Lepati											Sesotho



Lerato la bolemi ke notlolo sa katleho



Instructions:

Folio Strap: Ntlha tsa sehlooho

Byline: Elmarie Cronje, Pula-Imvula, hlopha sa bahlophisi



“Bosiung bona ke monna ya lebohang. Ke leboha Morena ka lerato la bolemi leo a mphileng lona.” Ana ke mantswe a Lepati Macaphasa, Mohlahisi wa selemo 2007 wa Dijothollo wa Grain SA/Absa; e leng se bontshang hore lerato la bolemi le a hlokahala hore motho a atlehe boleming.



Lepati o tswaletswe polasing e lebatoweng la Fouriesburg, mme ha esale a ena le lerato la bolemi ho tloha bonyenyaneng. Ka mora lemo tse tharo tsa sekolo, Lepati a simolla ka tshebetso ya hae ya lemo tse 54 polasing ya Fouriesburg moo kapelepele e bileng foromane.



Qetellong, a latella pelo ya hae, mme a reka masimonyana a hae. Le hoja a ne a sa ruteha, empa o ile a fetola polasi ya hae ho ba sebaka se atlehileng sa kgwebo nakong ya lemo tse 14. “Ke e mong wa batho ba hlomphuweng, ya ileng a fuwa lerato la ho hlahisetsa ba bang dijo. Lerato lena ho nna ke le fuwe ke Modimo ka sebele.”



“Tshimoloho ya mosebetsi wa ka wa temo e bile bonolo ka baka la boiphihlelo boo ke seng ke ena le bona,” o realo Lepati, ya nang le dihekthare tse 506 tsa masimo, mme a hirang tse ding hape tse 200 ho mohlahisi e mong wa lebtowa la Kestell. Kgwebo ya Leipati e mahlakore a mabedi; dijothollo le diphoofolo.



Jwalo ka setho sa sehlopha sa boithuto sa mohlahisi ya ntseng a thuthuha wa Grain SA, Leipati o sebetsa a ipapisitse haholo le Johan Kriel, mohokahanyi wa provense wa lenaneo la Mohlahisi ya Thuthuhang wa Grain SA Foreisetata. “Leipati ke monna ya nang le seriti. O hlomphuwa ke e mong le e mong ya kopanang le yena. O tadima motho e mong le e mong ka lerato, mme o rata ditloholo tsa hae haholo ruri,” ho realo Johan.



Leipati o na le dihekthare tse 320 tsa masimo a dijothollo, mme o latela mokgwa wa ho di fapanyetsana pakeng tsa poone, mabele le dinawa. Sampole tsa mobu di etswa lemo tse ding le tse ding tse pedi ho etsa bonnete bah ore ho nontshwa ha mobu ho ba teng ka tekanyetso e nepahetseng. Mahola a laolwa ka dikhemikhale le ka metjhine. Sehleng se fetileng Leipati o ile a lema ka katleho poone ya GM kgetlo la pele. “Ke tla tswela pele ho lema poone ya GM le nakong e tlang ka baka la mokgewa o bonolo ka kakaretso wa ho laola dikokwanyana,” ho realo Leipati.



Ka baka la taolo e ntle ya mahola ka metjhine, diterekere tsa leipati hammoho le disebediswa tse ding tsa polasi di maemong a matle. Ka 1974 ha Leipati a ne a simolla ka temo, mohlahisi e mong wa kgwebo o ile a mo fa Ford 5000. Terekere ena e ntse e le maemong a matle a tshebetso, a ho se tsholle le tsona diole. Ha kgwebo ya Leipati e ntse e hola, a eketsa ka Massey 188, Ford 66, Ford 7610 le New Holland 6640 tshebetsong ya hae. Ditereke tsena di lokiswa (serviced) ka tshwanelo, mme rekoto e nepahetseng e a bolokwa, e leng karolo ya bohlokwa ya tshebetso ena e ntle. 



Bara ba babedi ba Leipati, bao le bona ba keneng kgwebong, ba kganna diterekere tsena. Basebetsi ba nako tsohle ba babedi polasing, mme ha ho hlokahala, ho hirwa ba bang nakwana.



Ha ho kgwebo ya bolemi e hlokang mathata. Bothata ba Leipati ke ho fokola ha motlakase ho bakang mathata. O kentse kopo ho ba Eskom ho mo fepela ka motlakase, e leng se tla mo thusa ho lokisa diterekere tsa hae hantle le ho feta. 



Diphoofolo tsa Leipati ke dikgomo le dinku. Kgomo tsa hae haholoholo ke tsa motswako wa Bonsmara tse kgolohadi, tse ka bang 85 le dinku tse ka bang 100. Ho ya ka Leipati, diphoofolo di etsa ho ka bang kotara ya tjhelete e kenang – o rekisa manamane nakong ya ho qetela ya hwetla difantising tsa selehae. Manamane a ha eke a boleng bo hodimo, mme o se a bile a ile a hapa tlholo le ho fumana moputso ka manamane a matle a hae. Tlhodisano e ne e tshwaretswe difantising tsa selehae, mme Leipati o ne a bile a hlodisana le bahlahisi ba bahwebi. Dihekthare tse 386 tsa masimo a ha eke sebaka sa ho fudisa.



Phuthaditjhaba ke Sebeka seo Leipati a ikgethetseng sona ho sebeletsa ho sona, e leng moo a dulang teng le mofumahadi wa hae, Nooi, le bara ba hae ba babedi. Ka moputso wa tjhelete oo a o fumaneng jwalo ka Mohlahisi ya ntseng a hola wa Selemo wa Dijothollo wa Grain SA/Absa, o ile a bua tjena le Johan Kriel: “O a tseba keng, Johan, jwale nka reka le yona peo e ngata masimong a mang a ka.” Jwale ao ke mantrswe a nnete a mohlahisi wa mmakgonthe!



