Key											Sesotho



Tlhahiso e tswala katleho



Instructions: 

Folio strap: Tsamaiso 

Byline: Tlhahisoleseding e nkilwe bukaneng ya tsamaiso Agribusiness



Ntlha e hlokolosi katlehong ya mosebetsi wa temo ke tlhahiso – sena se kenyeletsa dintlhakgolo tse pedi:

Bohlwahlwa – ho etsa se nepahetseng; le

Bokgoni – ho etsa dintho ka nepo.



Tlhahiso ha e lekane le se etswang, empa e totobatsa kgatelopele bokgoning ba ho fetola tse kenang hore e be tse tswang (diphetho kapa dihlahiswa). Ke sephetho sa diphehiso kgolong ya tse hlahang; etswe dintlha tse ding tsona di se di etswe hloko. Ke diphetho tsa dintho tse sa bonweng, e leng tsa boiqapelo, bokgoni, tsamaiso, phuputso, maemo a lehodimo le lehlohonolo.



Ha tshebediso ya tse kang manyolo, mafura le metjhine, e se e entswe ka moo ho hlokahalang ka teng, kapa tsohle tse sebediswang di batla di beha maemo ka mosing, tlhahiso e eketsehileng e tla ba yona feela mohlodi wa kgolo ho tse hlahiswang.



Kgolo ya tlhahiso ke ponahatso ya diphetoho tsa sethekgenike le ntlafatso ya bokgoni tsamaisong e molemo kapa ikonoming e hlahisang haholwanyane ka se senyenyane. Tlhahiso e sebetsang e bolela ho sebetsa ka mokgwa o makgethe, eseng hakaalo ho sebetsa ka matla haholo. Kgolo ya tlhahiso ke ntho e thata ho ka methwa. Ho metha tlhahiso ho hloka ho ba le boikarabelo ho tsohle tse hlahiswang le tse sebedisitsweng, le ho leka ho metha kgatelopele le ho phalla ha ditshebeletso ho ntse ho shebilwe tse ileng tsa sebediswa.

 

Ho bohlokwa ho nahana ka mehato ya selemo se fetileng mabapi le dintlha tse fapaneng tsa tlhahiso masimong a hao ha o simolla ka moralo wa mosebetsi masimong le ditjheleteng mabapi le sehla se hlahlamang. 





