Journey (Maize)								 SESOTHO



Leeto le lebisang tlhahisong ya kgwebo



Instructions:

Folio Strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Morero wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho ntsetsa pele bahlahisi ba bahwebi ba batsho ba filweng bokgoni bo tiileng. Lenaneo lena ke karolo ya ho qetela ya leeto le lebileng tlhahisong ya bohwebi.



Diprojeke kaofela tse fapaneng tse bopang lenaneo lena di thusa ho fihlella sepheo sa rona – dikopano tsa dihlopha tsa boithuto, diteko tsa dipontsho, matsatsi a balemi, popeho ya setswalle, tlhodisano ya Molemi wa Selemo, Lenaneo la Boemo bo Phahameng ba Molemi, dithuto tsa kwetliso, kgaso tsa radio le Pula/Imvula.



Tse shejwang kgethong ya bahlahisi ba boemo bo phahameng 

Phumano ya mobu o motle, o lemehang, o loketseng tlhahiso ya dijothollo, moo menyetla e leng teng ya mobu wa tlatsetso e le ho mo thusa ho fihlella boemo ba bohwebi ba bonyane ditone tse 250. (Kgiro e tshwanetse ho ba ntho e tiileng, le hoja re sa tshwenyehe hakaalo hore na ke mobu wa hae, mobu o hirilweng kapa mobu o hirilweng wa setjhaba).

Kae kapa kae moo ho kgonahalang, mohlahisi o tshwanetse hore a be a sebetsa a le mong, e seng e le sehlopha. Boiphihlelong ba rona, moo batho ba sebetsang e le sehlopha, hangata ho tsoha dikgohlano tse ngata hoo tswelopele e nyane e bang teng. Maemong a tjena batho ha ba tsepamise maikutlo a bona tlhahisong. 

Diterekere le disebediswa tsa temo tse lekaneng. Ruri ha ho kgonahale hore o be mohwebi ha o se na diterekere le disebediswa (maemong a mang, bahlahisi ba hloka borakonteraka ho tabola, kapa ho kotula, jwalojwalo. Empa mohlahisi o tshwanetse ho iketsetsa boholo ba mosebetsi kapa mosebetsi kaofela ka boyena).

Mohlahisi o tshwanetse hore ebe e kile ya eba setho sa sehlopha sa boithuto le hore o kile a ba teng dithutong tse tharo kapa tse nne tse loketseng tsa Grain SA. Ka dihlopha tsa boithuto, mohlahisi o ithuta tse ngata ka tlhahiso ya ditjothollo. Dithuto tsa kwetliso di thusa mabapi le ho matlafatsa mohlahisi. Ka hoo, o tshwanetse ho kenela dithuto le ho thuswa ho kenya tshebetsong tseo a ithutileng tsona, mme tsena di etswe hona polasing ya hae.

Mohlahisi o tshwanetse ho ikemisetsa ho amohela keletso, a be le boinehelo polasing ya hae, le maikutlo a nepahetseng a ho tswela pele. Ho ba mohlahisi wa dijothollo ho hloka boinehelo le ho kena ka setotswana mosebetsing, mme re se re lemohile hore ba bangata ba bahlahisi ba nakwana ba a hloleha tabeng ena. Hore mohlahisi hore a fihle boemong bo phethahetseng ba bohwebi ke ntho e nkang nako e telele, mme ka baka lena, ke matsete a maholo – ha se ntho e nang le kelello ho sebedisa tjhelete e ngata hakana mothong eo ho bonahalang hore ka nnete ha a na boikemisetso ka bolemi.

Ntle le ha eba mohlahisi a ena le tjhelete e lekaneng ya ho sebetsa ntle le ho etsa kadimo ya letho, mohlahisi o tshwanetse ho ba boemong ba ho tshepuwa mabapi le tjhelete eo a e adimang e le hore a kgone ho fumana tjhelete ya kadimo (molao o motjha wa sekoloto (credit act) o thatafaditse dintho hoo ho batlang ho sa kgonahale ho fumana kadimo, mme sena se baka hore bahlahisi ba sitwe ho tswela pele).

Molemo ke ha mohlahisi a ena le maqheka a mang a ka thoko a ho kenya tjhelete. Le ha ho le jwalo, mohlahisi o tshwanetse hore yena ka boyena a behe letsoho mohomeng, a eme ka maoto masimong. Ha re sebetse le monga polasi ya dulang a le “siyo”. 

