



Maintenace (OPOT) 							SESOTHO



Tlhokomelo ya plantere



Instructions:

Folio Strap:

Byline: Ditaba tse mona di nkilwe thutong ya Konteraka Temong



Tlhokomelo ka tokiso le oli plantereng ya row-crop e ka bolela phapang pakeng tsa sejothollo se ka bang le phaello le se ka bang le tahlehelo e phahameng. Kgetho, ho behwa, ho kupetswa le ho tiya ha peo ke ditshebetso tse hlokolosi haholo tlhahisong ya dijothollo. Ha eba plantere e sa sebetse hantle ka baka la tlhokomelo e fokolang, eba he sephetho se tla ba teng ke se tla fapana le kuno e lebelletsweng.



Plantere e lemang pakeng tsa dimela (row-crop) ke sesebediswa se sebetsang ka nepahalo e kgolo, mme jwalo ka motjhine ofe le ofe o jwalo e hloka tlhokomelo e kgolo haholo. A ke re shebe hore na tsena di kenyeleditse eng.



Tlhokomelo tshimolohong ya sehla sa ho jala 

Hlwekisa plantere ka hohlehohle.

Hlokomela hore ha ho tshitiso ya letho dikarolwaneng tsa plantere tse ka sitisang tshebetso e phethahetseng ya plantere.

Hlahloba motjhine hantle mabapi le dikarolo (parts) tse seng di fedile/hohlehile; di lokise kapa kenya tse ntjha.

Hlahloba blower kapa sefehlamoya (fan) diplantereng tsa moya; hlahloba direkere tse thibang oli (seals), haholoholo disking kapa karolong ya drum.

Hlahloba dikarolo tse ka tlase tsa hopper (moo peo e tswang le teng) ya mofuta wa poleiti.

Ntjhafatsa dikarolo tse bonahalang di fedile, jwalo ka cut-off pawl, knock-out pawl, springs, le poleiti e ka tlase ya hopper. Hammoho le karolo e nngwe le e nngwe e bontshang ho kgathala.

Hlahloba diboutu kaofela hore na di sa tiile hantle; hape hlahloba moo dipeipi tsa rabara di kopanang teng hore na ho tiile na, hammoho le di-gaskete karolong e jereng manyolo a metsi.

Ha eba e le manyolo a ommeng, sheba hore na dikarolo tsa sebolayalehola le sebolayakokwanyana di ile tsa fumantshwa oli na nakong eo plantere e neng e ilo bolokwa setorong. Hlakola tsohle, di ome.



Poloko setorong nakong ya sehla sa ho jala

Nakong ya sehla sa ho jala, boloka plantere ka setorong kapa e kupetse ka ho hong ho thibela keketseho ya mongobo, haholo ho di-hoppers.



Ho tlotswa ka oli

Tlotsa plantere ka oli ho ya ka dinako tse kgothaleditsweng bukaneng ya mosebedisi.

Sebedisa mofuta o nepahetseng wa oli.

Ho thibela ditshila ho kena ka hara di-bearing, itlwaetse ho hlakola ditshepe tsa hao pele o sebedisa oli.



Pele ho setoro qetellong ya sehla sa ho jala  

Qhala mabokose a manyolo, sebolayalehola le sebolayakokwanyana hammoho le dikarolwana tse ka tlase tsa hopper ya peo ho thibela mafome le ho senyeha.

Hlahloba dikarolwana tse hohlehileng le tse robehileng pele ho nako ya sehla se hlahlamang sa ho jala.

Tlotsa ka oli bokantle ba dibuladiforo (furrow openers) diphuthelo tsa dithipa kapa di-disc, hammoho le dikarolo dife kapa dife tse ‘phatsimang’ ho thibela mafome.

Tlotsa di-bearing kaofela ka oli.

Beha (notlela) di-markers, mme o di behe boemong ba transport position, mme o boloke plantere ka hara moaho. Kgina mabidi a plantere hore a se ame karolo e fatshe ya mobu kapa foluru.



TLHOKOMEDISO: O se ke wa boloka plantere setorong kgatello ya oli (hydraulic pressure) e le silindareng e hole (remote cylinder). Ho lokolla kgatello ya oli, tima enjine ya terekere, mme o ise levers tsa hydraulic pele le morao makgetlo a mangata. Ebe o lokolla dipeipi tsa hydraulic le ho tlosa silindare ha eba o rata jwalo.



DIKELETSO TSA BOIPABALLO 

Dibukana tsa tataiso tsa tshebetso ya plantere le terekere di kenyeletsa dikeletso tse ikgethileng tsa boipaballo. Mona re tla hlwaya feela dintlha tse seng kae tse akaretsang. Tse latelang ke dikeletso tse tlwaelehileng mabapi le ho sebedisa plantere ya row-crop ho thibela kotsi e ka nnang ya eba teng ya ho lemala kapa ho shwa:

Itlwaetse ka mehla ho theosetsa plantere fatshe nakong eo e sa sebetseng ka yona. Neng kapa neng ha ho kgonahala, phetha mosebetsi wa ‘service’ le ho fetola se tlanngweng (adjustment) plantere e ntse e eme fatshe.

Etsa bonnete ba ho sebedisa jack kapa maboloko nakong eo o sebetsang ka tlasa plantere ho thibela ho wa ha plantere.

Dumella motho a le mong feela, mosebedisi, hodima terekere nakong eo terekere le plantere di sebetsang ka yona. 

Ho hlwekisa, ho tlotsa ka oli kapa ho tlama/tlamolla motjhine o ntseng o le tshebetsong ho ka o bakela kotsi e mpe haholo. Ho tsamaya kapa ho ema le ha e le sebakeng se mopetetsane nakong eo plantere e ntseng e sebetsa ho ka nna ha etsa hore motho a wele fatshe.

Tshwara dikhemikhale tsa temo o apere diaparo tse nepahetseng tsa ho itshireletsa. Kgetho e fosahetseng kapa e sa nepahalang kapa tshebediso e fosahetseng e ka baka ho lemala ha batho, diphoofolo, dimela, mebu kapa thepa e nngwe. Latela ditaelo tsa moetsi wa dikhemikhale.   









