Harvest								Sesotho



Ke nako ya kotulo!



Instructions:

Byline: Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Ntshetsopele la Grain SA



Ditshwantsho tsena tse tsamayang mmoho di bontsha kotsi e ka welang molemi wa koro ha eba ditlhophiso tsa dicombines di sa etswa. Ditshwantsho tsena di nkilwe ka Hlakola masimong a Kaapa Botjhabela – koro ena ha e a ka ya kotulwa, mme masimo a ile a tlameha ho tjheswa!



Ke taba e maswabi ya hore ka mora mosebetsi wa selemo hore ho se be le ha e le dijothollo tse kenngwang ka sesiung, mme matsapa a tshwanetse ho etswa ka matla hore sena se se etsahale.



Ka bomadimabe koro ke sejothollo se tshwanetseng ho kotulwa ka motjhine hore kuno e be hodimo, le yona kereiti, mme ho thasisella mona, bakotudi ba koro ba sebedisa metjhine e itsamaisang, e leng se bolelang hore metjhine ya bona ke ya theko e hodimo. Ho hlophisa koro ho ya ka kereiti ke taba e hlokolotsi haholo mabapi le poreisi, mme koro ke sejothollo se lahlehelwang ke kereiti ya sona kapelepele le ha bonolo ha eba e sa kotulwe nakong e nepahetseng. Koro e tshwanetse ho kotulwa kapele ka moo ho kgonehang, ka ha le yona pula e nyane e welang hodima koro e butswitseng e lekane ho theola kereiti ya koro le ho etsa hore tlhahiso ya koro e se be le phaello.



Boholo ba balemi ba banyane bo tlamehile ho sebedisa borakonteraka ba dicombiners (metjhine e kotulang koro) ho kotula koro. Ho teng mathata a amanang le sena:

Bakotudi ba metjhine

Hangata ba kena selekaneng le balemi e sa le pele sehleng.

O na le tjheseho ya ho etsa dihekthare tse ngata hobane sena se bolela tjhelete ho yena.

O sitwa ho noha hore pula e tla na kae, neng, mme sena se ka mo diehisa.

O kgetha ho kotula masimo a maholo a hlokang dicontours (ditepisi tse arolang karolo e hodimo le e tlase ya masimo) ka ha metjhine e kgona ho etsa hekthare tse ngata ka letsatsi ka baka la metjhine e mmalwa masimong.

Ha a rate ho emela ditrailara (trailers).

O lefuwa ho ya ka palo ya hekthare tseo a di kotulang, eseng ka kereiti e fumanwang ke molemi.

O shebane le kotsi ya ho robeha – ha metjhine e sebetsa haholo sena se a etsahala, mme se ke ke sa porofetwa.

O sitwa ho fumana diparete tsa metjhine ka ha ho robeha ho etsahala nakong tsa Keresemese le New Year, nakong eo batho ba ratang ho ya phomolong.



Kaofela ha tsena ho bonahala eka di re beha ka mosing, empa ho bohlokwa ho shebisisa dikoti e le hore re etse maqheka nako e sa le teng.

Molemi o tshwanetse:

Ho etsa ditlhophiso le rakonteraka nako e sa le teng.

Ho etsa bonnete hore rakonteraka ha a a ikimetsa ka mosebetsi.

Ho etsa bonnete ba hore mafika a manyane le palo ka moo ho ka kgonahalang ka ha tsena di ka lematsa theibole ya motjhine.

Hlophisa ditreilara tse lekaneng ka palo hore di be teng masimong hore mosebetsi o se diehiswe.

Etsa ditlhophiso tsa (setoro) ho beha koro ha eba e ke ke ya tloswa masimong.

Etsa ditlhophiso le disiu tsa selehae mabapi le ho omiswa ha koro, ha mohlomong eba sena se ka tshoha se tlameha ho etswa.



Di pedi dintho tse monate mabapi le sehla sa kotulo – ho phetheha ha saekele e itseng ya tlhahiso ya dijothollo hammoho le ho simolla ha sehla se hlahlamang. Mabapi le balemi ba hlahisang koro Foreisetata, ntlha ena yohle ya paballo ya mongobo mobung, mohlomong ke yona ntlha ya bohlokwa ka ho fetisisa ya tshebetso yohle ya tlhahiso ya koro nakong ya lehlabula.



Bohlokwa ba ho baballa mongobo mobung ke taba e ke keng ya hatellwa ho feta mona. Tshebetso ena e tlamehile ho simolla hanghang ka mora kotulo ya dijothollo tsa nako e fetileng. Dira di tharo tse emeng kgahlanong le ho bolokwa ha mongobo mobung:

Ya pele ke ho phalla feela ha metsi, e leng moo mobu o leng thata, mme ka baka lena, metsi a sitwa ho monyela mobung, kapa dipula tse matla di na ka sekgahla hoo metsi a sitwang ho monyela mobung.

Ya bobedi ke tshebetso ya ‘capillary’ – ke motsamao wa metsi ho ya bokahodimong ba mobu moo metsi a etsang phofodi le ho lahlehela sebakeng. Sena se etsahala ha bokahodimo ba mobu bo le thata le ho petetsana haholo.

Ya boraro ke tlhodisano kgahlanong le mahola – mahola masimong a sebedisa mongobo oo wena jwalo ka molemi o lekang ho o baballela dijothollo tse hlahlamang.



O tlamehile ho tsamaisa ditaba tsa masimo a hao ho tloha nakong ya kotulo e fetileng ho isa nakong ya ho jala ho etsa bonnete hore o baballa metsi a mangata haholo mobung ka moo ho kgonahalang ka teng. Katleho ya dijothollo tse hlahlamang e matsohong a hao!

