Khuto										Sesotho



Monghadi Isaac Khuto o nolofatsa tlhahiso ya koro!



Instructions:

Folio Strap:

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Photos:

1: Johan Kriel masimong a koro a monghadi Khuto.

2: Monghadi Isaac Khuto, Jane McPherson (manejara wa lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi), Johan Kriel (Mohokahanyi wa Grain SA wa ntshetsopele ya provense Foreisetata) le Willie Kotze (mohokahanyi wa thupelo le tlhahisoleseding wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA) masimong a koro a Khuto.

3: Kotulo ya koro Ficksburg.



Monghadi Paballo Isaac Khuto o hlahile ka 1944, mme e bile molemi ya ikemetseng dilemong tse robong tse fetileng. O ahile Ficksburg le mofumahadi wa hae, Lerato.



Isaac o na le hekthara tse 230 tsa masimo, tseo ho tsona a nang le hekthara tse 165 (88 hekthara kapa mobu o lengwang). Mobu ke wa bokgoni bo mahareng, wa selokwe. Isaac o etsa bonnete ba ho nka disampole tsa mobu selemo se seng le se seng ho nnetefatsa hore o sebedisa manyolo a nepahetseng mabapi le dijothollo tseo a rerileng ho di lema. Isaac o hlokolotsi haholo mabapi le taolo ya mahola masimong a hae ka ha a batla hore dijothollo di kgone ho sebedisa mongobo ohle o teng hammoho le menontsha ya mobu.



Isaac o na le diterekere tse pedi tsa moetso wa Ford hammoho le disebediswa tse fapaneng, mme o hlokolotsi ka tlhokomelo ya metjhine – hape o jala feela masimo ao a ka kgonang ho a sebetsa hantle le ka mokgwa o hlwahlwa.



Mariheng a fetileng, Isaac o ile a jala dihekthara tse 84 tsa koro ya masimo a komello, le hoja ho ya ka ditshwantsho tse bontshitsweng mona, ho bonahala eka dijothollo di ile tsa nosetswa. A kotula koro kgweding ya Tshitwe 2007, mme a kotula ditone tse 3,4 hekthara ka nngwe! Katleho e makatsang hakaakang! Lemong sena, Isaac ke e mong wa balemi ba ileng ba thuswa ke Lefapha la Temo la Foreisetata le OVK, mme re sa lebelletse ho mmona e le molemi ya ikemetseng, ya ikgonang, mohwebi wa mmakgonthe ruri. 



