Hail (wheat) 										SESOTHO

Majwe a theohang marung



Instructions:

Folio Strap: Sefako

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA

Insert: Tlhahiso ena e ikgethileng e kgonahetse ka thuso ya Trusete ya Diserele tsa Mariha (Winter Cereals Trust)



Koro ke sejothollo se boi haholo, se tshabang sefako – ho fihlela le nakong ya kotulo. Ho a kgonahala hore sefako se matla se ka rinya koro mph hoo ho ka salang ho se letho le ka kotulwang.



Sehla sa tswelopele ya ditsejana le ho butswa ha koro Foreisetata e ka Botjhabela se fihla ka nako e le nngwe le sehla seo ka sona pula le dikgohola tse matla tsa sefako di ka lebellwang dibakeng tse ngata. Ke taba ya bohlokwa hore balemi ba eme ka maoto ho inshora koro ya bona kgahlanong le tshenyo e ka bakwang ke sefako.



Boteng ba sefako bo fapana ho ya ka dibaka. Le yona tefello ya inshorense ka kgwedi le kgwedi e fapana jwalo – dikhamphane tse inshorang koro ke tse nang le bopaki ba nako e telele, mme di phahamisa tefello ya kgwedi haholwanyane dibakeng tseo kotsi ya sefako e phahameng haholo ho tsona. Jwalo ka molemi wa koro, o tshwanetse ho ikopanya le dikhamphane tse inshorang koro, mme o fumane keletso hore o ka nka inshorense neng, hammoho le kuno le boleng ba inshorense e nkwang. Ha eba o hloka bonnete ka taba ena, ikopanye le agribusiness e haufi le wena (hangata e tla ba OVK eo ofisi e kgolo ya yona e leng Ladybrand, VKB eo ofisi e kgolo ya yona e leng Reitz le Senwes eo ofisi e kgolo ya yona e leng Klerksdorp) – o tla fumana keletso e hlwahlwa e ka nnang ya pholosa kgwebo ya hao. 

