Leaves										Sesotho

Hobaneng ha mahlaku a poone a se matala?



Instructions:

Folio Strap: Dikgaello

Byline: Thuto ya maemo a hodimo ya poone le tlhahiso



Ka nako ena ya selemo dimela tsa poone dibakeng tse ngata di tswetse pele hantle, mme ho a kgonahala ho bona dikgaello tsa menontsha.



Ona ke monyetla o monate wa ho tsamaya masimong a hao le ho bona mathata ao o ka nnang wa ba le ona le a ka nnang a rarollwa jwale (mohlala, kgaello ya Nitrojene e ka nnang ya lokiswa ka ho kwahela mobu ka LAN), le tse ding tse ka nnang tsa rarollwa sehleng se hlahlamang.



Nitrojene 

Nitrojene e lekaneng mobung e kgema mmoho le kgolo e hlwahlwa ya dimela le mmala o botala bo fifetseng ba dimela. Kgaello ya nitrojene e iponahatsa ka kgolo e fokotsehileng ya semela le mmala o botala bo kganyang kapa mmala o mosehla. Bosehla bona ka kakaretso bo simolla ntlheng ya lehlaku, ebe bo theohela jwalo ho ya bohareng ba lehlaku. Ha kgaello e se e le mpe haholo, dikarolo tse amehang qetellong di ba sootho, mme di a shwa. Ka ha nitrojene e a tsamaya semeleng, mahlaku a tsofetseng a bontsha matshwao a kgaello ya nitrojene.



Zinc

Poone e ka bontsha matshwao a mangata a kang kgolo e ntjha e fetohelang bosweung. E ka nna ya bontsha hape metwa e sephara lehlakoreng le le leng kapa a mabedi a lehlaku. Matshwao a kgaello ya zinc a hlahela e le ho tswakana ha metwa hammoho le ho sehlefala ha mahlaku a ka hodimodimo. Dintlheng, bohareng le metsung ya mahlaku ho sala ho le hotala. Ka kakaretso, kgolo e a kgineha.



Sulphur

Sulphur ke karolo e hlokahalang hore e be teng diesiting le diprotheineng tse ngata tsa amino. Ka ha tsena ke tsona ditshiya popehong ya semela, sulphur e tsitsitse popehong ya semela. Letshwao la kgale la kgaello ke ho kganya ha mahlaku a matjha, le ha ho le jwalo, hangata mahlaku kaofela a na le mmala o motala, mme phapang ho kganyeng ha mmala pakeng tsa mahlaku a matjha le a tsofetseng, ha e bonahale ha bonolo. Sena se ka nna sa kgannela hlahlobong e fosahetseng ya kgaello ya N bakeng sa kgaello ya S (Matshwao a kgaello ya nitrojene a bonahala pele mahlakung a tsofetseng). Maemong a mang, methatswana ya mahlaku e ka nna ya kganya ka mmala ho feta dikarolong tse ding tse potapotileng. 



Dikgaello tsa sulphur di hlahella ka mora tshebediso e telele ya manyolo a hlokang sulphur, jwalo ka metswako e hlakileng le dihlahiswa tse ding tse nang le metswako e matla ya phosphorus.



Kgaello ya potassium

Kgaello ya potassium e bonahala ka kgolo e fokotsehileng ya semela le ho sehlefala le/kapa ho tjha ha mahlaku dintlheng. Ka ha potassium e a tsamaya semeleng, matshwao a bonahala pele mahlakung a tsofetseng. Ponahalo e nngwe ya kgaello ya potassium ke phokotseho ya lehlaka kapa kutu, e leng se bakang bothata ba ho kgangwa ke metsi, phokotseho ya thibelo ya malwetse le phokotseho ya ho tiya ha dijothollo nakong ya dipula tse nang nako e telele le tse nang mariha selemong.



Ditlhophollo tsa potassium, tse fumanweng ka mekgwa e fapaneng, di a bapiswa. Ditlhophollo tsa potassium karolong e ka hodimo ya mobu o lehlabathe ha se bopaki bo tshepahalang ba kgaello e bakwang ke ho monyela ha potassium mobung o ka tlase.



Phosphorus 

Matshwao a tlwaelehileng a kgaello ya P, a totobaditsweng ke boholo ba dimela, a kenyeleditse:

Kgolo e kginehileng.

Mmala o botala bo lefifi kapa botala bo bolou.

Kgonahalo ya mmala o phepole dikarolong tse ding tsa semela.

Tieho ya ho fihlella kgolo e phethahetseng.

