Livestock (Maize)								Sesotho
Eketsa phaello ya hao ka mehlape
Instructions:
Folio strap: Keketso ya boleng
Byline: Ditaba tsena di ngotswe ke Jane McPherson le Willie Kotzé 
Photo:	Cow pictures
Caption 1: Setshwantsho sena se bontsha dikarolo tsa tshilo kgomong.
Caption 2: Mala a pele hammoho le dikahare tsa ona.
Caption 3: Setshwantsho se haufi sa lebota la mala a pele.
Caption 4: Lebota la mala a bobedi.
Caption 5: Setshwantsho sa ho menahana ha dinama leboteng la mala a boraro. 
Jwalo ka ha re hlokometse, temo ke kgwebo, mme hore motho a atlehe, kgwebo e tshwanetse ho etsa phaello. Dilemong tse sa tswa feta, ho ile ha nna ha eketseha bothata ba ho etsa phaello tlhahisong ya poone.
Ditjeo tsa tse kenngwang mobung di dula di eketseha, mme theko ya dijothollo e sitwa ho kgema mmoho le tsona. Balemi kajeno ba leka ka hohle ho eketsa phaello temong ya poone. Ho na le mekgwa e mengata ya ho fihlella sena, mme o mong wa yona ke ho kenyelletsa kgwebo ka mehlape. 
Balemi ba bangata ba na le mehlape, dikgomo, dinku le/kapa dipodi. Ba na le makgulo a ho fudisa, ao hangata a lekaneng sehla sa lehlabula, empa hangata ha ho dijo tse lekaneng nakong ya dikgwedi tsa mariha. Haeba o rata ho ba mohwebi wa mehlape, kapa o itadima o le yena, o tshwanetse ruri ho nahana ka taba ya ho ba mohlahisi wa dijo tsa mehlape; o ka kgona ho ba le mehlape ha feela o na le dijo tse ka jewang ke mehlape. 
Hore o kgone ho phahamisa sekgahla sa mehlape, ho a hlokahala hore o utlwisise ka moo tshilo ya diphoofolo e sebetsang ka teng. Ka bokgutshwanyane, ho teng mefuta e mmedi ya tshilo diphoofolong tse ruilweng, tsa mala a le mang, mohlala, kolobe, pere (hammoho le batho) hammoho le tse thuisang, tse kang dikgomo, dinku, dipodi (le tse ding tse jang jwang). Phoofolo e thuisang e na le mala (stomachs) a mane, mme lela ka leng le na le mosebetsi o ikgethileng wa lona. 
Dihoreng tse tlwaelehileng tsa kgomo, dihora tse robedi ke tsa ho fula (ditlheferetsi), hora tse robedi ke tsa ho robala, mme hora tse robedi ke tsa ho thuisa dijo. Hoba kgomo e je jwang, e nwa metsi, e bothe fatshe, mme e qalelle ka ho thuisa/ho sila. Bo bong ba jwang boo kgomo e bo jeleng ha e ntse e fula bo boholo haholo, mme ka hoo, kgomo e a bo hlatsa le ho bo hlafuna hape kgetlo la bobedi hore bo be bonyane le ho bo kopanya le mathe (hona ho hlokahala haholo tshilong). Ho silwa hona ho etsa hore diphedi tse nyane (micro organisms) di kgone ho ja (hlaloswa hamorao ditabeng tsena). 
Dikarolo tsa tshilo phoofolong e thuisang
Ho simolla puisano, a re ke re shebeng dikarolo tsa tshilo tsa phoofolo e thuisang.
Molomo
Molomo ke ona o simollang mosebetsi wa tshilo ka ha dijo di kena ka ona. Molomo o na le marenene, meno (a bang teng ka mora tlhaho), leleme le mekotlana ya mathe. Ho a kgonahala ho ka tseba dilemo tsa phoofolo e thuisang, ka ho sheba meno a yona, hobane meno a mang a ba teng dilemong tse itseng. 
Qoqotho
Qoqotho ke tjhupu e kopanyang molomo le mala a pele (rumen). 
Mala a pele
Mala a pele a sebetsa jwalo ka moqomo o moholo oo ho bodiswang ka hara ona. Ha ho na okesijene ka hara mala ana. Mala ana a pele a fupere dijo le ditlheferetsi (tse kang jwang) tse jelweng ke kgomo, mme a kgona ho nka dilithara tse 100 - 120. Letsatsi le letsatsi, kgomo e kgolo e tlamehile ho ja dikilogram tse ka bang leshome tsa dijo tse ommeng, hammoho le dilithara tse 50 tsa metsi. Dikahare tsa mala ana a pele di tshwanetse ho dula di sebetsa. 
Mala a pele le dikarolo tsa ona
Ho teng diphedi tse nyane (tiny little organisms) tse robang ditlheferetsi hore di be sebopehong se ka silwang ke kgomo. Ka ntle ho tsona hammoho le diphedi tsa protozoa, kgomo e ne e tla sitwa ho ja dijo dife kapa dife. Diphedi tsa mala a pele di sila ditlheferetsi, mme di etsa esiti tse bohale, tse mafura ho etsa diprotheine le divithamine.
Diphedi tse nyane tsa mala a pele di sebetsana le mefuta e ikgethileng ya ditlheferetsi; ho teng diphedi tse fapaneng tsa dijo tse fapaneng. Ke ka baka lena ho hlokahalang hore dijo tsa kgomo di dule di le jwalo, di sa fetohe, mme phetoho ha e etswa e etswe butlebutle. Ha mofuta wa dijo o fetoha, ho tshwanetse ho hlaha mofuta o mong wa diphedi o tla tshwanela ho sebetsana le mofuta oo wa dijo. Hona ho ka nka matsatsi a mararo. 
Mala a bobedi (reticulum) 
Hona ke karolo eo dijo di fetang ho yona, e pakeng tsa mala a pele (rumen) le mala a boraro (omasum), mme ke moo metsi a monngwang ho yona. Mala ana a bobedi a boetse a sebetsa jwalo ka sefe e thibelang dintho tse phoso tse kwentsweng ke kgomo, tse kang, lejwe kapa terata, jwalojwalo. 
Mala a boraro (omasum)
Mala ana ke a boraro, mme a entswe ka dinama tse ngata tse menahaneng. Mosebetsi o moholo mona ke ho monya metsi. 
Mala a bone (abomasum)
Mala ana a bone ke a ho qetela, moo dijo tse sitsweng, mme tsa boela tsa silwa hape, di sebetswang ke dienzaeme tsa tshilo hore dijo di be sebopehong se ka monngwang ke mala a manyane (small intestine). 
Mala a manyane (small intestine)
Maleng a manyane ke moo dijo di monngwang teng. Ke moo qetellong dijo di kenang mading a kgomo le ho fetisetswa dithong tse fapaneng tsa kgomo, moo di sebetswang teng ho ya pele. 
Qetelo
Ho ya ka ditaba tsena tse bonolo tse boletsweng hodimo mona, o lemoha bohlokwa ba ho fepa mehlape ya hao ka nepo. Lebaka la ho ba le mehlape, ekaba ho rekisa dihlahiswa tsa yona (lebese, boya), kapa ho rekisa tse tswetsweng ke mehlape (manamane, dikonyana), kapa ho ja nama. Ha diphoofolo di fepuwa le ho hlokomelwa hantle, di kgona ho o hlahisetsa melemo ena le ho kenya letsoho phaellong ya bohwebi ba hao. 
