Input (Maize)										Sesotho

Inshorense ya tsa masimong – na o tshwanetse ho tshireletsa dijothollo tsa hao ka inshorense? 

Instructions:

Folio Strap: Inshorense

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Ka ha temo e etswa ka ntle, dikotsi di ngata, mme maemong a mang, ditshenyehelo tsa ho jala sejothollo se feta boleng ba masimo ao sejothollo se jalwang ho ona. Hangata, bareki ba tshwanela ho adima tjhelete mekgatlong e adimanang ka ditjhelete kaoa ba agribusiness e le ho tshehetsa sejothollo ka tjhelete. Ho adima kapa ho adingwa tjhelete ke kotsi e kgolo, ka ha ba nehelanang ka tjhelete ha ba batle ho lahlehelwa ke yona. Hangata, ya adingwang tjhelete o lebelletswe hore a be le lethonyana leo a etsang tshireletso e itseng ka lona – ka mantswe a mang, ya adimanang ka tjhelete o tla boellwa ke tjhelete ya hae jwang ha eba dijothollo di putlama ekaba ka lebaka lefe?



Ha eba o le monga mobu oo o lemang ho ona, ba adimanang ka tjhelete hangata ba lebelletse hore wena o ba dumelle ho ngodisa bonto (kadimo) kgahlanong le thaetlele deed ya leruo (thepa) leo. Sena se bolela hore ha eba o hloleha ho lefa molato wa hao, ba tla rekisa thepa ya hao, ebe ba nka tjhelete ya bona, eo o ba kolotang yona. Maemong a balemi ba ntseng ba thuthuha, sena ke qaka e kgolo – e ne e tla ba mahlomola a makaakang ha eba motho o lahlehelwa ke masimo a hae ka lebaka feela la dijothollo tse sa kang tsa eba ntle! Balemi ba bangata ba teng bao e seng beng ba masimo ao ba a lemang – a mang ke a hirilweng, bongata ba ona ke a setjhaba (masimo ana ke a Mmuso, mme a hlokometswe le ho tsamaiswa ke Mmuso wa setso). O sitwa ho tlamella mobu wa setjhaba bontong (bond) hobane wena jwalo ka mohlahisi, ha o na thaetlele deed ya mobu ono. Nakong e fetileng, balemi ba neng ba sebetsa mobung wa setjhaba ba ne ba sitwa ho fumana kadimo ya tjhelete ka ha ba ne ba se na tshireletso ya letho eo ba neng ba ka beheletsa ka yona. Mona he ke moo ho kenang inshorense ya tse sebediswang masimong – o ka kenya dijothollo tsa hao tlasa inshorense (inshora) hore ha ho ka etsahala ‘thato ya Modimo’, khamphani ya inshorense e tsebe ho lefella molato o kolotwang.



Ka baka la ditjeho tse ntseng di phahama tlhahisong ya tsa temo le tshireletso e ntseng e fokotseha ya balemi, tlhoko mabapi le inshorense ya tse kenngwang mobung Afrika Borwa e phahame haholo. Sehlahiswa hantlentle re ka re se theilwe kunong ya palohare, e seng e ile ya hlahiswa, ya nako e telele ya molemi yuniteng ya bohwai bohle ba hae e leng moo ho tiisitsweng peresente e itseng ya yona.

E le hore tsena di fihlellwe, balemi ba tshwanetse ho nehelana ka ditokomane tse latelang:

Moo thepa e leng teng.

GPS mmapa tse methilweng tsa mapolasi, tse bontshang masimo kaofela a batho ba fapaneng, dinomoro tsa masimo le dibaka tse fapaneng.

Ditumellano tsa kgirisetsano masimong – na ke masimo a motho ka boyena, masimo a hirilweng, a kopanetsweng ke setjhaba, jwalojwalo?

Ke mang ya tla thusa molemi ka ditjhelete?

Nalane ya tlhahiso ho ya ka mohlahisi ka mong mabapi le:

Dihekthara tse jetsweng; le

Kuno tse fihlelletsweng bonyane dihleng tse hlano tse fetileng.

Tlhophollo ya mobu o sa feteng dilemo tse pedi, mme hape o supang kamano ya naha le polasi.

Dintlha tsohle tsa mekgwa e sebediswang temong – mesebetsi ya ho phetholwa ha pele ha mobu le ha bobedi, dijothollo tse tshwanetseng ho jalwa, mefuta ya peo, manyolo, mekgwa ya taolo ya mahola le dikokwanyana, jj.

Dintlha kaofela mabapi le rakonteraka ya tla etsa mosebetsi.

Matsatsi a ho jala le ho hlaha ha peo - matsatsi a itseng a ikgethileng a dumelletswe, mme dijothollo tse jetsweng ka ntle ho matsatsi ana ha di na tshireletso ya inshorense.

Masimo a tla tshireletswa jwang kgahlanong le boshodu?

Masimo a tla tshireletswa jwang kgahlanong le tshenyo e bakwang ke mehlape?



Lebatowa la pula ya hlabula

Leano la ditjeho tsa tse kenngwang mobung mabapi le mabatowa a pula tsa hlabula le hokahane le leano la sefako moo ho inshorilweng kuno eo bonyane e lekanang le kapa e fetang kuno ya nako e telele ya palohare e hlahisistweng ke molemi polasing e amehang. Molemi o etsa qeto hore ke peresente e kae ya tshenyo eo a batlang ho e jara mabapi le kotsi ya sefako. Sena se laolwa ke kgetho ya hae ya peheletso (excess). 



Mabatowa a pula ya mariha 

Leano la ditjeho tsa tse kenngwang mobung mabapi le mabatowa a pula tsa mariha le ikemetse le inotshi, mme ha le a hokahana le leano la sefako. Sefako ke e nngwe ya dikotsi tsa tse kenngwang mobung tse inshorwang, mme ka baka lena, se kgema mmoho le dikotsi tse ding tsa tse kenngwang mobung. 



Inshorense ya tsa mobung 

Dikotsi tse tshireletswang mabapi le tse kennwang mobung di kenyeletsa tse latelang: sefako, mollo, tsamaiso ya thepa, serame, komello, pula e fetang tekano, kgoholeho ya metsi, lehlwa, moya, difefo, hammoho le tahlehelo efe kapa efe ka baka la maemo a mabe a lehodimo, malwetse a sa laoleheng a dimela, dikokwanyana le diphoofolo tse hlaha.



Inshorense ya tse kenngwang mobung mabapi le mekgwa e amohetsweng ya bohwebi

Ho lema ha balemi ho tla behwa leihlo ka nako tsohle ho nnetefatsa hore mekgwa e hlwahlwa ya bohwebi e a latelwa. Sena se kenyelletsa tse latelang:



Mekgwa e amohetsweng ya ho lema;

Poloko ya mongobo;

Talo ya mahola;

Mefuta e amohetsweng ya peo tsa ARC/khamphani ya dipeo;

Matsatsi a ho jala – jwalo ka ha a kgothaleditswe ke ARC/Khamphani ya dipeo;

Mananeo a phethahetseng a ho fafatsa;

Mebu e tehetsweng ka thoko le mathata a masimo a sa lengweng (a sa tebang, a fefotsweng ke meya, a kganngweng ke metsi kapa masimo a sentsweng ke dinonyana);

Manyolo kgahlanong le tlhophollo ya mobu; hammoho le

Dibolayalehola tse sa sebedisweng mehatong e hlokolosi.



Tshireletso ya inshorense mobung o nosetswang

Dikotsi tse tshireletswang tlasa ho nosetswa di kenyeletsa tse latelang: sefako, mollo, tsamaiso ya thepa, serame, komello, pula e fetang tekano, kgoholeho ya metsi, lehlwa, moya, difefo, hammoho le tahlehelo efe kapa efe ka baka la maemo a mabe a lehodimo, malwetse a sa laoleheng a dimela, dikokwanyana le diphoofolo tse hlaha. Komello yona ha e tlasa tshireletso, ho sa tsotellwe hore e bakwa ke eng.



Inshorense ya tse kenngwang mobung e kgema mmoho le ditjeho tse phahameng, mme ha theko ya tse kenngwang mobung e phahame, mme theko ya sehlahiswa e batla e le tlase (jwalo ka ha ho etsahala ka dijothollo tse ngata mohatong ona), ho nka mofuta ona wa inshorense ho hlokahala haholo, empa sena se ka nna sa bolela hore ha tsohle di builwe le ho etswa, ha ho sale tjhelete e ngata e fumanwang ke molemi ka mora kotulo. E ka nna yaba o adimile tjhelete, mme wa kgona ho e lefa, empa potso ke hore ke phaello e kae eo o tla beng o e entse? Na wena jwalo ka molemi o na le kgetho? E seng hakaalokaalo – o tla tlameha ho etsa peheletso ka thepa ya hao, kapa o tla tshwanela ho nka ishorense e tshireletsang kadimo eo o e entseng. Kapa, o ke ke wa fumana kadimo ya tjhelete e tla o thusa ho etsa tlhahiso!



Sena ha se bolele hore ditaba di se di le mpe hakaalo, hobane ha o etsa tsohle ka nepo, jwalo ka ha ho lebelletswe ke khamphani ya inshorense, o tla be o le sehwai se sebetsang hantle, se sebedisang mekgwa ya sejwalejwale ya tlhahiso, mme menyetla ya hao ya ho hlahisa dijothollo tsa sebele o tla be o ntlafetse haholo. 

