Management (Maize)									Sesotho
Tsamaiso ya sebele e fupere menyetla
Folio strap: Tsamaiso
Byline: Ditaba tsena di tswa ho Tsamaiso ya Polasi ho etsa Phaello, bukanatataiso ka Marius Greyling
Redraw the diagram and make each factor a bright different colour
Na o hlokometse diphoofolo tsa hao ka tshwanelo? Kapa makgulo a hao a bontsha hore o fudisa ho feta tekano? Na o kgotsofalla ho sheba dijothollo tsa hao tse atlehileng? Ka mora kotulo na o kile wa etela masimo a hao? 
Ke sefe se etsang hore molemi e mong a atlehe ho feta e mong? Ena taba re ka e tshohla letsatsi la ba la dikela. Le ha ho le jwalo, qetellong mabaka kaofela a supa nthong e le nngwe, boleng ba tsamaiso, mme ha re etla kgwebong ya polasi, taba e nngwe qha, ke tsamaiso ya polasi.
Tsamaiso ya temo
Ditlhaloso tse ngata tsa tsamaiso ya temo di teng, empa kaofela ha tsona di akaretsa taba e le nngwe, e leng “mosebetsi o tswileng matsoho kapa ho kopanngwa ha mehlodi kaofela, ya batho le dintho tse ding, ho fihlella sepheo sa kgwebo ya temo”.
Le hoja ho tadimeha eka ke taba ya maikutlo feela, ba bang ba tla bua jwalo, empa a re keng re shebisiseng tlhaloso ena ka ho qala ka sepheo kapa morero wa kgwebo ena ya temo. E mong a ka nna a re taba ya sehlooho temong ke ho etsa phaello, mme ka hoo, phaello ke taba e tsitsitseng. E, ke nnete, ho teng tse habilweng, tse kang ho ntlafatsa boemo ba bophelo, ho hlahisa dihlahiswa tseo bareki ba di batlang. Le ha ho le jwalo, dintho tsohle tseo motho a ka buang ka tsona, nnete ya taba ke hore qetellong phaello e tshwanetse ho etswa. Le hoja e se sona sepheo, balemi ba bangata ba ikgethela ho itulela jwalo le ho tsamaisa kgwebo ya bona ya temo ka baka la mokgwa o motle wa bophelo. Ha phaello e sa etswe, le bona bophelo boo bo botle ha bo sa le botle hakaalo. Ho ya ka puo ya tjhelete, sepheo se ka bolelwa e le phaello e ntle matseteng, empa he, ho nolofatsa ditaba, a re keng re shebe taba ya ho etsa phaello. Ka mokgwa o bonolo, phaello (P) e fumanwa ka ho tlosa tjhelete ya ditshenyehelo (E) tjheleteng e keneng (I). (P = I – E kapa I – E = P).
Mehlodi ya batho le ya tse ding tse boletsweng tlhalosong, e boetse e bolelwa e le dintlha tse amanang le tlhahiso, e leng tsamaiso, mosebetsi, naha le tjhelete. Ha re bua ka mosebetsi, re bua ka basebeletsi. Naha e emetse mobu (masimo), dimela (makgulo a jwang, metsi). Tjhelete ke lentswe le bolelang tjhelete le maruo a mang a tsitsitseng a kang meaho, terata , masaka, maphephe (ditoro), jwalojwalo, le tse tsamayang, jwalo ka makoloi, disebediswa tsa temo, diterekere, mehlape e tswalang, le tse sebediswang mobung, hammoho le tse ding.
Mesebetsi e mene ya tsamaiso
Tshebetso ya tsamaiso e fupere mesebetsi e mene, e leng moralo, tlhophiso, ho kenya dintho tshebetsong, hammoho le taolo:
Moralo ke se tshwanetseng ho etswa, ho etswa jwang, le ho etswa neng. 
Tlhophiso ke hore ke mang ya tla etsa eng, neng le hore hokae (kabo ya mehlodi).
Ho kenya tshebetsong ke ho etsa se rerilweng le ho se hlophisa.
Taolo ke ho bapisa se ileng sa etswa (hantle kapa e seng hantle hakaalo) le se neng se rerilwe le ho hlophiswa, le ho batla moo ho ileng ha kgelohuwa teng hore ho ntlafatswe dintho ka moso.
Ka nako e le nngwe, ha ho ntse ho kenngwa tshebetsong o mong le o mong wa mesebetsi e mene ya tsamaiso, molemi/manejara o tlamehile ho ba moetapele, mme o tshwanetse ho etsa diqeto, a ikamahanye le ba ka hare le ba ka ntle, a rolele mesebetsi mahetleng a batho, a hokahanye mafapha, a kenye tsheseho bathong, mme a hlokomele hore boitshwaro bo dula bo le teng ekaba ka tsela e otlolohileng kapa e sa otlolohang.
Ho feta mona, ke ho ba boemong ba ho etsa phaello ka mokgwa o tsitsitseng le ho fihlella sepheo ho seo temo e tshwanetseng ho se hlahisa. Kgwebo ya temo e tshwanetse ho hlahisa sehlahiswa se tla kgona ho rekiswa - se tshwanetse ho kgotsofatsa ditlhoko tsa moreki. Ka kakaretso tsena e ka ba dijo, tshwele, patsi kapa diphoofolo. Mantswe ana, “ditlhoko” a kenyelletsa dintlha tse kang boleng le bongata ba sehlahiswa, nako e itseng ya ho fumanwa ha sona le/kapa ho tshepahala tsamaisong ya sehlahiswa, ho iswa ha sona hokae, le ho pakelwa/phuthelwa ha sona.
Ho ya ka formula ya tjhelete e kenang – e tswang = phaello/tahlehelo, ho bohlokwa ho hopola tsohle tseo re di etsang kapa tseo ka nako tse ding re sa di etseng, tseo re ka beng re di entse, ho ya ka kgwebo ya rona. Qetellong tsena tsohle di hlahella formuleng ya rona. E kenang e ka ba ngata kapa ya fokotseha, mme ho jwalo le ka ditshenyehelo. Ana re ke re nahane ka difounu tseo re di etsang? Na difounu kaofela di bohlokwa? Na re ke re nahane ka maeto a ho ya toropong? Na re fepa mehlape ya rona ka dijo tsa tlatsetso ha ho hlokahala? Na diterekere le disebediswa tsa temo di fumana “service” le ho dula di hlokometswe ka mehla?
Ho ya ka puisano ya rona, tsamaiso ya temo e ka hlaloswa e le ho rala, ho hlophisa, ho kenya tshebetsong le ho laola basebeletsi, masimo a hao hammoho le maruo ohle a tsitsitseng (a sa tsamayeng) le ona a sa tsitsang, a kenyelleditseng tse kenngwang mobung. Tsena tsohle re di etsa ka ho hlokomela tse kenngwang mobung ka ho nka boetapele ba rona, ho nka diqeto, ho buisana, ho arolela ba bang boikarabelo ba mosebetsi, ho hokahana, ho kenya tjheseho le mafolofolo, le boitiso, sepheo e le ho hlahisa dihlahiswa tse batlwang ke bareki, mme sena se etswa ka phaello.
Ka setshwantsho ditaba di eme tjena:
Ho etella pele
Ho etsa diqeto
Ho buisana
Ho fa ba bang mosebetsi
TSAMAISO =				Mehlodi		 = PRODUCT
Ho hokahanya							 
Ho kenya tjheseho
Boloka boitiso(Boitshwaro)
Dipotso qalong ya ditaba tsena di ka boela tsa behwa ka mokgwa o mong ka ho botsa; na o a rala, o a hlophisa, o kenya tshebetsong le ho laola hore o kgone ho hlokomela mehlape ya hao ka nepo? Na o a rala, o a hlophisa, o kenya tshebetsong le ho laola ka nepo mekgwa ya hao ya ho fudisa? Na tlhahiso ya dijothollo tsa hao na o a e rala, o a e hlophisa, o e kenya tshebetsong le ho e laola ka nepo, ho kenyelleditswe, mohlala, ntlha tse kang tlhophollo ya mobu? 
Mesebetsi e mene ya tsamaiso e ka boela ya tadingwa e le mabidi a koloi kapa a terekere. Lebidi ka leng le tshwanetse ho tlatswa moya ka nepo hore koloi/terekere e kgone ho ya pele hantle. Haeba le leng la mabidi le sa tlatswa moya hantle, kapa le putlame fatshe, koloi e tla nne e kgone ho tsamaya, empa e tla tsamaya ha boima, mme nengneng tshenyo e tla ba teng hoo qetellong koloi e tla ema ho hang. Ho jwalo le kgwebong. Ha o mong wa mesebetsi ya tsamaiso o sa tswele pele hantle, kgwebo ya hao e tla nne e etse phaello, empa ha mmila o ntse o puta, e ka ba dilemo tse hlano kapa tse leshome kapa ho feta, kgwebo ya hao e tla putlama qetellong. Hona ke phephetso nakong e tlang; ha tsamaiso ya hao e sa ntlafale selemo le selemo, qetellong kgwebo ya hao e tla ema kgekgenene hobane ha ho sa le phaello e etswang. Motho a ke ke a nna a etsa ntho e le nngwe selemo le selemo; o tlamehile ho tswela pele ka ho eketsa phaello ya hae le/kapa ho laola ditshenyehelo tsa hae. 
Tjhelete e kenang e ka eketswa, mohlala, ka ditheko tse phahameng le/kapa tlhahiso e phahameng yunite ka nngwe (poone – ditone/hekthara) le/kapa meralo e ntlafaditsweng ya tlhahiso (temo ka nepo) le/kapa tlhahiso e eketsehileng le/kapa ho fetoha ha mosebetsi le/kapa ho arola dintho.
Ditshenyehelo di ka fokotswa, mohlala, ka ho tsitlallela ditheko tsa tlase tsa tse kenngwang mobung le/kapa ka meralo e ntlafaditsweng ya tlhahiso le/kapa ka ho fokotsa ditshenyehelo, ka ho fokotsa basebeletsi le/kapa ka ho laola ditshenyehelo ka ho kenya ditekanyetso le/kapa tlhahiso e phahameng.
Kgwebong ya temo monga yona/manejara o tlamehile ho tsamaisa tsena tse latelang:
Tsamaiso ya tlhahiso (tlhahiso ya tse ka angwang ka letsoho);
Tsamaiso ho tse rekwang (tse kenngwang mobung le maruo);
Tsamaiso ho tsa mmaraka (thekiso ya dihlahiswa);
Tsamaiso ditjheleteng (mona ho kenyelletswa makgetho, meralo ya meaho, dikotsi le ho phopholetsa);
Tsamaiso ya mosebetsi (ofisi le direkoto);
Tsamaiso mehloding ya batho (basebeletsi);
Tsamaiso dikamanong le setjhaba (dikamano le dipuisano);
Tsamaiso maruong (taolo, tlhokomelo le thekiso ya maruo) le tsamaiso ya thepa e teng (taolo ya tse kenngwang mobung); le	
Tsamaiso ka kakaretso (dintlha tse kang bophelo bo botle le boipaballo, taolo ya mollo le boipaballo polasing).
Le hoja dintlha di bolelwa di arohane, nnete ke hore di a amana, mme nakong eo o tshwarahaneng le mosebetsi wa tsamaiso (moralo kapa ho hlophisa kapa ho kenya tshebetsong kapa ho laola) ntlheng e itseng, o tla elellwa hore o boetse o tshwarahane le o mong kapa e meng e itseng. Mohlala, nakong eo o tshwarahaneng le Tsamaiso ya tlhahiso, o tla iphumana o bile o tshwarahane le Tsamaiso ditjheleteng le Tsamaiso ho tse rekwang le Tsamaiso mehloding ya batho. Ena ke phephetso mosebetsing wa temo. 
Le ha ho le jwalo, e boetse ke nnete hore motho o sitwa ho tsamaisa ha a sa tsebe letho la tse etsahalang ka hare le ka ntle. Ditaba di tshwanetse ho bokellwa ka hohle ka moo ho kgonahalang ka teng, mme e ka ba ka ho bala, ho mamela, ho hlokomela dintho le ho rekota. Bohle re tshwanetse ho tseba polelo e reng, ha o sa tsebe ho lekanya (measure), o sitwa ho tsamaisa. Ha o sa tsebe hore peresente ya ho tswalwa ha manamane a kgomo tsa hao ke 60% feela, o tla ba le tsamaiso efe ho ntlafatsa peresente ya hao ya manamane? Ka hoo, o simolla ka ho rekota, mme ebe moo o bokellang tsebo ya hore hobaneng ha peresente ya ho tswalwa ha manamane a hao e le tlase, le hore e ka ntlafatswa jwang hore bothata bo rarollwe. Nnete ena e sa ntse e sebetsa le kunong ya dijothollo tsa hao, tlhahisong ya lebese, ya boya, sekgahla sa ditsuonyana tse hlahiswang, eng kapa eng.
Qetellong, rona jwalo ka bomanejara ba temo re tshwanetse ho hopola hore ke karolo ya boikarabelo ba rona ho hopola paballeho ya tikoloho nakong eo re tsamaisang dikgwebo tsa rona. Mona re tshwanetse ho sebedisa mekgwa e metle ya temo. 
