Maintenance									Sesotho



Ho etsahetse eng ka tlhokomelo?



Instructions:

Folio Strap: Tlhokomelo

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele la Grain SA



Ditshwantsho tsena tsa kgoho e fuameng ka hara meqomo ya plantere le mahe lebokoseng la dithuluse tsa terekere di qholoditse kelellong tsa rona potso mabapi le tlhokomelo ya metjhine. Ho theoha hona ha maemo ha se ntho e etsahetseng ka letsatsi le le leng – ke ditholwana tsa dikgwedi le dilemo tsa ho se tsotelle.



Tshebediso ya metjhine ke bohare ba temo ya kgwebo – ntle le yona re sitwa ho etsa letho le itseng tjha ka letsatsi. Tlhokomelo ya metjhine e tshwanetse ho ba tlwaelo ya rona – ho hlokomela ntho e nyenyane ka mehla ho thibela mathata.



Ho robeha ho ba teng ha terekere kapa sesebediswa se ntse se sebetsa – ena ke nako eo sesebediswa se hlokwang haholo. Ha eba o hlokometse ho nka mehato pele dintho di senyeha, o tla baballa tjhelete e ngata le yona nako e ngata. Ho bonahala nakong ya sehla moo molemi a lomahantseng meno, a tshwereng ka thata, hore na o tswela pele kapa o kgutlela morao na.



Lena ke lengolo la Tshitwe la Pula-Imvula, kgwedi e nngwe ya tse ngata tseo ka tsona balemi ba bangata ba sebetsang ka thata haholo masimong a bona – ba jalang poone ya bona ya ho qetela, ba phetholang masimo a bona ho laola mahola, ba fafatsang ho thibela dikokwanyana tse phunyang dikutu dimeleng, le ho kotula koro ya bona.



Dikgopotso tse ka bang molemo ho wena 



Tlhokomelo ya terekere letsatsi le letsatsi e bohlokwa ho feta ka moo basebetsi ba bang ba nahanang ka teng. Mohlala, ha o hloleha ho hlahloba le ho lokisa terekere ya hao ka mehla, tse latelang di tla etsahala:

Sehlwekisamoya (air cleaner) se ka thijwa ke ditshila, mme sa baka tshebediso e ngata ya mafura le tahlehelo ya matla.

Sehlwekisamoya se ka ba le masoba a etsang hore ditshila di kene ka enjeneng, mme sa baka ho senyeha ha dikarolwana tsa yona pele ho nako.

Boemo ba oli ka enjeneng bo ka ba tlase haholo, mme sena sa qetella se bakile tshenyo e kgolo enjeneng ka baka la kgaello ya mafura a fokotsang kgohlano ka enjeneng.

Oli ka hara enjene e ka ba ditshila, mme ya baka ho senyeha ho hoholo dikarolong tse ka hare tsa enjene.

Karolo e phodisang e ka lahlehelwa ke metsi a phodisang, mme sena sa baka motjheso o phahameng haholo, e leng se ka senyang dibearing, dipistone le divalve.

Sekgakeletsi sa oli se ka thibana ka baka la ditshila kapa mafoome, mme sa baka tshebetso e fokolang ya enjene, kapa ho ema ha enjene.

Dikarolo tse lokolohileng kapa tse sa tlangwang hantle di ka hloleha, tsa wa kapa tsa lemala, mme tsa etsa hore terekere e be kotsi ho ka sebediswa.



Thibela kgohlano le tshenyeho ena e phahameng ka ho sebedisa metsotso e seng mekae feela ka letsatsi. Pele o dumisa terekere, hlokomela tse latelang terekereng ya hao:

Hlahloba le ho lokisa sehlwekisamoya.

Hlahloba boemo ba oli enjeneng.

Hlahloba boemo ba sephalli se phodisang enjene.

Tlotsa ka kerise (grease) dikarolo tse tlamahantsweng.

Hlahloba setshelo sa sefang mafura (fuel).



Hona ho ka tadimeha jwalo ka ha eka ke mosebetsi o mongata, empa ha o latela mokgwa ona ka mehla, terekere ya hao e tla dula e o sebeletsa, mme o tla kgona ho kotula dijothollo tsa hao qetellong ya sehla.



Qetellong ya sehla sa hlabula, disebediswa tse ngata di a behwa ho fihlela sehleng se hlahlamang. Pele o beha disebediswa tsa hao, ela hloko tse latelang:

Tlosa ditshila kaofela, mobu o pakellaneng le kerise e ditshila motjhineng.

Ferefa hape dibato tse bakilweng ke ho tloha ha ferefe kapa ho ngwapuwa.

Dikarolo tse amanang le mobu di tlotswe ka ferefe kapa kerise e boima ho thibela mafoome.

Tlotsa ka oli kapa kerise motjhine ohle jwalo ka ha bukana ya mosebedisi e kgothaletsa.

Beha disebediswa ka tlung (ha ho kgonahala) ho thibela ho pepesehela maemo a lehodimo.

Phahamisa disebediswa le ho di beha hodima bloko hore boima bo tlohe hodima dithaere. Tshireletsa dithaere letsatsing ha eba di bolokwa ka ntle (mokotla o tlwaelehileng o ka thusa haholo).

Ha eba sesebediswa se ena le dihydraulike, Kenya lock ya boipaballo, mme o lokolle kgatello (pressure) disilindareng tsa hydraulike kapa o theolele motjhine fatshe mobung. Kgutlisa ka hohlehohle disilindara hore o tshireletse dirods tsa tsona hore di se dule di pepesehile ka ntle, mme tsa qetella di ena le mafoome.



Ka nako ena, diplantere di tla be di batla di qetile mosebetsi wa tsona wa ho kenya peo le manyolo mobung – jwalo ke nakonyana ya hore le tsona di hlokomelwe:

Tsholla le ho hlwekisa mabokose a manyolo, dibolayakokwanyana le dibolayalehola, hammoho le bokatlase ba setshelo sa peo (seed hopper) ho thibela mafoome.

Hlahloba dikarolo tse hohlehileng le tse robehileng, mme o kenye tse ntjha bakeng sa tsona pele nako ya sehla se hlahlamang e fihla.

Ho thibela mafoome tlotsa ka oli kapa ka kerise ditshepe tse bulang diforo le tse tshireletsang dithipa kapa didiski hammoho le dikarolo dife kapa dife tse bentshitsweng.

Tlotsa dibearing kaofela ka kerise.

Hlokomela ho beha ditshupi (markers) ho ‘boemo ba ho tsamaya’, ebe o boloka plantere ka hara moaho.

Kgina plantere, mme mabidi a yona a se hata fatshe kapa folurung. 

