Land (1 972)										Sesotho



Nka fumana mobu jwang? 



Instructions: 

Folio strap: Nako ya tshebediso ya mobu

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA 


Ka kakaretso ho ka thwe mefuta yohle ya temo e ile ya hloka masimo, le ha e ka ba masimo a manyane jwalo ka mokotinyana moo meroho e ka hlahiswang teng, kapa e ka nna ya eba karolo e batsi ya mobu e sebedisetswang ho fudisa diphoofolo mabatoweng a omeletseng. 



Le ha ho le jwalo, ha eba masimo a sebedisetswa temo, monga sebaka seo o tlameha ho ba le sebaka ka molao – Sena se laola kamano pakeng tsa monga mobu (naha) le mosebedisi wa naha eo (ka nako e nngwe monga mobu le mosebedisi wa ona ke motho a le mong).

 

Tokelo ya ho ba monga mobu

Ho teng mekgwa e mengata e fapaneng temong, e fang motho monyetla wa ho ba monga mobu, mme mokgwa o mong le o mong o na le dintle tsa ona tse itseng hammoho le dimpe tsa ona. Taba ya bohlokwa e tshwanetseng ho hopolwa ke hore tumellano dife le dife tse amanang le mobu di tlamehile ho ngolwa fatshe ha eba di tshwanetse ho ema di tiile ka lekgotleng la molao – tumellano e iketsetswang feela ka molomo ha e na matla a letho mabapi le mobu.

 

Hangata tshimolohong ya dikamano tsa mofuta ofe kapa ofe, batho ba kena tulellanong ya se tshwanetseng ho etswa, mme ba lebelletse tse ntle e mong ho e mong. Ha nako e ntse e eja babedi, dikamano di ka nna tsa dukeha, mme qetellong qaka pakeng tsa batho kapa dihlopha ya qetella e le e rarollwang ke lekgotla. Jwalo ka ha ho etsahala haholo maemong a amang naha (mobu), ke ditjhelete tse ngata tse amehang, mme ho a hlokahala ho etsa ditumellano tse ngotsweng fatshe pampiring pele mosebetsi wa mofuta ofe o etswa. Sena se etswa ho tshireletsa dihlopha ka bobedi kgahlanong le diphapang tse ka nnang tsa hlaha hamorao. 



Mekgwa e fapaneng ya ho ba monga mobu, e kenyeletsa hara tse ding:

Monga mobu;

Kgiro;

Tumello ho kena mobung wa setjhaba o kopanetsweng; le 

Tlhahiso ya dimela ka kopanenelo. 



Monga mobu

Sekotwana sefe kapa sefe sa mobu Afrika Borwa, le lefatshe ka bophara, se na le bopaki ba thuo (title deed). Ha eba ka molao wena o monga karolo e itseng ya mobu, o tshwanetse o be le lengolo la thuo ya mobu oo. “Deed” e na le tlhaloso ya sekotwana se itseng sa mobu. Lengolo lena ke sesebediswa sa semolao se sebediswang ho fa motho tokelo. Lengolo lena le ka hlaloswa e le mokgwa wa ho fetisetsa ‘thaetlele’ (tumello) ho tloha ho motho e mong ho ya ho e mong. Moo ho fetisetswang thepa ‘real estate’ lengolo lena le fetisa thepa ho tloha ho monga yona wa pele ho ya ho ya latelang. Phetisetso ena ya thepa e a ngodiswa diofising tsa ‘deeds office’ dibakeng tse kgolo tsa Afrika Borwa. Thaetlele deed ke bopaki ba hore mobu o itseng ke wa motho ya itseng.



Hangata ha motho a batla ho adima tjhelete, diinstitushene tse adimanang ka yona di batla tshireletso bakeng sa tjhelete ya tsona. Institushene tsena di tsetela tjhelete tseo bareki ba tsetetseng ka tsona bankeng, mme banka e batla ho tseba hore tjhelete eo e adimaneg ka yona e baballehile na. Monga masimo kapa mobu (ya tshwereng lengolo la thaetlele deed) a ka sebedisa thepa ya hae e le tshireletso mabapi le kadimo. ‘Bonto’ yona ke ya tjhelete e nngwe e itseng, e qollehileng.

 

Ho etsa mohlala, a re nke hore monga thaetlele deed o lakatsa ho etsa kadimo ya R100 000 bankeng. Banka e tla ngodisa ‘bonto’ ya R100 000 kgahlanong le thaetlele deed eo e qollehileng. Ha eba motho ya adimileng tjhelete ha a lefe sekoloto seo sa hae ho ya ka tumellano e entsweng, mona he, motshwari wa bonto (e leng banka mona) a ka nna a qobella motshwari wa thaetlele deed ho rekisa thepa e le hore motshwari wa bonto a kgone ho fumana tjhelete ya hae. Ha eba thepa e ka rekiswa ka R200 000 (ho etsa mohlala), eba banka e nka tjhelete e kolotwang banka. Ha eba motshwari wa thaetlele deed a ne a adimikle feela R50 000, eba banka e ka nka feela R50 000 le hoja bonto e le ya R100 000.



Kgiriso

Ha eba motho a rata ho sebedisa mobu/naha kapa thepa ya motho e mong, eba he, dihlopha tsena tse pedi di kena tumellanong ya kgiro/kgirisetso. Ke taba ya bohlokwa hore motho ya batlang ho sebedisa mobu a nnetefatse hore hantlentle ke mang monga mobu ona oo a batlang ho o sebedisa. Tumellano ya kgirisetso ke tumellano e ngotsweng, e pakeng tsa dihlopha tse pedi tsa batho, mme e bontsha dintlha tsohle tsa thepa, nako eo tumellano e tla e nka, tjhelete e lefuwang mabapi le kgirisetso, le hore ditefello di tla etswa kgafetsa jwang ka mora kgwedi dife.

 

Mohlala, kgirisetso e ka ba pakeng tsa monghadi X (mohirisi – kapa monga tshimo) le monghadi Y (mohirisetswa – motho ya lakatsang ho sebedisa tshimo/mobu); mabapi le Letamo Dawn seterekeng sa Tweespruit sa boholo ba 400 ha, nako ya dilemo tse tharo, ka tjhelete e ka ka R150 hekthara ka nngwe ka selemo, mme ditefello e le tsa kgwedi tse tsheletseng tse lefellwang e sa le pele. Ho tla nne ho be le dintlhanyana tse fapaneng mona le mane tse kenyeletswang tumellanong ya kgirisetsano – mohlala, mabaka a ho emiswa ha kgirisetso, tumello ya ho tlosa difate – kapa maemo afe kapa afe a ka amehang mobung oo. 



Motho ya hirisang mobu o sitwa ho sebedisa mobu (naha) jwalo ka tshireletso (security) mabapi le kadimo ya tjhelete ka ha sena se ka etswa feela ke motho ya nang le thaetlele deed kapa monga mobu. Ke taba e monate ho lemoha hore ‘kgirisetso e tla pele ho thekiso’. Sena se bolela hore ha ho le teng tumellano ya kgirisetso ya mobu eo mohlomong e leng ya dilemo tse tharo, mme monga mobu a etsa qeto ya ho rekisa mobu oo pele nako ya dilemo tse tharo ya kgirisetso e fihla pheletsong, monga mobu o tlamehile ho rerisana le ya hiriseditsweng – e ka ba ka ho etsa dihlophiso e le hore monga mobu e motjha a tswele pele ka kgirisetso kapa monga mobu a ka dumela ho lefa ya hiriseditsweng tjhelete e itseng eo ho dumellanweng ka yona hore o tla emisa ka kgirisetso.

 

Tlwaelo ke hore maemong a tsa temo, ditumellano tsa kgirisetso hangata di mahareng a batho ba babedi e leng balemi – e mong ke monga masimo (mobu), ha e mong yena e le ya batlang ho sebedisa mobu; kapa pakeng tsa mmasepala le molemi (ona hangata ke mobu o sebediswang ke mang le mang empa monga ona e le mmasepala); kapa le mmuso – ho teng mobu o mongata wa mmuso, o mpang o sebediswa ke batho ba poraevete ka tumellano ya kgirisetso. 



Tumello ya ho sebedisa mobu wa setjhaba (PTO) 

13% ya mobu wa Afrika Borwa e tlasa taolo ya mokgwa wa semorabe (tribal system) – hona ho etsa dimilione tse 17 tsa dihekthara. Hantlentle monga mobu (naha) ke mmuso – hangata Lefapha la Ditaba tsa Naha le Temo kapa Mesebetsi ya Setjhaba, mme o tlasa tsamaiso ya mmuso wa morabe (tribal authority).

 

Le hoja batho ba bang ba re ha ho direkoto tsa ‘sebele’ tse ngotsweng mabapi le ditumellano tsa kgirisetso mabapi le mobu wa setjhaba, mekgwa le kabo ke dintho tse tsejwang haholo morabeng oo (mme mohlomong ke taba e tshwanetseng ho ngolwa fatshe ditokomaneng, mohlomong le hona diofising tsa ‘deeds’ jwalo ka ha ho etsahala ho dithaetlele deed. Ho se ho bile teng diatikele tse ngata tsa barutehi tse ngotsweng mabapi le mobu wa setjhaba, mme batho ba bangata ba ba hlahisa maikutlo a bona ka tshebediso e habedi ya mekgwa ena mafatsheng a neng a le tlasa puso ya bokoloniale – mokgwa o batsi, o nang le direkoto tse phethahetseng mabapi le mobu oo beng ba ona e leng ba basweu, le mokgwa o sa ngolang letho ka mobu o tlasa tsmaiso ya setjhaba. Ha eba sepheo sa ho fumana mobu e le tlhahiso ya tsa temo, mme qetellong e be yona phokotseho ya bofuma, mohlomong nako e fihlile hore mokgwa wa setjhaba o nkelwe hloohong le hore ho be teng mekgwa e tla sebediswa ke diinstitushene tse adimanang hore sena se kenngwe boemong ba jwale ba mokgwa wa kgirisetso – ruri sena se kgema mmoho le taba ya sehlooho ya boithuto bo simollang ba phuputso bo phehelletseng mekgwa ya ho etsa hore mobu oo hajwale o leng tlasa kgirisetso ya setjhaba o ka thusa thusa haholo temong. 



Molao o motjha o ile wa tjhaellwa monwana palamenteng ya Afrika Borwa ka 2003 – Molaotlhahiso wa Ditokelo tsa Setjhaba tsa Mobu (The Communal Land Rights Bill). Tabakgolo ka molao ona ke hore mobu ohle oo hajwale e leng wa mmuso, o sebediswang ke setjhaba (tlasa mmuso wa semorabe) o tshwanetse ho fetisetswa setjhabeng se sebedisang mobu – setjhaba se tshwanetse ho bopa sehlotshwana sa semolao, se kang, Mokgatlo wa Thepa ya Setjhaba (Communal Property Association), ebe se fumana thaetlele ya mobu. Se bonahalang ka molao ona ke hore o na le ditlamorao tse matla baetapeleng ba setso. Hajwale, kabo ya mobu wa setjhaba e matsohong a mmuso wa semorabe – hang ha Molao ona o kena tshebetsong, setjhaba se tla fumana thaetlele ya mobu, mme mmuso wa semorabe o tla hloka matla a ho aba mobu, e leng moo matla a ona a leng teng hona jwale.



Taba ya bohwai masimong a setjhaba e na le ditlamorao tse matla mabapi le kgwebo ya balemi. Sena se etsahala ka mabaka a mangata. Dintlha ke tsena tse tshwanetseng ho hlokomelwa:

Ka ha molemi a se na mobu oo e leng wa hae, o sitwa ho etsa mobu oo seitshireletso sa hae ha a etsa kadimo (le ha ho le jwalo ho na le molemonyana o itseng tabeng ena – ha eba ha o a ka wa nna wa kgona ho kena ‘bontong’ mabapi le mobu oo, mobu oo o ke ke wa nkuwa ho wena ha eba o hloleha ho lefa tjhelete ya hao ya kadimo. Mokgwa ona o ka nna wa diehisa dintho, empa ha eba molemi a hlile a ena le tjheseho, a ka nna a tswela pele ka ho nka mehato e menyane a ntse a hatela pele, mme a hlokometse hore a se ipehe kotsing tse ka mo etsang hampe haholo. 

Boholo ba mobu o lemehang o fuwang lelapa ka leng mokgweng ona wa PTO hangata ha se bo bokaalo – bo boetse bo a fapana ho tloha ka Botjhabela (moo balemi ba nang le 1 ha - 2 ha ya mobu) ho ya Bophirimela (moo balemi ba nang le ho ka etsang 15 hekthara ya mobu). 

Sebaka sa ho fudisa se sebediswa ke setjhaba, e leng se bolelang hore ho boima haholo ho kenya tshebetsong mokgwa wa tsamaiso ya ho fudisa ha basebedisi kaofela ba mobu ba tla tshwanela ho dumellana mokgweng o le mong wa tsamaiso (mohlala, ke dikarolo dife tsa ho fudisa, hape ke dife tse phomolang ka nako e itseng, le hore ke neng dipoho di ka mathisanang le dikgomo le hore di ka tloswa neng). 

Batho ba sa sebediseng mobu oo ba o filweng. Mabatoweng a mang, batho ba ka buisana ho sebedisa mobu ona (ka ho fa monga ona karolo e nngwe ya dihlahiswa tsa bona kapa ho lefa rente ya mobu). Le ha ho le jwalo, mabatoweng a mang, ha eba monga mobu a dumella e mong ho sebedisa naha ya hae, o lahlehelwa ke tokelo ya hae ya naha. Sena se qeteletse ka hekthara tse ngata tsa mobu o lemehang tse sa kang tsa sebediswa ka ha ‘beng’ ba mobu ba tshaba ho ipeha kotsing ya ho lahlelelwa ke katamelo/phumantsho ya mobu oo. 



Dijothollo ka kopanelo 

Mokgwa ona wa kgirisetso ke o tlwaelehileng moo e mong motho a nang le tokelo ya semolao mobung, empa a se na mehlodi ho sebedisa mobu oo. Mokgweng wa dijothollo ka kopanelo e mong motho o kenya mobu setswalleng, ha e mong motho a tla thusana le eo ka ho tlisa disebediswa tse hlokahalang hammoho le metjhine le ho etsa mosebetsi. Dintlha ka nepo tsa tumellano di fapana ho ya ka batho - maemong a mang e ka ba karolelano ya dihlahiswa - a mang e ka ba ya tswala (le hoja mona bothata e ka ba hore bokae) kapa karolelanano ya phaello. Mohlala wa sena e ka ba tumellano ya karolelano moo monga mobu a fumanang 10% ya tlhahiso – mokotla bakeng sa e meng le e meng e 10) kapa tone e le nngwe bakeng sa tse leshome. Mofuta ona wa tumellano o qetella ka dihlopha tsena di sebetsa hantle nakong ya sehla se setle le ho sebetsa hampe nakong ya sehla se sebe. Re a lemoha hore tumellanong ya kgirisetso, mohirisi o fumana yona tjhelete eo ho mohirisetswa ho sa kgathaletsehe hore sehla ke se jwang – e leng hore mohirisetswa a ka nna a ba mathateng a ditjhelete ha eba sehla se le sebe haholo, mme tjhelete e kenang e le nyane kapa e le siyo ho hang.



Qetellong, ditokisetso di ngata tse ka etswang ho fumana mobu. Ha eba o batla ho ba molemi kapa sehwai, ha o a tlameha ho ba monga mobu – wena inkele feela tlhophiso eo o ka kgonang ho yona, mme hanghang o tswele pele – Motho eo le kgale e ke keng ya eba molemi ke ya sa ikakgeleng ka setotswana! 





