 Jane(Maize)										Sesotho
Mme Jane o re…
Folio strap: 
Byline: 
Jwalo ka molemi (monga lelapa) o na le eng? Na o na le masimo, mebaraka, diterekere kapa disebediswa tsa ho lema? Lenaneong la rona la Ntshtsopele ya Molemi, tabakgolo ke “O na le eng, le hore re ka o thusa jwang ho una molemo ka seo o nang le sona?”
Haeba o na le masimo, o ntse o a sebedisa jwang hajwale? Na a ke ke a sebediswa betere ho feta, le hore o thibelwa ke eng ho etsa jwalo? Re dumela hore e mong le e mong a ka thuswa ho hlahisa dijothollo tse ntle ka ho sebedisa mehlodi eo a nang le yona. 
Hore o be molemi wa mohwebi ho bolela ho hlahisa haholo ho feta se hlokwang ke wena le lelapa la hao. Ha o rekisa tseo o di hlahisang, o kenya letsoho tshirelletsong ya dijo, mme o lokelwa ke tshehetso. Re le Grain SA re ikemiseditse ho tsetela ho wena. 
Sehla sena sa lehlabula se bile le diphephetso tse kgolo. Tabeng ya pele, ditheko tsa tlase tsa dijothollo di sitisitse ho fumana kadimo ya tjhelete mabapi le tlhahiso. Le hoja malebaleba ohle a entswe, Lefapha la Naha la Temo le hlolehile ho thusa balemi ba rona. Ho ba ileng ba kgona ho jala, sehla se simollotse ka komello, mme maemo a ho jala a bile mabe. Yaba ho simolla dipula tse esong ho emise le jwale. Jwale phephetso ke mahola a tswileng taolong, a kgamang dijothollo. 
Bonyane ditheko tsa dijothollo le dipeo tsa oli di ntlafetse, mme ba jetseng ba tshwanetse ho fumana morokotso bakeng sa boiteko ba bona. Theko ya koro le yona e ntlafetse, mme sehla se tlang se bonahala se le setle haholo mabapi le ho jala koro (dibakeng tse lokelang). 
Re tshwere ka thata tabeng ya ho bopa dikamano tse ntle le Lefapha la Ntshetsopele ya Mahae le Ntjhafatso ya Mobu. Re tshepa hore re tla kgona ho tsebisa ka kgatelopele ya taba ena kgatisong e hlahlamang ya Pula. Ha re ka ba le setswalle le lefapha, re ka kgona ho thusa balemi ba bangata. 
Re le lakaletsa katleho yohle kgweding e tlang – eka dijothollo tsa lona di ka ba ntle, mme eka le ka ba le tshepo bokamosong ba temo Afrika Borwa. 
