Heart (Maize) 									SESOTHO



Grain SA – kgubung ya indasteri ya dijothollo



Instructions:

Folio Strap: Keketso ya Boleng

Byline: Jenny Mathews, Modulasetulo wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi



Grain SA e tsamaisa lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi, le tsheheditsweng ka ditjheletre ke Trusete ya Poone, Trusete ya Ntshetsopele ya Dipeo tsa Oli le Protheine, Trusete ya Mabele le Trusete ya Diserele tsa Mariha, e leng ka sepheo sa ho hlahlella balemi ba Afrika Borwa ka tsebo e tliswang ka kwetliso le ka tshebeletso e kgemang mmoho le mafapha a tshehetsang ka dintho tsa letsatsi le letsatsi tse ka fihlellwang ha bonolo. 



Ka hobane Grain SA e na le sehlopha sa ditsebihadi tse kgonang ho fana ka bokgoni ba boleng bo phahameng le thuto baleming ba batjha ba Afrika Borwa, e tadingwa ka ho potlaka jwalo ka moetapele lefapheng la Ntshetsopele ya Molemi naheng ena. Ditho tsa Grain SA di dumale hore lenaneo lena le tla thusa ka diphetoho tabeng ya ho hlahlella batho ba neng ba tinngwe menyetla pele hore ba kgone ho hlodisana ntle le leeme indastering ya dijothollo. Le ha ho le jwalo,ho bohlokwa hore ho utlwisiswe ka ho hlaka hore Grain SA ke mang, le hore e kgatha tema e kae sedikadikweng se sephara sa temo Afrika Borwa.



Grain SA ke mang? 

Grain SA ke mokgatlo wa boithaopo o shebaneng ka ho otloloha le indasteri ya dijothollo ya naha le ya matjhaba. E shebane le ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa balemi bohle ba dijothollo ba Afrika Borwa. 



Molemi e mong le e mong ya sebetsang, ya ntshetsang pele sepheo sa Grain SA, o na le tokelo ebile o kgothaletswa ho ba setho sa mokgatlo hang hoba a lefe tjhelete e hlokahalang ya botho.



Grain SA e kgatha tema efe tikolohong ya temo Afrika Borwa?

Grain SA ke hloho e laolang indasteri ya dijothollo tsa naha ka bophara, mme sepheo sa yona ke ho ba molomo wa wa balemi bohle ba dijothollo Afrika Borwa ka mokgwa oo e kgonang ho ntshetsa pele ditabatabelo tsa balemi ba dijothollo le ba marangrang ka bophara ba ona indastering ya dijothollo.



Grain SA ke leihlo le ntjhotjho indastering, mme e kene ka setotswana mosebetsing wa ho rala leano le ho etsa diqeto tse amang ditabatabelo tsa balemi ba dijothollo lebitsong la ditho tsa yona. Grain SA e boetse e teka maikutlo le menahano ya balemi mmusong, mme ka ho sebedisana le mmuso e rarolla mathata le ho ralwa ha molao.



Sepheo sa motheo sa Grain SA ke ho hahamalla tlhahiso e hlwahlwa hammoho le tikoloho e se nang leeme mmarakeng wa dijothollo. Mokgatlo o boetse o sebedisana ka matla le basebetsimmoho ba bang ketaneng ena ya boleng ka sepheo sa ho ntlafatsa tlhodisano ya indasteri ena e kgolo hore kgonahalo e be teng ya ho hlodisana le basebetsimmoho ba baholo ba matjhaba, ba kang USA le Brazil. 



Grain SA e phetha mesebetsi ka Dihlopha tsa Tsebo e Ikgethileng 

Dihlopha tsena di bopilwe ka basebeletsi ba Grain SA, ditsebihadi tsa tsebo e ikgethileng hammoho le balemi lekgotleng la Phethahatso. Hara tse ding, ditsebihadi tsena di sebetsana le tse latelang:

Di tadima e le taba ya bohlokwa ho hlahloba diphetoho tikolohong ya temo le ho kena ka setotswana dikomiting tsa keletso tsa Letona ka sepheo sa ho etsa bonnete hore tshebetso ke e se nang leeme, le hore menyetla ke e lekanang mabapi le balemi bohle ba dijothollo naheng;

Ditsebihadi di beha leihlo ho tse sebediswang temong hammoho le ditjeong tsa tlhahiso ya dijothollo tsohle;

Di boetse di sebetsa e le leihlo le shebaneng le boleng ba ditshebeletso hammoho le dihlahiswa, e leng tse fetisetswang ho balemi ba dijothollo; 

Di buella balemi ho ba agribusiness ho phatlalla le naha;

Di ithuta ho nama ha tikoloho ya kgwebo ya lefatshe le ho batla tshireletso ya mmuso mabapi le balemi ba dijothollo ka sepheo sa ho nnetefatsa hore lebala la tshebetso ke le se nang makukuno;

Di etsa bonnete hore diphuputso di a etswa hore Balemi ba dijothollo ba Afrika Borwa ba ba le tsebo le theknoloji e tla ba beha boemong ba tlhodisano; 

Di hlahloba tikoloho ho fumana balemi ba batjha le ho leka ho ba kenya tlhahisong ya dijothollo le mebarakeng. Sehlopha sena se boetse se beha leihlo mosebetsing wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi. 



Ho hlakile hore le hoja Grain SA e sitwa ho thusa ditho tsa yona (balemi) ka ditjhelete, e fana ka tshehetso le bokgoni, e leng tse hlokahalang ho molemi e mong le e mong wan aha. Mesebetsi ya mokgatlo ona e etsa hore balemi ba kgone ho tsepamisa tshebetso ho seo ba kgonang ho se etsa hantle ka ho fetisisa – e leng ho hlahisa le ho mmaraka dijothollo! Ho bohlokwa hore balemi ba dijothollo ba utlwisise hore Grain SA e thusa ka tse ngata ho feta thuto le kwetliso! 



Molemi e mong le e mong wa Afrika Borwa o tshwanetse ho phehella ho ba setho se feletseng ka hohle sa Grain SA, se nang le tokelo ya ho vouta. Grain SA ha se feela leihlo la molemi wa dijothollo, empa ke ditsebe le molomo tikolohong ena ya temo e ntseng e rarahana ho ya ho ile, e boetseng e shebane le kgatello e eketsehang ya matla a tswang ka ntle jwalo ka tlhodisano ya lefatshe ka kakaretso. Ha eba ke phephetso ho balemi ba dijothollo ba seng ba ikemetse ho hlodisana mebarakeng matsatsing ana, ho tla ba boima hakae ho balemi ba batjha hore ba eme ba tiile, ba atlehile, e le bahwebi ba makgonthe? Ntle le tshehetso le tsebo e hlwahlwa ya Grain SA, thuso le tshireletso ya ditabatabelo tsa balemi bohle ba dijothollo naheng ena di tla ba kotsing ruri. 



