Inputs 										Sesotho



Ho phahama ho ntseng ho eketseha ditjehong tsa dintho tse sebediswang – se bakang tsitsipano



Instructions:

Folio Strap: Tse sebediswang mobung

Byline: Corné Louw, moikonomi ya ha sehloohong: Disebediswa mobung, Grain SA



Kerafo ya 1: Ditheko tsa manyolo boemong ba matjhaba

		Ranta tone ka nngwe

		Dikgwedi

		Ammonia

		Di-ammonium phosphate

		Phothasiamo

		Urea



Kerafo ya 2: Theko ya oli e tala ya Brent boemong ba matjhaba le ditjeho tsa diesel e rekiswang e le ngata

		Ranta barele ka nngwe/sente lithara ka nngwe

		Theko ya matjhaba ya oli e tala ya Brent (Ranta barele ka nngwe)

		Ditjeho tsa diesel e rekiswang e le ngata

		Dikgwedi



Bahlahisi ba dijothollo le oli ke ba laolelwang theko. Ka mantswe a mang, bahlahisi ba sitwa ho nyolla feela ditheko tsa dihlahiswa tsa bona. Ka baka lena, keketseho e ntseng e tswela pele ditjehong tsa tse sebediswang mobung e baka tsitsipano phaellong ya tlhahiso ya dipeo tsa dijothollo le oli. 



Ho bohlokwa ka ho fetisisa hore bahlahisi mmoho le bareki ba dule ba tseba ka keketseho thekong ya tse sebediswang masimong.



Manyolo

Pakeng tsa Motsheanong 2007 le Motsheanong 2008, theko ya manyolo e nyolohile ho tshosang. Lebaka le matlamatla la keketseho ena ke tlhoko e eketsehileng ya lefatshe mabapi le manyolo ha mehato ya tlhahiso ya manyolo yona e dutse e sa fetoha. Kgolo tlhokong ya dinaha tse kang China le India ke lebaka la sehlooho. China e bile e kentse lekgetho thomellong ya manyolo ka ntle, e leng se mpefaditseng maemo le ho feta. 



Ho tloha ka Mmesa 2007, ditheko tsa matjhaba tsa dihlahiswa di eketsehile ka mokgwa o latelang (Theibole ya 1 le Kerafo ya 1) 



Theibole ya 1: Keketseho ya theko ya matjhaba dihlahisweng.

Ammonia
 
99,6%
 

 
Di-ammonium phosphate
 
217%
 

 
Pothasiamo
 
173,7%
 

 
Urea	
 
79,9%
 

 
			 

Kerafo ya 1: Ditheko tsa manyolo matjhabeng. 





Ditheko tsa manyolo a lehae di phahame hoo di fihlelletseng mehato ya rekoto ha esale ho tloha ka Motsheanong 2007. Keketseho tsa ditheko di bontshwa tlase mona Theiboleng ya 2. 



Theibole 2: Palohare ya ditheko tsa selehae tsa manyolo.
 

 
Manyolo
 
Motsheanong 2007
 
Motsheanong

2008
 
%

Phetoho
 

 

 
R/ton
 
R/ton
 

 

 
LAN (28)
 
2 851
 
3 489
 
22,4
 

 
Urea
 
4 072
 
5 058
 
24,2
 

 
MAP
 
4 614
 
10 305
 
123,3
 

 
Potassium Chloride
 
3 100
 
6 610
 
113,2
 

 


Manyolo a etsa ho kang 25% ha ditjeho tsa dipeo tsa dijothollo le oli, mme keketseho tsena di baka bosula ho ba Grain SA. Keketseho tsena di beha kgatello e kgolo phaellong ya tlhahiso ya dipeo tsa dijothollo leoli. 



Dikhemikhale tsa temo

Ditheko tsa matjhaba tsa dikhemikhale tsa temo di eketsehile ka sekgahla se seholo kgweding tse 12 tse sa tswa feta. Tlhoko ya dikhemikhale tse itseng e eketsehile ka potlako ho feta tlhahiso e eketsehileng ya dikhemikhale tsena. Makgetho a tse romellwang ka ntle a behilweng ke China, hammoho le theko e phahameng ya oli e tala, di baka sekgahla se seholo dithekong. 99% ya metswako ya dikhemikhale tsa temo Afrika Borwa ke tse kenang, mme boleng bo fokolang ba ranta kgahlanong le ditjhelete tsa mafatshe a mang, le tsona di bile le sekgahla dithekong.

 

Dihlahiswa tse itshetlehileng haholo ka Glyphosate di eketsehile ka 150% ho isa ho 240% nakong ya kgwedi tse 12 tse fetileng. Ho ya ka palohare, ditjeho tsa dikhemikhale tsena di eketsehile ka ho kang 45%. 



Mafura

Theko e etsang palohare ya theko ya oli e tala ya Brent e eketsehile ka 63,2% ha esale ho tloha ka Mmesa 2007. Ho tlatselletsa mona, boleng ba ranta kgahlanong le Dolara ho fokotsehile ka 9,6%. 



Ditjeho tsa selehae tsa diesel e rekwang ka bongata di eketsehile ka 63% ho tloha ho R6,21 lithara ka nngwe kgweding ya Motsheanong 2007 ho ya ho R10,10 lithara ka nngwe kgweding ya Motsheanong 2008 (Kerafo ya 2). Ditheko di phahama kgwedi le kgwedi – Sena hammoho le keketseho tse ding tse seng di boletswe, se beha phaello ka mosing haholo.



Kerafo ya 2: Theko ya oli e tala ya Brent matjhabeng le ditjeho tsa diesel e rekwang e le ngata 









Metjhine

Boholo ba metjhine ya temo e sebediswang Afrika Borwa ke bo romellwang ho tswa ka ntle – sekgahla sa ranta e fokolang se na le tshwaetso ya bohlokwa mona dithekong tse dulang di phahama tsa disebediswa le diterekere.

 

Theibole ya 3: Phetoho ka diperesente thekong ya metjhine ya temo ho ya ka selemo le selemo.
 

 

 
Diphetoho selemo le selemo
 

 
Sesebediswa 
 
Mmesa 2007 ho isa ho Mmesa 2008
 
Motsheanong 2007 ho isa ho Motsheanong 2008
 

 

 
%
 
%
 

 
Diterekere
 
11,7
 
16,7
 

 
Metjhine e kotulang
 
7,5
 
9,4
 

 
Metjhine e etsang furu
 
14,6
 
19,1
 

 
Disebediswa
 
5,3
 
7,8
 

 
Palohare
 
10,8
 
14,8
 

 


Kakaretso

Ke mang ya jarang boikarabelo dithekong tse phahameng tsa dijo? Na ruri ke bahlahisi ba dipeo tsa dijothollo le oli?

 

Sekgahleng sena seo ditjeho tsa jwale tsa tse sebediswang temong di phahamang ka sona, ho ilo ba boima hore bahlahisi ba dipeo tsa dijothollo le oli ba hlahise dijothollo tse lokelang, ha e se ha ditheko tsa dipeo tsa dijothollo le oli di ka eketseha ka sekgahla se le seng. Ho ya ka ditjeho tsa jwale tsa tse sebediswang temong le ditheko tse shebelwang pele tsa dijothollo le oli, bahlahisi ba tla tlameha ho etsa ditekanyetso ka hloko e kgolo. Bahlahisi ba tlamehile ho nnetefatsa hore ba lefa theko e nepahetseng mabapi le disebediswa tsa bona – etela dibaka tsa thekiso pele o reka, o se ke wa bo so itahlela feela o sa sheba mmaraka. Ikopanye le ba Grain SA mabapi le ditheko tsa moraorao tse ka sebediswang e le boitshetleho ba hao.

 

O tla tshwanela ho dula fatshe le ho ja masapo a hloho mabapi le hore o batla ho jala eng – o tlamehileho etsa phaello, ho seng jwalo, o ke ke wa o besa wa tuka jwalo ka molemi. Hopola hore ditheko tsa tse sebediswang temong di ka nna tsa phahama le ho feta le pele ho sehla se hlahlamang sa ho jala. 



