Maintenance (Maize)								SESOTHO



Tlhokomelo ya sefafatsi



Instructions:

Folio Strap: Tlhokomelo

Byline: E nkilwe Thutong ya Grain SA ya Ntshetsopele ho tsa Bokgoni ba Theknoloji ka Jane McPherson

Photos:



Tlhokomelo e nepahetseng le mekgwa ya ho boloka setorong ha di hlophisetse feela ditokisetso tse eteletseng pele sehla, empa di boetse di ntlafatsa tshebetso ya sefafatsi ha di bile di eketsa dilemo bophelong bo itseng tjha.



Ho pepeseha ha nako e telele dibolayakokwanyaneng tse ngata tse fetang setshelong sa sefafatsi ho baka mafome le ho senya dikarolo tsa sefafatsi, ferefe le dikgokahanyo tsa motlakase. Masalla dihlahisweng tsena a ka nna a ba kotsi ho mang kapa mang ya sebetsanang kapa ya leng haufi le motjhine. Hape, masalla a dibolayakokwanyana a tshwasehileng ka hara dikarolo tsa sefafatsi a ka nna a senya dijothollo haeba a ka fetela sehleng se hlahlamang sa ho fafatsa.



Boipaballo ba hao ka seqo le ba ba lelapa la hao, basebeletsi ba hao le dijothollo tsa hao, ke mohlodi wa bohlokwa wa ho hlwekisa ka hohlehohle le ho tlosa tjhefo sefafatsing sa hao nakong ya sehla. Hopola hore boholo ba dikhemikhale tse sebediswang temong bo kotsi dimeleng le/kapa diphoofolong, mme ka hoo, ho tshwanetse ho etswa ka tlhoko ho utlwisisa dikotsi tse amehang le ho laola maemo hantle ka moo ho kgonahalang ka teng.



Ho hlwekisa sesebediswa sa sefafatsi 

Tlhokomelo le poloko e phethahetseng e fupere mehato e mehlano.



Mohato wa 1: Bala 

Pele o qala ka ho hlwekisa sefafatsi sa hao, etsa bonnete hore o shebisisa hape leibole ya sebolayakokwanyana seo o se sebedisitseng. Leibole e tla:

O bolella ka moo o ka lahlang ka nepo masalla a sehlahiswa;

O fa ditaelo dife kapa dife tse ikgethileng tse ka hlokahalang;

Kgothaletsa dihlahiswa tse bolayang tjhefo; le

Hlakisa Sesebediswa sa hao sa Boitshireletso (Personal Protective Equipment) seo o se hlokang ho hlwekisa sefafatsi sa hao ka mokgwa o seng kotsi.



Mohato wa 2: Pudutsa 

Sepheo sa ho pudutsa ke ho tlosa dibaka tse pakellaneng kapa tse kgolo tsa sesebediswa tse ka nnang tsa eba teng ka hara kapa hodima sefafatsi. Ho hlwekisa sesebediswa sa sefafatsi ho kenyeletsa ho potolohisa metsi ka hara sesebediswa, ebe se behwa sebakeng se boletsweng lethathamong la sebolayakokwanyana seo o se sebedisitseng (ka mantswe a mang, ke ho fafatsa metsi/motswako o kopantsweng le metsi, o bitswang jwale ‘rinsate’ kapa ‘sepudutsi), le ho beha hona sebakeng se tshireletsehileng).



E le ho nnetefatsa hore o fela o hlwekisa tanka hammoho le dipeipi le melongwana ya sefafatsi, tlatsa halofo ya tanka ka metsi, ebe o nka terekere, o e kganna sebakanyana tseleng ya moo mapolasing – ho qhomaqhoma tseleng ho tla tsukutla metsi le no etsa bonnete hore metsi a thulana ka hara dikarolo tsohle tsa tanka. Ho pudutsa ka makgetlo ho sebediswa volumo e nyane (ho fihla ho 10% ya boholo ba tanka) ho molemo ho feta ho tshela tanka hanngwe feela ka metsi a hlwekileng. Kgothaletso ke hore ho phetaphetwe tshebetso ena ya ho pudutsa bonyane makgetlo a mararo.



Kgetha sebaka moo sepudutsi se ke keng sa silafatsa phepelo ya metsi, matsha, dijothollo kapa dimela tse ding, le moo ho ke keng ha eba metsi a bokellanang teng, mme a baka kotsi bathong, diphoofolong le tikolohong. O ka nna wa se fafatsa dintshing tsa masimo kapa tseleng ya mapolasing.



Etsa bonnete hore o ntsha metsi a tanka ya sefafatsi ka mokgwa o kgemang mmoho le leibole ya sebolayakokwanyana. Se ke wa bula di-valve feela tjena, mme wa a dumella ho tsholohela fatshe. Eketsa ka melongwana e meholwanyane ya volumo e kgolwanyane mabapi le ho ntsha sepudutsi se potlakang le se molaong. Bokantle ba sefafatsi bo tshwanetse ho hlatsuwa. Hape, ha o pudutsa sefafatsi, se ke wa etsa hore ho be teng matshanyana a emeng a metsi a ka nnang a fihlellwa ke bana, diphoofotswana, mehlape kapa mello e hlaha.



Mohato wa 3: ho ntsha sephalli 

Ho lahla le ho ntsha sepudutsi sa sebolayakokwanyana ho ya ka ditaelo tsa leibole, sebedisa sepudutsi sebakeng seo ho sona disebediswa di ilo sebediswa ho sona (hape, dintshing tsa masimo moo khemikhale e ileng ya fafatswa teng ke sebaka se loketseng). Pheta tshebetso ena ya ho ntsha hoba o tlose kgahlamelo/tjhefo le ho pudutsa sefafatsi hape. Etsa bonnete hore o boetse o ntsha metsi afe kapa afe a hlwekileng, pudutsa ditanka pele o ilo di beha setorong ho qoba tshenyo e ka bakwang ke metsi a ka iketsang leqhwa ka hare.



Mohato wa 4: Hlahloba

Ka mora ho pudutsa ha ho qetela o ka hlahloba sefafatsi sa hao le ho etsa ditokiso tse hlokahalang le diphetoho. Le hoja sefafatsi se hlwekisitswe, ka mehla o no sebedisa sesebediswa se tshireletsang. Masalla a mang a ka nna a ba teng ka hara kapa hodima sefafatsi.



Tseo o lokelang ho di sheba nakong ya le ka mora ho hlwekisa:

Melongwana e sa nyalaneng le e senyehileng;

Ditshireletsi tse senyehileng tsa melongwana;

Ditshireletsi tse senyehileng tsa sefe;

Ho petsoha, ho dutla le tshebetso yohle ka hara pompo;

Boemo ba peipi, haholoholo ho petsoha kapa ho kgephoha;

Boemo ba valve, ho hlwaya ho dutla ho ka bang teng moo dirabara tse kwalang (seals) di kgwehlileng, le

Popeho ya sefafatsi se sephara (boom), ho hlwaya ho petsoha ho tlamehileng ho lokiswa.



Mohato wa 5: Poloko setorong

Ka ha sefafatsi se hlwekisitswe jwale, o ka nna wa batla ho tlosa dikarolo tsa sona tse senyehileng nakong ya ho bolokwa setorong.

Tlosa disefe, mme o di hlatswa ka letsoho ka metsi a sesepa (hopola ho rwala dihansekune tse thibelang dikhemikhale), di pudutse, o di behe kapa o di kgutlisetse sefafatsing.

Hlahloba melongwana hantle, mebele ya melongwana le tsona di-valve. Masalla a dikhemikhale a ka nna a ba teng dikarolong tsena, mme a thatafala nakong ya mariha, mme a fokodisa haholo tshebetso ya sefafatsi sehleng se hlahlamang.

Tlosa dikarolwana tse dintlheng tsa melongwana, ditshireletsi (screens), hlahloba di-valve, dikwahelwana le mebele ya melongwana moo e kopantsweng teng. Kenya dikarolo tsena ka nepo. 

Hlwekisa le ho pudutsa dintlha tse qetellong ya melongwana, mebele ya melongwana le ho hlahloba di-valve. Boloka setshelong se tshwailweng. Boloka, mme o hlahlobe di-valve themphereitjhareng ya kamore nakong ya mariha ho qoba tshenyo e ka bakwang ke dithemphereitjhara tsa leqhwa.

Tlosa di-gauge tsohle tsa kgatello (pressure) le masoba kaofela a dikwahelwana sefafatsing. Beha di-gauge moo di ke keng tsa tshwenngwa ke ho hwama kapa tshenyo ya letho.

Qetellong, tsamaisa antifreeze hohle ka hara sefafatsi le ka hara dikarolo tse ding tse kang di-booms, di-valve, manifold, dimithara tsa ho phalla ha metsi le dipeipi tse kgutlisang metsi. Dumella antifreeze ho tsamaya ka hara dipeipi tsa di-manifold. Sena se tla tlotsa bokahare ho thibela ho omella le ho peperana. Ho rwesa melongwana dikwahelana ho tla thusa ho tshwara antifreeze ka hara sefafatsi, empa o tla tshwanela ho bula molongwana o le mong kapa e mmedi ho dumella antifreeze ho matha ka hara boom (e ntshang metsi). Kwala melongwana eo ha antifreeze e se e kenelletse hohle ka hara sefafatsi.

Sepheo ka ho boloka setorong ke hore antifreeze e sutuletse kantle masalla a metsi a ka nnang a ba ka hara sefafatsi le ho tlotsa dikarolo tsohle tsa sona. Dumella antifreeze ho dula ka hara pompo le di-valve ho thibela mafome le tshenyo e ka bakwang ke moya o leswe o tshwasitsweng ka hara sefafatsi. Ka ha basebedisi ba bang ba tlosa pompo pele ba ilo boloka setorong, ho kenngwa ha di-valve tsa ‘shut-off’ ka mahlakoreng a pompo ho ka potlakisa tshebetso ena.

Mabapi le makoloi a boithapollo (RV) antifreeze e sebedisetswa hangata ho boloka difafatsi tsa temo. Kgahlanong le antifreeze ya makoloi a dimotorokara, e batla e se tjhefo diphoofolong. Ha bongata ba dihlahiswa tsa antifreeze ya RV bo hwama tlasa maemo a phahameng haholo a serame, ena ha e hwame. Ho sa tsotellehe, ka mehla bala leibole ya antifreeze ho etsa bonnete hore e tla sebetsa tlasa maemo a hao a mariha.

Jwale ha sefafatsi se se se hlwekisitswe mabapi le tjhefo le mathata a amanang le mariha, se loketse ho bolokwa. Ho totobetse jwale hore ho bolokwa ka hara moaho, hole le bohlaswa bo ka bang teng, ke hona ho loketseng. Empa setsha sefe kapa sefe se ka moahong, seo o ka ikgethelang sona, se tshwanetse ho ba hole le diphalli (liquids) le manyolo a ommeng. Lerole le masalla a dihlahiswa tsena ke tse ka senyang ferefe le ditshepe tseo sefafatsi se entsweng ka tsona.

Haeba o sa batle ho sebedisa mokgwa wa antifreeze mabapi le ho boloka, ke tlwaelo e ntle ho tlosa pompo ya sefafatsi le ho e boloka ka thoko ho fihlela sehleng se tlang. Hangata, metsi a salla ka hara pompo, mme nakong ya dikgwedi tsa mariha, metsi a ka hara pompo a a hwama, ebe moo a peperanyang pompo – a etsa hore e se be le molemo wa letho.

