Knowing										Sesotho



Ho tseba semela sa poone



Instructions:

Folio Strap: Keketso ya boleng

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA: Tlhahiso ya poone le mmaraka



Dimela di hlophisitswe ho ya ka dihlopha tse pedi tsa sehlooho – mahlaku a sephara (dicotyledonous) le mahlaku a masesanyane (monocotyledonous). Dimela tsa mahlaku a masesanyane di na le methatswana e mathang e bapile, ha tsa mahlaku a sephara tsona di ena le methatswana e entseng makalana.



Bohlokwa ba phapang ena bo sitwa ho hatellwa ho feta mona hobane taolo ya mahola ka dikhemikhale e itshetlehile ka phapang e teng pakeng tsa mefuta ena ya sehlooho.



Dikarolo tsa semela

Metjeketlana

Lehlaku

Disilika

Tsebe

Kutu



Metso

Sepheo sa metso ke ho boloka semela mobung se eme se otlolohile, le ho monya metsi le menontsha mobung.



Semela sa poone se na le metso e entseng makala. Tlasa maemo a matle, metso ya poone e ka nna ya ba bolelele ba 1 500 m. Ha eba metso e kgona ho hola hantle, metso e ka nna ya phatlalla 1,5 m ho ya ka mahlakoreng le ho hola ho ya botebong ba 2 m.



Ka kakaretso, mefuta e mmedi ya metso - motso o motenya, o molelele haholo, o matla haholo, o nang le metsonyana e mmalwa e lebileng ka mahlakoreng. Ho teng hape le metso e mengata, e holang e lebile ka mahlakoreng ohle mobung. Semela sa poone se na le mofuta ona wa metso, mme ho tlatselletsa mona, ha semela se ntse se hola, se eba selelele, mme se fihla boemong ba metjeketlana, ho hlaha metso e meng e thusang ho tshwara semela hore se hole se otlolohile ho ya hodimo. Ena ke metso e metenya, e nang le mmala, e nang le sebopeho sa kerese, e holang ho tloha ka hodima mobu.



Dikutu

Kutu ya semela sa poone e nkile sebopeho sa silindara. Ho hlakile ho bona hore ho na le dikotolanyana (moo mahlaku a simollang teng) le dikotolanyana tse mahareng. Bolelele ba kutu bo laolwa ke mofuta wa peo le maemo nakong ya ho hola ha poone.



Semela sa poone se ka nna sa ba le dikotolanyana tse mahareng tse pakeng tsa tse 8 le 21. Dikotolanyana tse mahareng tse fapaneng di ka nna tsa ba le bolelele bo fapaneng. Seqo semeleng hangata se atisa ho hlaha kotolaneng ya borobedi.



Mahlaku

Mahlaku a mabedi a simolla kotolaneng e nngwe le e nngwe. Sepheo sa mahlaku ke ho monya kganya ya letsatsi le ho sebetsa jwalo ka feme e etsang dijo tsa semela. Mahlaku pooneng a ba teng ka ho fapanyetsana kutung, mme a ba teng meleng e mmedi e fapaneng hodima semela. Lehlaku le lelelele, le lesesanyane, mme le dikgeqenyana ho ya dintlheng. Lehlaku le tshehetswa ke karolo e totobetseng, e hare ho ya ka bolelele ba lehlaku.



Lehlaku le ‘hema’ ka mekotlana (glands) e teng karolong e ka ntle ya lehlaku. Mekotlana ena e bitswa ‘stomata’. Mekotlana e mengata e fumanwa karolong e ka tlase le hoja ho ntse ho ena le e meng ka hodimo. Mekotlana ena e entswe ka mokgwa wa hore disele di lahle mongobo ha ho tjhesa le ha ho omme, e leng se thusang lehlaku ho meneha. Tshebetso ena e dumella lehlau ho menehela ka hare, mme sens se thibela tahlehelo e tswelang pele ya mongobo. Nakong tsa motjheso le komello e kgolo, semela se kgona ho ho menahanya mahlaku nakong ya ho tjhesa ho kenelletseng haholo, mme ka hoo, se boloke mongobo. Hamorao nakong ya letsatsi ha themphereitjhara e theoha, tshebetso e kgutlela morao, ebe mahlaku a kgona ho tswela pele ka tshebetso ya ona e tlwaelehileng. Ha maemo a motjheso le komello a ntse a tswela pele nako e telele, tshebetso e sitwa ho fetoha, ebe moo mahlaku a shwang – hona he, ke tshenyo e phethahetseng semeleng, e tla ba le ditlamorao tse babang kotulong ya dijothollo.



Dipalesa

Semela sa poone se na le dipalesa tse tona le tse tshehadi – sena se thusa mabapi le ho itshebetsa ha semaela mabapi le pholene (self-pollination). Karolo e tshehadi ke ena e hlahisang seqo, ha palesa e tona e le metjeketlana hodima semela. Peo ka nngwe ya sehlooho e hokahane le tjhupu e tshesanyane (silica). Pholene e tswang paleseng e tona e wela hodima karolong e ka hodimo ya palesa e tshehadi, ebe e hola e eya tlase ka silika ho ya ho se bitswang ‘ovary’ e leng peo e nyenyane ya poone. Kemaro e etsahala ha pholene e fihla karolong ena ya ‘ovary’ (popelo).



Ha maemo e le a tjhesang le a ommeng haholo, ho a kgonahala hore silica e ome, e leng se thibelang ‘kemaro’. Maemong ana, ho tla bat eng peo e nyane haholo kapa e siyo ho hang seqong. Silika seqong e dula e emetse ‘kemaro’ nako ya matsatsi a ka etsang 10 - 14. Ho hlokolotsi ruri hore nakong ena maemo e be a lekaneng hantle.



Peo

Sepheo ka tshebetso yohle ya ho hodisa poone ke ho hlahisa peo. Boleng le bongata ba peo ke ntlha tsa bohlokwa mabapi le molemo wa tshebetso ya bolemi.



Dintlha tse amang boleng le bongata ba peo ke malwetse, ditlhoko tsa menontsha ya semela, boteng ba mongobo hammoho le themphereitjhara mehatong e fapaneng hammoho le kgetho ya mofuta wa peo.



Mehato tswelopeleng ya dimela

Nepahalo ya diphetoho mona le mane ke hore ho teng dikhemikhale tse tshwanetseng ho sebediswa pele semela se hlaha, ha tse ding di sebediswa ha semela se se se hlahile. 



Pele semela se hlaha

Pele semela se hlaha ho hlalosa nako e pakeng tsa ho jala semela, ho hlaha ha peo, empa pele semela se hlahella ka hodima mobu.



Ka mora ho hlaha

Ena ke nako ha peo e se e hlahile, mme semela se se se hlahelletse ka hodima mobu.



Mehato ya kgolo

Mehato ya kgolo ya semela sa poone ke e 0 - 10, e totobetseng hantle.



Mohato wa kgolo 0: Pakeng tsa ho jala le ho hlaha ha peo

Poone e jalwa botebong ba 2,5 cm le 5 cm tlasa mobu. Maemong a futhumetseng, a mongobo, peo e nka matsatsi a 6 - 10 ho hlaha. Maemong a phodileng le a ommeng, peo e ka nna ya nka beke tse pedi pele e hlaha. Themphereitjhara e ntle ka ho fetisisa mabapi le ho mela ha peo ke e pakeng tsa 20°C le 30°C. Mongobo wa sebele o etse 60% ya mothamo w masimo. (Metsi a mangata ho feta tekano kapa a manyane ho feta tekano a ka sitisa tswelopele ya semela).



Bongata ba palo ya mahlaku hammoho le makala a bang teng, ke dintho tsa tlhaho, tse laolwang ke popeho ya semela ka bosona. Lehlaku le letjha le buleha matsatsing a mang le a mang a mararo. Maemong ana, ntlha ya kgolo e sa ntse e le tlasa mobu. Tshimoloho ya metjeketlana e ba mohatong ona.



Mohato wa kgolo 1: Mahlaku a mane a phutholohile ka ho phethahala

Mohato wa kgolo 2: Mahlaku a robedi a phutholohile ka ho phethahala

Nakong ena sebaka sa lehlaku se eketseha makgetlo a mahlano ho isa ho a leshome, mme kutu yona e eketseha makgetlo a 50 - 100. Tshimoloho ya ditsebe e ba teng mohatong ona. Metsonyana e simolla ho hlaha dikotolaneng tlasa bokahodimo ba mobu. Ntlha ya kgolo e ba 5 cm - 7,5 cm ka hodima mobu.



Mohato w kgolo 3: Mahlaku a 12 a phutholohile ka ho phethahala

Metjeketlana kgolong e simolla ho tswela pele kapele. Makalana a jereng seqo a simolla ho tswela pele kapele kotolaneng ya botshelela le ya borobedi ka hodima mobu. Palo e ntle e lebelletsweng ya peo seqong ka mokgwa ona e se e laotswe.



Mohato wa kgolo 4: Mahlaku a 16 a phutholohile ka ho phethahala

Kutu e lelefala ka potlako, mme metjeketlana e se e batla e tswetse pele ka hohlehohle. Silika e qala ho tswela pele ho tloha motheong ho isa karolong e ka hodimo ya seqo.



Mohato wa kgolo 5: Ho hlaha ha silica le ho qhalwa ha pholene

Mahlaku kaofela a se a phutholohile ka hohlehohle, mme metjeketlana e se e bonahala matsatsing a mabedi ho isa ho a mararo. Makalana a yang ka mahlakoreng, a jereng seqo hammoho le karolwana e kang palesa, di bonahala di se di tswetse pele. Nakong ena ho hlokahala mongobo le menontsha.



Mohato wa kgolo 6: Mohato o motala wa poone

Seqo, makalana a mahlakoreng le dikarolwana tse kang palesa, di se di tswetse pele haholo.



Mohato wa kgolo 7: Mohato wa hlama e bonolo

Dijothollo tsohle di simolla ho eketseha.



Mohato wa kgolo 8: Mohato wa hlama e thata

Peo e simolla ho ba thata.



Mohato wa kgolo 9 – kgolo e phethahetseng popehong

Ha karolwana e ka hare ya peo ya poone e fihla boemong bo phethahetseng ba kgolo, ho ba teng letlalo la disele tse ntsho le bang teng moo karolwana ena e simollang teng. Dijothollo di fihlelletse boemo ba kgolo. Se hlokahalang ke ho fokotsa bongata ba mongobo pele nako ya kotulo e simolla.



Mohato wa kgolo 10: Ho omiswa ha karolwana e ka hare ya poone

Dijothollo di tshwanetse ho fokotsa mothamo wa mongobo hore di fihlele kgolo e phethahetseng. Ho oma ho nka ho ka etsang 5% beke ka nngwe ho isa ho 20%, mme ka mora mona ho oma ho ya butle.



