Irrigation (Maize)								SESOTHO	

Nosetso – e fupere dife?



Instructions: 

Folio strap: Nosetso

 2. Byline: Ditaba di nkilwe Tlhahisong ya poone bukaneng ya tataiso ya Nosetso 

Lefatshe le tobane le kgaello e kgolo ya metsi ka ha palo ya batho e dula e ntse e eketseha le hoja bongata ba metsi a leng teng lefatsheng bo sehetswe meedi. Mmapa ona o bontsha phumaneho ya metsi dikarolong tse fapaneng tsa lefatshe. 

 















Batho ba bangata ba teng lefatsheng ba hlokang menyetla ya dijo le metsi a foreshe ao ba ka a nwang. Dibaka tse ngata ke tse ommeng, mme ka baka lena bahlahisi (balemi) ba sebedisa metsi a tsamaiswang ka diforo hore ba kgone ho fihlella tse latelang:

Ho hlahisa dijothollo metsing a bolokilweng dibakeng tsa pula e fokolang kapa tsa pula e sa tshepahaleng.

Ho sebedisa metsi a bolokilweng a tswang dibakeng tse hole.

Ho fokotsa kotsi ya ho nyopa ha dijothollo le ho eketsa paballo ya dijo tsa naha.

Ho eketsa tlhahiso hekthareng ka nngwe.

Ho hlahisa dijothollo nakong ya dihla tsa metsi le tsa komello.

Ho hlahisa dijothollo tse fetang se le seng ka selemo.

Ho sebedisa matsete a tjhelete ka mokgwa o hlwahlwa.

Ho fepela mmaraka o dulang o eketseha ho ya ho ile.

Ho hlahisa dijothollo tsa boleng bo bottle.

Ho tshetsa pele le ho tlisa bitsitso dibakeng tsa mahaeng.

Ho hlahisa dijothollo tse ikgethileng dibakeng tse ommeng (dibaka tsena di na le monyetla wa pula e nosetsang dijothollo dinakong tse nepahetseng).



Dibaka tse nammeng tsa Afrika Borwa di shebane le maemo a tjhesang le a ommeng a tlelaemete, sekgahla se phahameng sa mongobo o lahlehang, mme di batla di shebane le pula e batlang e le tlase, e nang mona le mane ka tshohanyetso, e leng moo tlhahiso e ntle ya dijothollo e sa kgonahaleng ntle le tlatsetso ya metsi. Tlhahiso ya dijothollo ntle le thuso ya metsi a tliswang ka diforo e bitswa ya phepelo ya pula, kapa tlhahiso ya dijothollo mobung o ommeng.



Tlelaemete eo ka kakaretso e tjhesang, mme e nang le letsatsi, le ha ho le jwalo e molemo mabapi le ho hola ha dimela, mme ho a kgonahala ho lema mefuta e mengata e fapaneng ya dijothollo tlasa nosetso (ka diforo) dibakeng tseo ho nang le mebu e lokileng hammoho le metsi a lekaneng. E ka ba ho ka etsang diperesente tse 44 tsa mobu o nosetswang, o ileng wa ntshetswa pele ke batho ba poraevete, diperesente tse 26 dikemeng tsa mobu wa mmuso ho kenyelleditswe dikema tsa mohlahisi ya thuthuhang le diperesente tse 30 dikemeng tsa nosetso e kgolo. 

