Hybrid (Maize)										Sesotho
Mabasetere kapa peo ya mefuta e fapaneng – iketsetse kgetho
Instructions:
Folio strap: Mabasetere
Byline: Ian Househam, Mohokahanyi wa Provense wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 
Figure 1: Palohare ya kuno ya dijothollo e fumanweng dihleng tsa 2008 le 2009.
Photo: Poone ya phapanyetsano ya pholene. 
Balemi ba fana ka mabaka a mangata hobaneng ba sa rate ho tsetela peong ya mabasetere, e leng a kang ditjeo tse phahameng tsa peo, bosiyo ba tjhelete nakong ya ho jala, ho se fumanehe ha peo ya mabasetere, tlhoko ya ho reka manyolo, kuno e nyane kapa ho se fetohe ha letho ha kuno, bosiyo ba ho ikamahanya le maemo, bofokodi ba poloko e ntle setorong, le boleng bo fokolang ba tshebetso mabapi le mabasetere a rekwang. 
Dipuo tsa mofuta ona di tsositse dipotso di hana ho fela, tsa hore na mabasetere a na le molemo ofe papisong le mefuta e bulehetseng pholene (OPV) baleming ba haellwang ke mehlodi, moo mefuta e sa tshepahaleng ya peo, moo tse kenngwang mobung di haellang, mme ho nyopa ha dijothollo e leng ntho e tlwaelehileng. Potso ya bohlokwa ke ya hore ke mofuta ofe hara e meng: lebasetere kapa OPV ke peo e tshwarellang hore molemi a be le paballeho kapa tshireletso le tshehetso e tiileng mabapi le tjhelete ya hae e kenang.
Peo ke ntlha ya bohlokwa hara tse kenngwang mobung hore tlhahiso e be teng. Mekgwa yohle ya temo e reretswe ho sebedisa bokgoni bohle ba tlhaho ba peo e jalwang. Ha ho mokgwa wa temo (mohlala, ho phethola mobu, ho hlaola mahola, manyolo, taolo ya dikokwanyana le malwetse) o ka eketsang kuno ya dijothollo ntle le boleng ba peo ka boyona. Ka baka lena, peo ke yona motheo wa katleho kapa ho nyopa ha dijothollo tse jalwang.
Ho fihlella kuno e phahameng, motho o tshwanetse ho jala peo ya boleng bo phahameng. Hore o fihlelle bonnete tabeng ena, o tshwanetse ho reka le ho jala peo e tiisitsweng (e nang le bopaki), ho sa tsotellehe hore ke ya lebasetere kapa ya OPV. Peo e tiisitsweng ke eo bonyane e hlwekileng ka 98%, e nang le peresente ya ho mela ya bonyane 90%. Le hoja ditjeo tsa peo e tiisitsweng di phahame, empa matshediso ke hore peo e jwalo e fupere bokgoni ba kuno e phahameng.
Balemi ba banyane le ba itlhahisetsang tse lekaneng malapa a bona feela, e leng ba nang le mathata a ditjhelete, hangata ba jala poone e setseng kotulong ya selemo se ka pele. Ha ba etsa tjena ka peo e bolokilweng ya poone (mabasetere), hangata ba ba le kuno e fokotsehileng (ho fihela ho 50%) papisong le poone e jetsweng e etswa peong e foreshe. Le ha ho le jwalo, ho jalwa ha dijothollo tse tswang peong e bolokilweng e etswa mefuteng e bulehetseng pholene (OPV) ha ho na tahlehelo kunong.
Lebasetere ke eng?
Lebasetere ke sehlahiswa sa pele se bang teng pakeng tsa batswadi ba babedi ba sa amaneng, moo motswadi e mong e leng e motshehadi, ha e mong yena e le e motona. Ho inkela pholene ke tshebetso eo ka yona pholene e tlohang semeleng se le seng, mme e sebediswa silikeng ya sona semela seo. Ha poone e inkela pholene ena, meloko e tla hlaha moo e tla nne e be e fokolang. Hona ho tsejwa e le ho tswalwa ha ka hare, mme ka mora meloko e latelang, sena se tla kgannela dimeleng tse fokolang, tseo re ka di bitsang dimela tsa meloko e holofetseng. Dimela tsena di nyane ka sebopeho, diqo tsa tsona di nyane, mme le kuno ya tsona ke e fokotsehileng. Le ha ho le jwalo, ha dimela tse pedi di fapanetsana, matla a boela a kgutla peong e tla ba teng, mme kuno ya dimela tse tla ba teng peong e jwalo e eketseha haholo. Hona ho tsejwa e le matla a lebasetere. Hona ho ba teng ka baka la ho tswakana ha dijene (genes), (matshwao a tswalo) tse tswang melokong e mmedi e fapaneng.
Poone ya lebasetere e na le matshwao ana a latelang:
E bonahala e tshwana ka tjhadimo ya mahlo;
E na le matla;
Kuno e phahame;
E kgethilwe e etswa bolenng bo phahameng ba dijothollo; le
Lebasetere le ikgethileng le ka kgethelwa thibelo e ikgethileng ya dikokwanyana le bolwetse kapa komello e itseng.
Melemo ya ho jala poone ya lebasetere ke ena:
Mabasetere ka kakaretso a na le kuno e phahameng ho feta mefuta e bulehetseng pholene.
Mabasetere a a tshwana ka mmala, a fihlelletse boholo bo hlokehang, mme a na le matshwao a mang a thusang molemi ho ntshetsa pele mesebetsi e itseng (mohlala, manyolo, ho fafatsa le ho kotuleng) ka nako e le nngwe.
Ho lekana ha dijothollo ho boetse ho na le melemo mabapi le mmaraka ho bareki ka maemo a boleng bo botle.
Mabasetere a fana ka kuno ya palohare ya 18% ho feta OPV.
Bobe ba ho jala mabasetere:
Theko ya peo e phahame.
Molemi o tshwanetse ho fumana kuno e fetang ditone tse pedi hekthareng ka nngwe hore ditjeo tse phahameng tsa peo e se be taba ya lefeela.
Peo e ntjha e tshwanetse ho rekwa sehleng se seng le se seng ha ho jalwa.
Dijothollo tse fumanwang peong ya mabasetere di ka nna tsa se ke tsa sebediswa hape dihleng tse hlahlamang.
Molemi a ka nna a ba le bothata ba ho se fumane peo ka nako.
Mabasetere a batla a tshaba maemo a kgatello (mohlala, ho etsa bolepo).
Tlasa maemo a tsamaiso ya dijothollo le maemo a boima a tikoloho, melemo ya mabasetere papisong le mefuta ya OPV e a fokotseha.
Mefuta e bulehetseng pholene (OPV) ke efe?
Mefuta ya OPV ke eo peo ya ona e hlahiswang feela ka mokgwa wa phapanyetsano ya pholene (ka mantswe a mang ha ho taolo ya pholene). Tsamaiso ya pholene dimeleng tse masimong ha e laolwe, e leng se bolelang hore dijothollo di ke ke tsa lekana kapa tsa tshwana, mohlala, dijothollo di tla fapana ka bophahamo, mmala wa silika o tla fapana, bolepo e ke ke ya ba ba boholo bo lekanang, mme sebopeho sa dimela se tla fihlella kgolo ka dinako tse fapanang.
Melemo ya ho jala:
Ditjeo tse tlase kapa tse siyo tsa peo. Molemi a ka nna a boloka karolo ya dijothollo e le peo ya hae.
Ditjeo tsa peo di tlase haholo ho feta tsa peo ya mabasetere.
Tjhelete e ngata e ka sebedisetswa ho reka manyolo kapa dibolayakokwanyana.
Peo e ka nna ya saekelwa hape. Ke hore dijothollo tsa sehla sena di ka etswa peo ya sehla se hlahlamang.
Dibaka tsa bokgoni bo tlase ha di na lebaka la ho ka sebedisa ditjeo tsa phahameng tsa peo ya mabasetere.
Mefuta ya OPV e na le matshwao a batsi a tlhaho, mme e fapana haholwanyane ka dinako tsa ho etsa dipalesa. Hona ho etsa hore nako ya dipalesa e be teletsana, e leng ho tla etsa hore OPV e fumane pholene nakong tse kgutshwanyane tsa kgatello e phahameng (mohlala, kgatello ya mongobo, ya motjheso, jj.). Ho fapafapana hona ho fana ka kuno e batlang e tsitsitse ho feta ha mabasetere a etsang dipalesa, e leng ho batlang ho alehile ka ho lekana. 
Ho bohlokwa ho reka peo e tiisitsweng dilemong tse ding le tse ding tse tharo hore matshwao a tlhaho a peo a dule a ntse a hlwekile.
Bobe ba OPV:
Bokgoni ba kuno bo tlase ka 10 - 25%.
Dibakeng tsa kuno e phahameng, OPV e fokotsa phaello.
Di ke ke tsa ba mmala o le mong, tsa fihlella kgolo e lekanang, hammoho le matshwao a mang a semela.
Di ka ba le sekgahla thekong ya dijothollo, mohlala, boleng.
Ho se tshwane ho ka baka mathata ha ho etswa mesebetsi e itseng, e kang ho fafatsa le ho kotula (haholoholo ha ho sebediswa motjhine o kotulang).
Hore OPV e dule e hlwekile, e tshwanetse ho jalwa bonyane 300 m hole le mefuta e meng.
Boleng bo fokolang ba peo (peo e boloketsweng ho jalwa sehleng se hlahlamang hangata e bolokwa maemong a seng matle, mme e pepesehile themphereitjhareng tse phahameng haholo, dikokwanyaneng le malwetseng) e ka nna ya baka ho mela ho fokolang le dimela tse fokolang tse ka sitwang ho tiisetsa kgahlanong le mahola.
Ka tlwaelo, mefuta ya OPV ka tlhaho ha e a bopuwa ka mokgwa oo e bontshang matla a ho ba kgahlanong le dikokwanyana kapa dibolayalehola.
Ho kotula mefuta ya OPV (e bulehetseng pholene)
Qalong, jala mofuta wa OPV o kgothalletswang lebatowa la hao.
Hlokomela masimo a hao hantle, mme o sebedise mokgwa wa temo wa paballo, manyolo, kapa bobedi. Laola mahola le dikokwanyana.
Jala dijothollo bonyane 100 m hole le masimo a mang a poone, kapa jala poone ya hao dibeke tse tharo e sa le pele kapa morao ho dijothollo tse haufi, e le hore bolepo bo be teng ka nako tse fapaneng. Ka mokgwa ona, o tla thibela kgahlamelo e sa hlokahaleng ya pholene.
O tshwanetse ho kotula ho tloha mahareng a masimo ho fokotsa kgahlamelo ya pholene.
Pele bolepo bo eba teng, hlahloba masimo a hao, mme o tlose dimela dife kapa dife tse bonahalang di fapane haholo le tse ding (ke hore, tse telele haholo kapa tse kgutshwanyane haholo kapa tse nang le bolwetse).
Nakong ya kotulo, kgetha diqo tse ntle ka ho fetisisa dimeleng tse tadimehang di le ntle ka ho fetisisa. Kgetha diqo tse tshwanang, tse se nang bolwetse, mme di ena le boleng bo lakatsehang ba dijothollo.
Kotula bonyane diqo tse 300.
Diqo di tshwanetse ho phuthelwha, di omiswe le ho bolokwa tlasa maemo a nepahetseng (tulong e ommeng le e lefifi, e tshireleditsweng).
Nnetefatsa hore peo e omme (bophelo ba peo bo menahana habedi mabapi le 1% e nngwe le e nngwe e tlasa 13% ya mothamo wa mongobo). Ho bona hore na peo e na le bonyane mothamo wa 13% wa mongobo, nka dipeo tse 100, o di tswake le 1 g ya letswai, mme o di tlohele ka hara botlolo e kwetsweng. Haeba ka mora metsotso e 5 letswai le bonahala le ena le mogobo, eba he seqo se hloka ho omiswa hape.
Peo e tshwarella nako e telele maemong a batang (eseng a kgwamo). Bophelo ba peo bo menahana habedi ha themphereitjhara ya setoro e le tlasa 5ºC.
Sesedi, kwaekgwaba le dibaktheria di kgutsufatsa bophelo ba peo. Ho fokotsa sena, hlokomela hore peo e dula e omme.
Boloka peo ka hara ditshelo tse ommeng, tse hlwekileng, tseo moya o ke keng wa kena ka hara tsona, mme o di leibole (selemong se tlang o tla be o lebetse hore ke eng ka moo).
Dintho tse thibelang keketseho ya dikokwanyana
Molora o ommeng
Molora o monya mongobo ka hara setshelo, mme o thibela ho hola le ho ata ha sesedi. Tshela 0,5 kg ya molora kilogramong e le nngwe ya peo. 
Kalaka 
E ka sebediswa jwalo ka molora o ommeng. Tswaka dikgaba tse nyane tse 15 (50 g) le kilograma e nngwe le e nngwe ya peo.
Ole e phehang 
Tswaka ole e phehang le peo ya hao ho thibela keketseho ya sesedi. Sebedisa kgaba e nyane e le nngwe ya ole kilogramong e le nngwe ya peo.
Mahlaku a ommeng le a sitsweng a tswang dimeleng tse fapaneng 
Sesedi se tshaba dimela tse nkgang ha bohloko. Sebedisa chilli (tswaka dikgaba tse nyane tse hlano tsa phofo ya chilli le kilograma e le nngwe ya peo).
Lekgala 
Omisa le ho sila mahlaku le ho tswaka dikgaba tse hlano tse nyane le kilgrama e le nngwe ya peo.
Melemo ya peo ya lebasetere le e bulehetseng pholene
Lebasetere
OPV
Bokgoni ba ho iphumanela tsa tlhaho.
Phahame.
Mahareng.
Molemo o tswang peong e sebeditsweng le taolong ya boleng.
Phahame.
Ha feela e rekwa e le peo e tiisitsweng.
Boteng ba morekisi ya tshepahalang wa peo ya ka thusang katamelong ya tse ntjha tsa tlhaho.
Ho ka etsahala.
E sa le potso.
Tokoloho ya setjhaba sa temo.
Tlase.
Phahame
Peo e ntle ya lebasetere e ka ba le tshebetso e ntle ho feta OPV e fokolang ka ho fetang 70%. Le ha ho le jwalo, OPV e ntle e ka nna ya sebetsa ka ho lekana le lebasetere kapa ya sebetsa le ho feta. Sekgahla sa ho jala peo ya moloko wa bobedi (e kotutsweng) se senyane haholo peong ya OPV, empa se sebe haholo lebasetereng (ho fihla tahlehelong ya 50%). Mabasetere a boemo bo hodimo a hlahisa 18% ya dipeo tse ngata ho feta OPV ya boemo bo phahameng. OPV e boelang e sebediswa hape e hlahisa ka 5% peo e nyane ho feta OPV e foreshe.
Ha ho rekwa peo e tiisitsweng, ditjeo tsa peo di tla phahama haholwanyane ho feta ha ho rekwa peo e foreshe ya OPV kapa e boelang e sebediswa hape. Boemo ba kuno ya dijothollo mohatong ofe kapa ofe wa tsamaiso e tla ba:
1. Lebasetere;
2. OPV;
3. OPV e boelang e sebediswa hape; le
4. Lebasetere le boelang le phetwa hape.
Ho reka peo ya lebasetere selemo le selemo ho bonahala e le kgetho e ntle haholo, hang ha boemo ba tsamaiso e le ditone tse pedi hekthara ka nngwe kapa ho feta mona. Ha maemo a tsamaiso a phahama, ho sebediswa hape ha peo ho ntse ho haellwa ke molemo. Molemo ke o monyane haholo ho molemi haeba ho tloha peong ya OPV le ho fetohela ho ya lebasetere ho etswa ntle le tshebediso ya manyolo, mme hape ho se phetoho ya letho tsamaisong. Haeba molemi a a reka peo ya lebasetere ka theko e phahameng, mohato wa hae wa tsamaiso le ona o tshwanetse ho eketseha ka mokgwa oo.
Balemi ba poone ba ka bokeletsa boleng ba poone ya bona e le e ka rekiswang. Le ha ho le jwalo, re a tseba hore tshireletso ya tsa lelapa, ho qoba dikotsi, tseo motho a ikgethelang tsona, le tlwaelo ya nako e fetileng, din a le seabo se matla diqetong tsa molemi mabapi le tseo a di jalang hammoho le mekgwa ya tsamaiso dijothollong. Ka mokgwa o jwalo, tshireletso ya peo ya lelapa ke taba ya bohlokwa e lokelang ho shejwa mabapi le ho saekelwa ha dijothollo e le peo, haholoholo dibakeng tse hole tse hlokang barekisi ba dipeo. Mebaraka ya dijothollo moo ho lebelletsweng ditheko tse kgotsofatsang, ke ntlha ya bohlokwa ya balemi ba hlokang, ha ho etswa qeto hore ke peo efe e ka rekwang. Ho teng dintlha tse ngata tsa tlwaelo setjhabeng le tsa meetlo tse amang peo ya lebasetere kgahlanong le ya OPV.
Peo ya OPV e ka nna ya ba kgetho e ntle baleming ba poone tlasa maemo a mang a itseng, empa tshebediso ya OPV kapa peo e boelang e phetwa hape ke kgutlelomorao kunong ya dijothollo. Ka kakaretso, lebasetere le tla hlahisa dijothollo tse nagata ka 18% ho feta boholo bo botle ba OPV.
Ntlha tse lokelang ho shejwa ha ho etswa qeto ka mefuta e fapaneng
Katamelo melemong ya phuputso tswelopeleng ya tsa tlhaho mefuteng e metjha.
Katamelo melemong ya tshebediso ya peo le boleng ba yona.
Boteng ba morekisi wa sebele wa peo.
Maqheka a bophelo a ditjhabana tse hlokang mehlodi.
Tlhophollo ya ikonomi phaellong ya matsete (kuno).
Ntlha tse ka shejwang kgethong ya mefuta ya peo
Ho tshepahala ha kuno.
Ho mamella komello.
Ho mamella malwetse.
Boemo.
Ho mamella dikokwanyana (BT).
Bolelele ba sehla.
Nako ya ho fihlella kgolo e phethahetseng.
Sekgahla sa ho oma.
Ho mamella esiti.
Ho ba kgahlanong le dikhemikhale (poone e seng e lokile ya round-up).
