Legislation (Maize)								SESOTHO



Molao wa metsi – na wena o kgema mmoho le ona?



Instructions:

Folio Strap:  

Byline: Ditaba tsena di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Tlhahiso ya Poone moo ho nosetswang

Ke taba ya bohlokwa, jwalo ka ya nosetsang kapa monga masimo, ho ikobela ka matla melao e kenngwang tshebetsong le ho hlokomela dintlha tsa sehlooho tse bolelwang moo. Lengolong lena, re tla ke re shebe melao e fapafapaneng. 



Molao wa Naha wa Metsi (Molao wa 36 wa 1998)

Dintlhakgolo tse latelang tsa Molao wa Naha wa Metsi re tshwanetse ho ipapiswa le tsona:



Metsi kaofela, kae kapa kae moo a ka bang teng saekeleng ya metsi, ke mohlodi wa setjhaba o tshwanetseng ho laolwa ke naha, mme mohlodi ona o tshwanetse ho ba le boemo bo lekanang pela molao. Hore wena kapa nna ke monga metsi, ha se ntho e lokelang ho ba teng, empa se lokelang ke feela tokelo ya ho a sebedisa. 

Ntshetsopele, kabelano le tlhokomelo ya mehlodi ya metsi di tshwanetse ho ela hloko ditabatabelo tsa setjhaba, ho dula a le teng, tekano le tshebediso e hlwahlwa. Tsena di tshwanetse ho etswa ka mokgwa o supang boleng ba metsi setjhabeng.

Phano e tlamehile ho etswa ho shebilwe ditlhoko tsa lelapa, tsa tikoloho le boitlamo ba matjhaba.

Molao wa Naha wa Metsi o dumella ho hlongwa ha dihlotshwana/mekgatlo ya taolo ya phano ya metsi. Baemedi ba Tsamaiso ya Phano (Catchment Management Agencies) le Mekgatlo ya Basebedisi ba Metsi (Water User’s Associations) – tsena di tla shebana le tsamaiso ya mehlodi ya metsi, mme di tla nka sebaka sa Makgotla a Nosetso, e leng a nako e fetileng. 



Keletso ke hore ha eba o rerile ho sebedisa sekema sa hao sa nosetso, moo o rekileng kapa o hirileng polasi, mme o ena le ditokelo tsa ho nosetsa, o tshwanela ho fumana pele Lefapheng la selehae kapa la provense la Ditaba tsa Metsi le Meru hore ditokelo tsa hao tsa tshebediso ya metsi ke dife mobung oo o tla beng o o nosetsa.



Ha eba o ntse o nahana taba ya ho hira mobu mabapi le ho o nosetsa, ke taba ya bohlokwa mapolasing a nang le mokoti o le mong o borilweng kapa e mengata, hammoho le mapolasing a nang le ditokelo tsa dinoka, ho fuputsa hore ditokelo ke dife tse ngodisitsweng le hore mothamo o lekantsweng wa tshebediso ya metsi ke o mokae polasing e jwalo.



Balemi ba itseng ba ekeditse ka mekoti ya tlatsetso e borilweng e nang le pivots tse ngata ho feta tse dumelletsweng ditokelong tsa tshebediso ya metsi. Lebatoweng la Bloemfontein Lefapha la Ditaba tsa Metsi le Meru le se le thibetse tshebediso ya pivots tsa tlatsetso ho a mang a mapolasi.



Tse ding tsa diketso tse bileng le sekgahla ho basebedisi ba metsi le ho ba nosetsang di hlaloswa ka bokgutshwanyane tlase mona.



Molao wa Paballo ya Tikoloho (Molao wa 73 wa 1989) 

Leano le akaretsang la tikoloho le fuperwe ke Artikele ya 2(1) ya Molao wa 1989. Hara tse ding le bua ka tokelo tikolohong e baballehileng, ya maemo a matle bophelong, boikarabelo tshireletsong, tlhokomelo le tswelopele tikolohong ya tlhaho, hammoho le kamano pakeng tsa mebuso e laolang, setjhaba le mekgatlo ya temo.



Mekgatlo le mesebetsi kaofela e nang le sekgahla tikolohong e tshwanetse ho kgothaletsa ho simolla le ho kenya tshebetsong mokgwa o tlwaelehileng wa tsamaiso tikolohong.



Mekgwa ena e tshwanetse ho laolwa ke maemo le tataiso e amohelehang, e le hore ka boyona e kgone ho ba le taolo mesebetsing efe kapa efe ya yona e ka bang le tshusumetso tikolohong. 



Leano mabapi le tshebediso ya mobu le hlalosa hore diteko tse ikgethileng di tshwanetse ho etswa ho baballa mehlodi ya metsi le ya dibaka tsa mahae. Leano mabapi le mehlodi ya tlhaho le boetse le kenya taolo ya hore mekgwa e tshwanetse ho sebediswa ho tiisa hore mehlodi ya metsi e sebediswa ka mekgwa e nang le boikarabelo e le hore kabo e hlwahlwa e ka fihlella mafapha a fapaneng.



Molao wa Paballo ya Mehlodi ya Temo (Molao wa 43 wa 1983) 

Molao ona o fana ka taolo tshebedisong ya mehlodi ya tlhaho ya Riphabolike, ho ntshetsa pele tshireletso ya mobu, mehlodi ya metsi, dijalo hammoho le taolo ya mahola le dimela tse itshohlometsang, hammoho le ditaba tse amanang le tseo. Taelo ya 6 ya Molao ka kakaretso e shebane le ho nosetswa ha dimela ka dikhemikhale, mme e ka akaretswa tjena:

Ho nosetsa ka dikhemikhale ho ka ba le sekgahla se matla haholo tikolohong ha eba diphoso di ka ba teng. Ka hoo, molawana o amehang o teng Afrika Borwa o amang tshebediso ya mokgwa ona. Le ha ho le jwalo, ha ho tumello tse ikgethileng, tse hlokahalang, kapa ditaelo tseo ho tshwanetseng ho ipapiswa le tsona.

Thibelo ya letswai le ho tlala ho feta tekano ha lona mobung o nosetswang.



Mosebedisi e mong le e mong wa mobu o tlameha ho tshireletsa mobu wa hae ka o mong wa mekgwa e latelang:

Dikanale tsa phepelo, diforo tsa tsamaiso ya metsi, pokello le polokelo ya matamo, di tshwanetse hore di se kenellwe ke metsi a tswang ka thoko.

Thibela ho nosetsa ho feta tekano kapa ho nosetsa ka metsi a nang le letswai le lengata haholo.

Ho hlongwa le ho hlokomelwa ha mekgwa e loketseng ya ho monyela ha metsi ho ntsha metsi a mangata ho feta tekano, a leng ka hodima mobu le a leng ka tlasa mobu hammoho le ho tsamaya ha ona, ke tse ka thibelang ho kgangwa ke metsi le letswai dikarolong tse fapaneng tse ka tlasa mobu.

Manyolo le pokello ya ona, e leng tse bakang letswai, ha di a tshwanela ho sebediswa.

Tshebediso ya sentlafatsi se lokelang sa mobu se ka sebediswa mobung o letswai.



Molao wa Bophelo bo Botle (Molao wa 63 wa 1977) 

Molao ona o fana ka menyetla mabapi le mehato e ka nkwang ntshetsopeleng ya bophelo bo botle ba baahi ba Riphabolike.

Artikele ya 14 (1)(c) ya Molao e bolela hore mosebetsi wa Lefapha la Bophelo bo Botle o kenyeletsa ho nka mehato e hlokahalang ntshetsopeleng ya tikoloho e baballehileng le ya bophelo bo botle.

Dintlha tse amehang di kenyeletsa maemo a kotsi bophelong bo botle, metsi a silafaditsweng, dikgwerekgwere tse thata le merwalo e meng ya tikoloho.

