetisisa mabapi le mehlodi ya batho hammoho le mehlodi kaofela e bonwang ho fihlella sepheo sa kgwebo e itseng.



Hore o kgone ho tsamaisa kgwebo ho ya ka tlhaloso ho bolela hore mohlahisi o tshwanetse ka mokgwa o hlwahlwa ho sebedisa dintlha tse nne tsa tsamaiso, e leng ho rera, ho hlophisa, ho kenya tshebetsong le ho laola. Le hoja ho kgonahala ho bona phapang pakeng tsa mesebetsi ena e mene, mosebetsi wa tsamaiso ke mosebetsi o dulang o tswela pele. Ka hara mosebetsi wa tsamaiso mohlahisi o tshwanetse ho kenya tshebetsong mesebetsi e mengata ya tsamaiso, e kang ho etsa diqeto, puisano, ho kenya tjheseho, ho nyalanya dintho, ho sebedisa tayo, ho fa batho mesebetsi e lokelang ho phethwa ekasitana le ho etella pele.



Tsamaiso polasing e hlaloswa e le sepheo se shebaneng le ho etsa diqeto. Ho etsa diqeto tse ntle ka ho fetisisa mabapi le ditaba tse amanang le polasi, mohlahisi o tlamehile ho ba le tse latelang:

Seriti le letshwao la boikarabelo;

Boiphihlelo ba tseo a di entseng;

Tsebo ya sethekgenike;

Bohlale ba kgwebo; le

Tsebo ka polasi eo a e tsamaisang.



Dibaka tsa tsamaiso

Ka hara kgwebo ya polasi, monga yona/manejara o tlamehile ho tsamaisa tsena tse latelang:

Tsamaiso tlhahisong – tlhahiso e bonahalang ya dihlahiswa;

Tsamaiso ho tse rekwang – ho rekwa ha sebediswang le tsa boleng;

Tsamaiso mebarakeng – ho rekiswa ha dihlahiswa;

Tsamaiso ditjheleteng – tsamaiso ya ditjhelete e kenyeletsa makgetho, meralo ya thepa ya meaho, dikotsi le ho se tsebe tse ka tshohang di hlaha;

Tsamaiso ka ofising – tsamaiso ya ofisi le direkoto;

Tsamaiso mehloding ya batho – basebeletsi le mesebetsi;

Tsamaiso kamanong le setjhaba – dikamano le dipuisano;

Tsamaiso thepeng – taolo, tlhokomelo le thekiso ya thepa;

Tsamaiso thepeng e rekiswang – taolo; le

Tsamaiso ka kakaretso – bophelo bo botle le paballeho; taolo ya mello, boshodu le paballeho polasing.



Hore na o ka ntlafatsa jwang e nngwe le e nngwe ya dibaka tsena, ho eketsa le ho hlokomela hore phaello e dula e le teng, ke dintlha tse tla tshohlwa ho Pula Imvula dikgweding tse tlang. Ditlhahiso le/kapa dikgothaletso tse tla ba molemo keketsehong le ho duleng ha phaello e le hodimo, ke tse tla etswa mabapi le sebaka se seng le se seng sa tsamaiso. Ho tla be ho bontshwe hanyane se hlokwang lehlakoreng la molao. Le ha ho le jwalo, kgetho e tla ba ya mohlahisi/manejara ka mong hore na o a di sebedisa na. Ha ho motho ya qobellwang. Ho ya ka se hlokwang ke molao, ha eba di sa sebediswe, mohlahisi/manejara ke yena ya tla jara boikarabelo mabapi le qeto ya hae. 





 

