Kweekgras (Maize) 									SESOTHO

Mohlwa – na pheko e haufi e teng?

Instructions:

Folio Strap: Taolo ya mahola

Byline: Dr. Jeanetta Saayman-du Toit, ARC-Grain Crops Institute, Potchefstroom, Mohala: (018) 299-6297

Photos: Setshwantsho sa 1: Kaleho ya dipalesa



Cynodon dactylon (quickgrass, couch grass, kweekgras) kapa mohlwa mohlomong e simollotse dibakeng tsa teropiki tsa Aforika kapa Asia. Jwang bona bo atile haholo Aforika Borwa, mme ke bona bo bakang tahlehelo e kgolo ya dimela tsa diphoofolo le dijothollo.

Mohlwa ke jwang bo tsamayang fatshe, bo namang, ba selemo sohle. Bo nama ka dikutu (stolons, runners) le metso (rhizomes, roots). Jwang bona bo boetse bo ka hasanngwa ka disebediswa (moo mobu o phetholwang ka metjhine) le ka diphoofolo tsa mapolasing. Kweek ha e hole haholo ho ya hodimo – hangata ha e hole ho feta 40 cm. Hloho ya peo (Setshwantsho 1) e na le ditsejana tse 3 – 7 tse hlophilweng jwalo ka menwana ya bolelele ba 3 – 6 cm. Peo e bosootho bo fifetseng ka mmala, e a benya, e motopo, ho tloha boleleleng ba 1,1 mm le bophareng ba 0,7 mm. E mela ha bonolo le ho hola haholo le ka potlako.

Mohlwa o hola ka matla, mme o kgona ho senya konkereiti le sekontiri. Nnete ya hore mohlwa o hola ka potlako e etsa hore o be molemo haholo dibakeng tseo ho tsona kgoholeho ya mobu e lokelang ho thibelwa. Mefuta e fapaneng ya peo ya mohlwa e se e ile ya ntshetswa pele ka sepheo sa ho e sebedisa ditseleng tsa metsi (NK 37), lawns (majwanng a malapeng), mabaleng a kolofo le mabaleng a dipapadi.

Mohlwa o hlodisana ka matla le dimela – hara majwang a selemo sohle, mohlwa ke o mong wa majwang a thata haholo, mme ka baka lena, o boima ka ho fetisisa ho laoleha. Hobane jwang bona bo ikatisa ka peo, metso, dikutu tse namang, taolo e hlwahlwa ya jwang bona e hloka kutlwisiso e phethahetseng ya saekele ya bophelo ba bona, mekgwa ya ho bopa menontsha ya bona le ho ikatisa ha bona.

Mohlwa o tshwaetsa masimo ka metso ya ona e kgaotsweng le ka peo ya ona e ka hasanngwang ke diphoofolo hammoho le disebediswa tsa mapolasing. Jwalo ka tlwaelo mefuteng e meng ya majwang, mohlwa le ona, peo ya ona e mela haufi le bokahodimo ba mobu, e bopa metso kapele haholo, mme kapele o bopa mmate o ke keng wa phunngwa ha bonolo. Mohlwa o hlodisana le dimela mabapi le kganya, metsi le menontsha ya mobu, le ho pakellana hodima disebediswa, e leng se qetellang ka tahlehelo e mpe haholo ikonoming.

Potso e leng molomong wa e mong le e mong ke ena: Na re ka laola mohlwa? Ho jwalo, re ka laola mohlwa empa pheko ya kapele ha e yo. Taolo ka metjhine feela ha e a lekana. Hangata, tshebetso ya metjhine e kgaola jwang bona, mme ka hoo dikutu tsena tse namang ebe di potlakisa ho ata ha jwang bona.

Nakong ya hwetla (Hlakola – Hlakubele), metabolism (popeho ya menontsha) ya jwang e a fetoha, ebe moo jwang bo fetisetsang menontsha ena metsong hore e sebediswe nakong ya kgwedi tsa serame tsa mariha. Hwetla ke nako e phethahetseng ho fafatsa mohlwa. Dilithara tse 6 tsa “Glyphosate” (Roundup) hekthara ka nngwe di lekane ho laola jwang ba mohlwa nakong ena. “Glyphosate” e tla fetisetswa metsong ke semela, mme e tla bolaya semela kaofela. Maemong a mmalwa feela moo ho ka nnang ha eba le ho hola hape, dimela ho ka nna ha sebetsanwa le tsona ka bonngwe. Ho bohlokwa ho laola jwang bona masimong le mebileng ka ha dibaka tsena di ka nna tsa fetoha mehlodi ya jwang bona.

Mokgwa o mong o loketseng ke wa ho roba dikutu le metso nakong ya mariha ka ho sebedisa metjhine e lemang. Ka mora temo ya mariha, nakong ya sehla sa selemo, hang ha dikutu le metso di se di tiile, ho ka sebediswa dilithara tse 6 tsa “Glyphosate” – fana ka nako ya kgefutso ya beke tse tharo pele ho tswelwa pele ka tokiso ya mobu ya sehla se hlahlamang sa hlabula.

Taolo ya mahola a lehlaku le sephara dijothollong tsa lehlaku le sephara, le taolo ya mahola a kang jwang dijothollong tse kang jwang, e dula e le qaka ho balemi. Ka hoo, ho boima ho laola mohlwa pooneng. Ha eba ho kgonahala, etsa phapanyetso ya tlhahiso ya poone ka sejothollo sa lehlaku le sephara (dinawa tsa soya, matokomane a soneblomo) mme o laole mahola a mofuta wa jwang nakong ya tlhahiso ya dijothollo tsa lehlaku le sephara. Mabapi le keletso ikopanye le baemedi ba haufi ba dikhemikhale tsa temo. Ka mora kotulo ya mariha ya dijothollo tsa lehlaku le sephara, temo ya ho kgaola dikutu le metso e ka nna ya etswa, ebe hape e latelwa ke tshebediso ya dilithara tse 6 tsa “Glyphosate” hekthara ka nngwe.

Pheta lenaneo jwalo ka ha le hlalositswe ka hodimo. Ho ka lebellwa hore ka mora lemo tse pedi tsa tshebetso ena, mohlwa o tla be o le tlasa taolo.

Ho teng dintlha tse mmalwa tse tla ama katleho ya lenaneo lena la taolo:

Ha “Glyphosate” e sebediswa, mohlwa o tlamehile hore o be o hola ka matla, mme hape ho tshwanetse ho bat eng sebaka se lekaneng sa lehlaku ho amohela khemikhale.

Se ke wa sebedisa “Glyphosate” ha eba semela se le tlasa kgatello (serame, komello kapa ho kganwa) ka ha sena se tla ba le tshebetso e mpe ho monngweng.

Latela ka hloko ditaelo tse leiboleng.

Ela hloko hore dikhemikhale di se qaphaletse dijothollo tse ding.

Ela hloko nnete ya hore boleng ba metsi a sebediswang ho fafatsa a bohlokwa ho “Glyphosate”.

Ho eketsa ammonium sulphate ho “Glyphosate” ho ka kgothaletswa tlasa maemo a itseng.

Hopola hore ho boloka tjhelete nakong e kgutshwanyane ho ka ja ditjeo tse kgolo nakong e telele – sebedisa tekanyo e kgothaletswang ya khemikhale ha eba ho shebilwe taolo e hlwahlwa. 

 

 

