Help (Maize) 										SESOTHO

Thusa hle – ke rata bolemi!

Instructions:

Folio Strap: Keketso ya Boleng

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Balemi ba bangata ba re letsetsa mohala mabapi le kopo ena – “Nthuse hle, ke rata bolemi”. Ba bang ba bona ke ba se nang letho, ha ba bang bona ba na le masimo le disebediswa. Bolemi ke kgwebo, mme ho kganna kgwebo matsatsing a kajeno ke ntho e boima – o tshwanetse hore o ikgwantlelle, o inehele, o ikemisetse ho ba le tsebo.

Ho ba lakatsang ho ba balemi, empa ba hloka masimo kapa yona metjhine, bothata bo rarahana le ho feta. Le ha ho le jwalo, hopola hore ha ho hlokahale hakaalo hore o be le masimo hore o be molemi. Nnete ke hore masimo ohle re a adimilwe – re bahlokomedi feela ba mobu, mme ha re eshwa, mobu ona o tla itshalla. Ha eba o fela o lomahantse meno ka bolemi, fumana mobu, le ha e ka ba o monyane, mme o qale hanghang. O ka hira mobu (hopola hore mobu wa poraevete o ka o adingwa, mme hape bongata ba bommasepala ba na le mobu o kopanetsweng ke bohle, e leng o ka hiriswang). O tlamehile ho simolla, hape o tlamehile ho ithuta le ho kena tshebetsong – O ke ke wa ba molemi feela ka dibuka, ka ha tseo ho ithutwang tsona bukeng di se matla jwalo ka tshebetso ya matsoho masimong. 

Taba e hlahlamang eo o e hlokang ke tsebo – Bolemi bo mahlakore a mangata. Ho ya ka mofuta wa hao wa bolemi boo o bo rerileng, ho ka nna ha etsahala hore o tsebe ka dimela (dijothollo tsohle le tsa peo ya oli, meroho, dijo tsa diphoofolo le tshwele), diphoofolo (tse kgolo, tse nyane, dikolobe, dikgoho, tse ruuwang), metjhine (diterekere, diplantere, difafatsi le disebediswa tse phetholang mobu) hammoho le taba eo o tshwanetseng ho e tseba haholoholo, ya tsamaiso ya mehlodi eo o ilo e sebedisa (tjhelete, batho, metjhine le disebediswa tse ding).

Ha o na le sekotwana sa masimo, le ha e ka ba hekthara kapa tse pedi – wena tswela pele! Hang ha o se o simollotse, o se o ntse o le tseleng ya ho ba molemi wa mohwebi. O ithutile ka mekgwa e lokileng ya ho etsa tsohle. Ka bomadimabe, re lemoha hore batho ba ithuta ka mekgwa e lokileng ya ho etsa dintho empa ba ntse ba tswela pele ho etsa dintho ka mekgwa ya sekgalekgale. Oprah Winfrey o re, “Ha batho ba na le tsebo, ba etsa dintho hantle”. Ha o ithutile ka ho nka disampole tsa mobu ho lekanya boemo ba menontsha ba mobu wa hao – etsa jwalo! Ha dikgothaletso mabapi le manyolo di kgutlela ho wena – sebedisa manyolo a nepahetseng (le ha e ka ba hekthareng e le nngwe ya hao). Reka peo e nepahetseng, etsa bonnete hore o jala palo e nepahetseng ya dimela meleng, le hore ho arohana ha mela ho nepahetse. Laola mahola a hao – mahola ke sera sa pele boleming ba dijothollo, a utswa dijothollong tsa hao! A utswa metsi, dijo, kganya ya letsatsi le moya – ha ho le a mong wa rona ya ka dumellang hore a nne a utswetswe, le tsona dijothollo tsa hao di ke ke tsa e dumela taba e jwalo.

Ha o se o ikutlwa hore o utlwisisa se tshwanetseng ho etswa boleming, eba he ke nako ya ho atolosa boholo ba masimo a hao. Re atisa ho utlwa batho ba bangata ba tletleba ka le reng masimo a bona a manyane – na sekotwana seo o nang le sona o se sebedisa ka mokgwa o hlwahlwa? Na mohlomong o hlahisa haholo masimong a hao a manyane? Na o sebedisa keletso tsohle ka moo o kgonang ka teng? – hopola hore ka mehla ho teng batho ba tsebang haholwanyane ho feta wena, mme ba eme e le malala a laotswe ho o thusa. 

