Machinery (Maize)								Sesotho
Tlhokomelo ya metjhine ya hao ha sephethephethe se fetile
Instructions:
Folio strap: Tlhokomelo
Byline: Ditaba tsena di nkilwe thutong ya Tlhokomelo ya Terekere le Disebediswa tsa Polasing
Nakong ya sehla sa lehlabula sa mosebetsi o mongata, ka mehla ke sephethephethe sa ho phetha mosebetsi nakong e nyane e leng teng. Haholoholo sehleng se sa tswa feta sa hlabula, dipula di diehile ho na, mme ka hoo nako e lekane motinyane, mme e bohlokwa haholo.
Hangata nakong ena e boima, tlhokomelo le tlhwekiso ya diterekere le disebediswa e ba ya ho qetela lenaneng la dintho tsa bohlokwa. Jwale ha sephethephethe sena se fetile, iphe nako ya ho kga moya le ho hlokomela disebediswa tsa hao. 
Tlhokomelo disebedisweng tsohle
Tlosa mobu, ditshila le ho pakellana ha grease disebedisweng, mme o boele o ferefe dikarolwana tse ngwapehileng kapa tse seng di fetse. Sena se thibela mafome a ka senyang disebediswa, mme se lelefatsa nako ya disebediswa.
Tlosa oli kapa grese dikarolong tsohle tsa motjhine/sesebediswa jwalo ka ha ho kgothaleditswe bukeng ya tataiso ya mosebedisi.
Mabapi le poloko e baballehileng setorong, haeba ho na le dikarolo tse menwang, theolela tsena tsohle fatshe. 
Tshireletsa bokatlase hammoho le tetse tsa mohoma kgahlanong le mafome ka grease e thata kapa bokatlase ba mohoma ka pente e thibelang mafome.
Etsa lethathamo la dikarolo kapa ditokiso dife kapa dife tse hlokahalang. Di reke, o di kenye pele ho sehla se hlahlamang.
Boloka sesebediswa ka hara moaho, haeba ho kgonahala, mme o etse hore dithaere di se ke tsa jara boima.
Beha dikhateboto ka tlasa bokatlase ho thibela ho thetsana le mobu le ho ba le mafome.
Tlosa disilindara tsa hydraulike kapa kgutsufatsa disilindara ho tshireletsa diroto tsa disilindara kgahlanong le mafome.
Tlhokomelo ya plantere
Service e nepahetseng ya plantere ya dijothollo tsa mela e bolela phapang pakeng tsa dijothollo tse nang le phaello le tahlehelo e kgolo. Kgetho, ho behwa ha peo, ho kupetswa ha yona, ho tsitsa ha yona, ke tshebetso tse hlokolosi ka ho fetisisa tlhahisong ya dijothollo. Haeba plantere e sa sebetse hantle ka baka la service, sephetho se tla lebellwa e ke ke ya eba se setle.
Tsholla le ho hlwekisa mabokose a manyolo, dibolayalehola, dibolayakokwanyana, hammoho le bokatlase ba motjhine o jalang peo (hopper) ho thibela mafome le ho senyeha. 
Hlahloba dikarolwana tse fetseng kapa tse robehileng, mme o kenye tse ding pele ho sehla se hlahlamang sa ho jala.
Tlotsa ka oli kapa grease ditshepe tse bulang diforo, thipa kapa dikgurumelo tsa ditetse, hammoho le dibaka dife kapa dife tse hohlehileng, ho thibela mafome.
Tlotsa di-bearing kaofela ka grease. 
Loka di-makera (markers) hore di be boemong ba “transport”, mme o boloke plantere ka hara moaho. Kgina plantere, mme o etse bonnete hore mabidi ha a thetsa fatshe.
