 Hat (Maize)										Sesotho
Katiba ya lefatshe – tshireletsa thepa ya hao!
Instructions:
Folio strap: Mobu 
Byline: Jenny Mathews, modulasetulo wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Grabber: Tshireletso ya mobu wa hao ke ntho e ntle ruri!
Ha motho o nahana ka dipalopalo tse bontshang hore mehato ya ho nona ha mobu Afrika e ka borwa e ntse e nyehla, le hore tse bolang mobung le tsona di ntse di fokotseha temong ya mobu o tulong ya komello, eba he ho se ho le teng mabaka a mangata a matle a ho nahana ka ho jala dijothollo tse tshireletsang, haholoholo ha dipula tsa moraorao kapa ditjeo hammoho le tse kenngwang mobung, tse bonahalang di ntse di phahama ka theko – ka bobedi ke tseo re kopanang le tsona sehleng sena, mme ke tse ka thibelang molemi ho jala poone.
Le hoja dijothollo tse tshireletsang di nnile tsa sebediswa mekgweng ya phapantsho ya dijothollo dilemokgolong tse ngata tse fetileng, matsatsing a kajeno balemi ba se ba tlwaetse ho sebedisa manyolo le dibolayalehola bakeng sa hoo. Kelohloko e ntseng e hola ya tlhoko ya ho tshireletsa tikoloho e supa ha balemi ba sejwalejwale ba kgutlela hape dijothollong tse tshireletsang, tsa phapantsho ka baka la melemo e fumanwang ho tsona.
Melemo ya dijothollo tse tshireletsang
Dijothollo tse tshireletsang di molemo ka mabaka a mangata:
Ntlafatso ya popeho ya mobu
Popeho ya mobu e ntlafatswa hang feela ha semela se eba le metso, mme se hola mobung o kopaneng. Mobu o ba le masoba, mme o kgona ho monya le ho tshwara mongobo. Ha masimo a tlohelwa a sa lengwe nako e telele, bokahodimo ba mobu bo a teteana, bo ba thata, bo etsa hore metsi a bohlokwa a fete feela ka hodimo. Dijothollo tse tshireletsang di tshireletsa bokahodimo letsatsing le tjhesang haholo, mme jwalo ka kobo di fokotsa ho teteana ha mobu, mme di kenya diphedi (living organisms), tse kang diboko tse bang teng ka baka la dimela tse bolang.
Taolo ya kgoholeho
Dijothollo tse tshireletsang di thusa ho tshwara mobu hore tahlehelo efe kapa efe ya mobu e ka bakwang ke metsi kapa moya e fokotsehe haholo.
Monono wa mobu
Dijothollo tse ngata tse tshireletsang di fana ka mohlodi wa tlhaho wa manyolo a nonneng a tse bolang. Mefuta ya monawa e eketsa nitrojene ya bohlokwa mobung. Moo o kentseng manyolo hantle sehleng sa dijothollo, mme eba ho na le nitrojene e fetang tekano mobung, mohlomong ka baka la dijothollo tse fokolang ka baka la komello, eba he menontsha ena e sebedisetswa melemo e meng ka ho jala dijothollo tse tshireletsang, tse kang furu, ka ha yona e na le potassium le phosphorous e ngata.
Bothata boo balemi ba kopanang le bona ke kgaello ya menontsha, haholoholo wa N le P. Hona ho ka rarollwa ha bonolo ka manyolo a lokisang bothata bona, empa balemi ba fokolang, ba ntseng ba thuthuha, ba sitwa ho kgetha mokgwa ona, mme ka hoo, sejothollo se tshirelletsang, se kenngwang lenaneng la phapantsho, se fetoha tharollo e ntle e kgannelang phaellong ya tjhelete hammoho le mononong wa mobu. Ka kakaretso ho dumelwa hore ka ho sebedisa semela sa hlabula sa mofuta wa monawa se kang dierekisi (cow peas) saekeleng ya phapantsho le poone, ho tlisa kuno, mme tlhahiso e ka ntlafatswa, le monono wa mobu o ka ntlafatswa, mme ditjeo tsa manyolo tsa theoha.
Taolo ya mahola
Ho teteana ha sejothollo se tshireletsang se kang dierekisi kapa jwang ba tefe (teff grass) ho fana ka moriti letsatsing, mme ho boetse ho hatella mahola, a neng a ka nna a hola ka bolokolohi.
Tlhahiso ya dijo
Maemong a mang moo dijothollo tse kang dierekisi (akkerboontjies) le teff (eragrostis tef) di jetsweng, sejothollo ha se thuse feela mobu nakong ya sehla moo ho sa kang ha jalwa poone teng, empa se boetse se fana ka molemo wa dijo tsa mehlape ya hae tse tla ba bohlokwa sehleng sa komello seo a yang ho sona.
Ditjeo tsa teranseporoto
Boholo ba dijothollo bo kenya motho ditjeong tsa ho nka thepa masimong moo e hlahiswang teng ho e isa moo e rekiswang teng, ha dijothollo tse tshireletsang tsona ka kakaretso ho sa lefshwe letho ho tsona, ka ha hangata di hlahisetswa ho sebediswa moo di jalwang teng, kapa bonyane masimong a lehae ka boona.
Mefuta ya dijothollo tse tshireletsang
Sejothollo se tshireletsang se kgethwa ho ya ka palo ya dipehelo, mme molemi o tshwanetse ho botsa dipotso tse kang tsena:
Se tshwanetse ho jalwa neng?
Sepheo ke sefe sa tshebediso ya sona?
Ke dijothollo dife tse tshireletsang tseo ka tlwaelo di sebetsang hantle lebatoweng la ka?
Na masimo ana a hloka mofuta wa monawa (legume) kapa sejothollo se tsireletsang seo e seng sa monawa? Hopola hore dijothollo tse tshireletsang di eketsa nitrojene ka ho e nka sepakapakeng, ha dijothollo tseo e seng tsa monawa tsona di sebedisa nitrojene e seng ntse e le teng mobung hammoho le menontsha e meng.
Tse ding tsa dijothollo tsa mofuta wa monawa tse kgonahalang ke: dinawa tsa tswekere, lesere, dierekisi (field peas kapa cow peas), dimela tsa furu, jwalojwalo. Dijothollo tse ding tseo e seng tsa mofuta wa monawa tsona ke: jwang ba tefe, rogo, jwang ba tshaane, habore, koro, dihwete tse jewang ke dikgomo, furu kapa salate ya meroho ya Majapane.
Re tsepamisa maikutlo dierekising tsa cow peas (Vigna sinensis) – monawa
Dierekisi tsena ke dijothollo tsa lehlabula tse kgonang ho mamella komello le motjheso. Ke semela se bang teng selemo le selemo se fihlellang bophahamo ba 80 cm, mme se na le motso o motenya o kenellang tlase. Se hola ha monate mobung o lehlabathe, o sa nonang. Se molemo mobung hobane se ka mela mobung o haellwang ke nitrojene ntle le ho tlatselletswa ka manyolo, empa taba ya bohlokwa ke hore se boetse se molemo ho ka sebediswa ke batho le diphoofolo, ka ha mahlaku, kebolwa le peo di ena le boleng bo phahameng ba menontsha. Dierekisi tsena di ka nna tsa omiswa le ho bolokwa hantle.
Re tsepamisa maikutlo jwanng ba tshaane (Eragrostis Tef) – ha se monawa
Makgulo ana a lenngweng ke a holang selemo le selemo nakong ya beke tse 8 - 12. Jwang bona bo ithatela maemo a lehlabula a lekaneng hantle, mme bo hola hantle mobung o seng metsi haholo. Mofuta ona wa jwang ke setshireletso se setle sa mobu, mme ho teteana le ho hola ka sekgahla ha bona ho bipetsa le ho kgama mahola a sa batlahaleng. Bo sebediswa haholo jwalo ka furu, mme bo hloka ho helwa bonyane habedi nakong ya sehla se setle. Furu e tshwanetse ho helwa pele peo e butswa.
Qetelo
Menyetla e tliswang ke dijothollo tse tshireletsang, tsa phapanyetso, tse lengwang nakong ya sehla sa metsi, ke e babatsehang, e leng moo molemi, ka mabaka a itseng, a sitisitsweng ho jala dijothollo tsa hae tse tlwaelehileng nakong ya sehla se metsi. Balemi ka lefatshe lohle ba tsebilwe ka ho rehella dijothollo tsena “katiba ya lefatshe” ka baka la tshireletso eo di e fang mobu. Ho hlakile hore ho beha mobu wa hao wa bohlokwa tlasa setshireletsi ke ntho e ntle haholo!
