Key performance areas 							Sesotho



Ntlha tsa bohlokwa tsa tshebetso ke eng?



Instructions:

Folio Strap: Tsamaiso

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Ntshetsopele ya Grain SA



Jwalo ka molemi, ntho di ngata tseo o di etsang – tsohle ka mabaka a itseng.



O lekola le ho hlophisa mobu wa hao, hobaneng?

	- E le ho bona ka moo ho ka sebediswang mobu hantle ka teng.

O nka disampole tsa mobu le ho di romella mabapi le tlhophollo, hobaneng?

- Hore ke kgone ho sebedisa manyolo a nepahetseng dijothollong, hore kuno e phahameng e tle e fihlellwe.

O phunya kapa ho phethola mobu, hobaneng?

	- Hore pula e nang e kgone ho kenella mobung.

O phethola mobu nakong eo masimo a tlohetsweng feela, hobaneng?

	- E le hore masimo a hloke lehola le ho baballa mongobo mobung.

O batlisisa dimmaraka tse kgonahalang tsa dijothollo tseo o batlang ho di jala, hobaneng?

	- Ho etsa bonnete hore dijothollo tseo ke di lemang di tla rekwa.

O kena konterakeng e itseng ya mmaraka ka poreisi e itseng, hobaneng?

	- Ho etsa bonnete hore tlhahiso ya dijothollo e tla ba le phaello.

O lokisa tshingwana, hobaneng?

- Ho etsa bonnete hore ha ke jala peo, peo eo e tla ba le botebo bo lekanang, le hore kamano e ntle ya peo le mobu o mongobo e tla ba teng.

O jala palo e itseng ya dimela hekthareng ka nngwe ya mofuta o motle wa peo, hobaneng?

	- Hore ke tle ke kotule dijothollo tse ntle ka ho fetisisa.

O jala semela sa manyolo a itseng, a palo e itseng ya kg/hekthare, hobaneng?

	-Lebaka e le ho kotula dijothollo tse ngata.

O fafatsa masimo ka sebolayalehola sa pele peo e hlaha, hobaneng?

	- Ho thibela hlaha ha mahola le ho hlodisana ha ona le dijothollo mabapi le mongobo, manyolo, kganya le moya.

O fafatsa masimo ka sebolayakokwanyana ha o qeta ho jala (fafatsa dijothollo), hobaneng?

	-Ho thibela tshenyo e bakwang ke dikokwanyana dijalong tse ntseng di hola.

O phethola pakeng tsa mela ya dijothollo, hobaneng?

	-Ho bolaya mahola a hlodisanang le dijothollo tsa hao.

O apesa ka manyolo dijothollong tsa hao, hobaneng?

	-Ho fa dimela menontsha e hlokahalang e le ho ntlafatsa kuno/kotulo.

O thibela tse tshwenyang (kokwanyana) le ho fafatsa ha ho hlokahala, hobaneng?

	-Ho fa dimela tsa rona monyetla o motle, o kgonahalang mabapi le kuno e ntle.

 O kotula dijothollo nakong e nepahetseng, hobaneng?

-Ho fumana kereiti (mofuta) e ntle ka ho fetisisa ya dijothollo tsa hao.



Dintho tse boletsweng mona hodimo ke tseo kaofela di leng taolong ya hao – o ka iketsetsa diqeto, mme wa nka mehato e hlokahalang.



Potso e hlahlamang ke ya hore o tla tseba jwang hore o entse kapa ha o a etsa dintho tsee tsohle ka nepo? Tsela feela ya ho tseba ha eba o nepile ke ho itshehela sebaka (standard) le ho imetha ho ya ka sebaka seo. Ha o sheba tse ding tsa dipotso tse mona hodimo, o tla tseba hore karabo ke “e” kapa “tjhe” – mohlala, potso mabapi le tlhophiso ya mobu le ho sampolwa ha mobu – o se o entse sena kapa ha o a se etsa. Le ha ho le jwalo, boholo ba dipotso tse ding, bo sa boetse bo sa na le dipotso tse ding hape, mme bo ka nna ba methwa:



Tabola kapa phethola masimo

Ka letsatsi le itseng, le beilweng, la qetelo, hape ho hlokometswe botebo bo itseng.

Sebedisa disc/phethola mobu nakong eo masimo a tlohetsweng ka yona 

Na o se o bokeletse mongobo o lekaneng wa mobu mabapi le ho jala semela le ho hlokomela semela ho fihlela nako eo dipula tse tlwaelehileng di qalang ho na hape?

Kena konterakeng ya mmaraka ka poreisi/theko e itseng

Ka kuno efe e lebelletsweng, le hona ka theko efe?

Hlophisa tshingwana

Na tokiso ya tshingwana e lekane, mme na o entse sena ka nako ho jala semela ka nako e nepahetseng, le hona mofuta wa semela seo o rerileng ho se jala?

Japa palo e itseng ya dimela ho ya ka hekthare ka nngwe

Ke dimela tse kae tseo o di jetseng hekthareng ka nngwe, mme o fihlelletse tse kae?

Jala semela ka manyolo a itseng ho ya ka palo e itseng ya kg/hekthare 

Ke dikilograma/hekthare ka nngwe tse kae tseo o neng o rerile ho di jala, mme o fihlelletse tse kae?

Fafatsa masimo ka dikhemikhale tse fapaneng

	- Ke dikhemikhale dife tseo o ileng wa di sebedisa, mme na o ile wa sebedisa tse lekaneng hekthareng ka nngwe?

Lema pakeng tsa mela ya dimela

	- Na o ile wa laola mahola?

Ala le ho batalatsa ka ho lekana bokahodimo ba mobu

	- O ne o rerile ho sebedisa eng, mme o ile wa sebedisa eng?

Kotula dijothollo nakong e nepahetseng

	- O fumane kuno efe hekthareng ka nngwe, mme o ile wa rekisa 	 dijothollo tsa hao	ka poreisi ya palohare ya bokae?



Kaofela dintlha tsena di ka:



Rerwa

Kenngwa tshebetsong

lekolwa tshebetso ya tsona



Ho teng inshorense ya tse sebediswang temong, e fumanwang ho ARS (le dikhamphaneng tse ding) e reretsweng ho o tshireletsa kgahlanong le diketso tsa Modimo – tsena ke komello, dikgohola, sefako, moya le mollo. Le ha ho le jwalo, ha ho motho ya ikemiseditseng ho kenya wena inshorenseng mabapi le tsamaiso e fosahetseng ya hao. Ka baka lena, ho bohlokwa haholo ho lekola, ho rera le ho kenya tshebetsong ditlwaelo tse ntle ka ho fetisisa tsa tsamaiso.



	

