Hunger (Maize) 								Sesotho



Sekgahla sa tlala – nnete e dulang e hola Afrika Borwa



Instructions: 

Folio strap: Kakaretso

Byline: Dr Kobus Laubscher, Manejara e moholo wa Grain SA



Mokgatlo o motjha o theilweng, e leng Mokgatlo wa Ntshetsopele ya Molemi Dijothollong (Grain Farmer Development Association kapa GFDA), tshebedisanong le Marangrang a kgokahano ya Boleng ba Dijothollo (Grain Value Chain Network kapa GVCN), ha o a tshwenyeha feela ka ho hloka katleho ha tlhahiso e batsi ya dijothollo Afrika Borwa, empa e boetse e tshwenyehile ka sekgahla se fupereng tshenyo sa boemo bona ho balemi ba batjha ba kenang temong.



Ho thehwa ha balemi bana ba batjha ke e nngwe ya merero e ka sehlohong ya Mmuso, mme ka baka lena, GFDA e batla ho tshehetsa balemi bana ba batjha ka hohlehohle. Empa ho thusa balemi bana ka masimo ntle le tshehetso le kgothaletso tse hlokahalang ke ho iphapanyetsa dinnete tseo batho bana ba shebaneng le tsona. Ditho tsa GVCN di na le boqhetseke le boiphihlelo ho tshwarahana ka matsoho le ho fana ka tshehetso, empa ke boikarabelo ba Mmuso ho thusa ka ditjhelete tse hlokahalang ho ba fa bokgoni bo hlokahalang hore bonyane ba be le monyetla wa ho tshwarella.



Hantlentle, ke taba ya bohlokwahlokwa hore maemo a indasteri yohle ya dijothollo a hlolwe botjha. Nako ha e sa le yo, mme e tla ba taba e swabisang ha Afrika Borwa e fihla boemong ba ho haellwa ke dijo. Ke nako jwale ya hore e mong le e mong a lemohe hore tlasa maemo a jwale, sekgahla sena se ntse se fetoha nnete e dulang e eketseha.



Bothata bo hokae?

Ditheko tsa tlhahiso di hokahane ka ho otloloha le ditjeo tsa matjhaba mabapi le tse kenngwang mobung, mme Afrika Borwa ke e nngwe ya dinaha tseo ditjeo tsa yona tsa tse kenngwang mobung di phahameng ka ho fetisisa lefatsheng. 



Keketseho ditjehong tsa tlhahiso e etsahala ka potlako ho feta ditheko tsa dihlahiswa, e leng se behang balemi tlasa kgatello e mpe haholo. Tlhahiso le bokgoni ke ntlha tse pedi tse ka thusang kgahlanong le qaka ena. Ka baka lena, phuputso e bohlokwa mabapi le ho ntlafatsa mekgwa ya tlhahiso. Mathata a sitisang ke hore Mmuso ha o thuse ka ditjhelete tse lekaneng hore phuputso tse tebileng di kgone ho etswa.



Ditheko tse ntseng di phahama di batla hore phaello tse ntseng di phahama hekthareng ka nngwe di fihlellwe, kapa ho nama ha tlhahiso ho atoloswe. Sena se bolela hore diyunite tsa bolemi di tshwanetse ho atoloswa hore ho be teng tjhelete e hlokolosi e tla sala ha ho ntshitswe ditshenyehelo. Ka lehlakoreng le leng, balemi ba batjha ba ka fihlella phaello e hlokahalang ka bohlwahlwa bo boholwanyane le ka theknoloji ya moraorao tjena. Sepheo e sala e le hape ho kena ka setotswana ikonoming e batsi. Balemi ba batjha mona ba na le lesisitheho mabapi le phapanyetsano ya bokgoni le tshehetso ya nako tsohle, e leng ponelopele ya GFADA. Sena ke tshitiso e kgolo baleming ba batjha ba temo. Bolemi ke indasteri e kotsi e ipiletsang mehatong e meholo nakong ya dilemo tse mpe. 



Lehlakoreng la tjhelete e kenang, ditheko di boetse di hokahane le ditshekamelo tsa matjhaba, mme di kotsing ka baka la sekgahla sa phapanyetsano. Hona ke ntho eo balemi ba sitwang ho etsa letho ka yona, mme e tshwaetsa ditumellano kgwebong ka mokgwa o matla haholo. Ditheko di dula di fetoha pakeng tsa tekano pakeng tsa tse romellwang ka ntle le tse romellwang di etswa ka ntle, mme hajwale di haufiufi le tekano ya tse romellwang ka ntle, e leng se sitisang phaello.



Ditheko tsa dijothollo di laolwa ke mekgwa ya mmaraka o lokolohileng, e eketsang bohlokwa ba tlhoko le phepelo. Tlhahiso ya Afrika Borwa e feta ditlhoko tsa mmaraka wa selehae, mme sena ha se bolele hore menyetla ya ho romella ka ntle e na le molemo o mokaalo. Phepelo ya lefatshe hajwale e phahame haholo, e leng se qobellang ditheko ho theoha. Maano a mmuso wa selehae a sitisa ntshetsopele ya mebaraka e metjha (bio fuels), e leng se sitisang keketseho ya boleng.

 

Bahlahisi ba Afrika Borwa ba fumana tshehetso e nyane kapa e siyo Mmusong, e leng se ba sitisang ho hlodisana le dinaha tse romellang thepa ka ntle, tseo ka tlwaelo di fang Mmuso tshehetso ya ho thusa balemi ba tsona. Ka baka lena, Mmuso wa Afrika Borwa o ka hlahloba botjha taolo tsa makgetho a lefuwang ka sepheo sa ho tiisa hore molemi o fumana tshehetso e ntle, mme moreki le yena o kgona ho reka.



									

