Machinery (Maize)								Sesotho
Tlhokomelo ya metjhine ka mora mosebetsi
Instructions:
Folio strap: Tlhokomelo
Byline: Ditaba tsena di nkilwe thutong ya Tlhokomelo ya Terekere le disebediswa tsa Temo
Nakong ya mosebetsi o mongata wa lehlabula, hangata ke semphete-ke-o-fete moo sepheo e leng ho phetha mosebetsi ohle nakong e sa ntseng e le teng. Haholoholo sehleng sena se sa tswa feta sa hlabula, dipula di diehile ho na, mme ka hoo, nakonyana e bileng teng e bile ya bohlokwa haholo. 
Hangata nakong ena ya kgatello, tlhokomelo le tlhwekiso ya diterekere le disebediswa tsa temo di behelwa morao lenaneng la tse lokelang ho etswa. Jwale ha nako ya sephethephethe e fetile, iphe nako ya ho hlokomela disebediswa tsa hao. 
Tlhokomelo ya tse sebediswang
Disebedisweng tsohle, etsa tse latelang:
Hlwekisa mobu, tse lahlwang le ho pakellana ha grease ho tse sebediswang, mme o ferefe hape mengwapo kapa dikarolwana tse hohlehileng. Hona ho thibela mafome a ka senyang, mme ho lelefatsa nako ya tshebediso ya disebediswa.
Tlotsa dikarolo kaofela tsa motjhine le tsa sesebediswa ka grease kapa ole jwalo ka ha ho kgothaletswa bukaneng ya tataiso.
Mabapi le ho boloka ka mokgwa o baballehileng, haeba ho teng dikarolo tse ka menwang, theolela tsena fatshe. 
Tshireletsa dikarolo tse ka tlase tsa mohoma hammoho le tse thetsang mobu. Etsa jwalo ka grease e thata kapa ka ferefe/pente e thibelang mafome mohomeng.
Etsa lethathamo la dikarolwana kapa ditokiso tse lokelang ho etswa. Di reke, o di kenye pele sehla se hlahlamamng se fihla. 
Boloka sesebediswa ka hara moaho ha ho kgonahala, mme o hlokomele hore dithaere di se jare boima.
Ala khateboto ka tlase. Sepheo mona ke ho thibela ho thetsana le mobu le ho thibela mafome.
Tlosa disilindara tsa hydraulike kapa kgutsufatsa disilindara hore o tshireletse dirotse (rots) kgahlanong le mafome.
Tlhokomelo ya plantere 
“Service” e nepahetseng ya plantere ya mela e ka nna ya bolela phapang pakeng tsa sejothollo se nang le phaello le tahlehelo tse hodimo. Kgetho ya peo, ho behwa ha yona, ho tshireletswa ha yona, poloko ya boleng ba yona, ke dintlha tse hlokolosi ka ho fetisisa tlhahisong ya dijothollo. Haeba plantere e sa sebetse hantle ka baka la tlhokomelo e fokolang, se ka lebellwang e ka ba kuno tse tlase ho tse neng di lebelletswe. Tse latelang di tshwanetse ho etswa:
Ntsha manyolo, dibolayalehola le dibolayakokwanyana, mme o hlwekise dikhateboto, hammoho le bokatlase ba hopara (hopper) tsa peo ka sepheo sa ho thibela mafome le ho senyeha. 
Hlahloba dikarolwana tse kgathetseng le tse robehileng, mme o kenye tse ntjha pele sehla se hlahlamamng sa ho jala se fihla.
Tlotsa ka grease kapa ole dikarolo tse bulang diforo, dikarolo tse tshireletsang thipa kapa tetse hammoho le karolwana efe kapa efe “e bentshitsweng”. Sepheo mona ke ho thibela mafome.
Tlotsa di-bearing kaofela ka grease. 
Notlela di-markers, o di behe boemong ba “transport position”, mme o boloke plantere ka hara moaho. Kgina plantere mabidi a sa thetsa fatshe.
