

Graanprodusent							 	Sesotho



Kopana le bakgethwa

Mohlahisi wa selemo ya holang wa dijothollo 



Instructions: 

Folio strap: Mohlahisi wa Selemo wa dijo-thollo

Byline: Jane McPherson, molaodi wa lenaneo la Grain SA Farmer Development Programme


Bakgethwa ba tsheletseng ba tla hlodisana tlasa sehloho: Mohlahisi wa Selemo sa 2008 ya holange wa dijothollo, o kgethilwe. Ka di 17 tsa Mphalane, mohlodi o tla phatlalatswa moketeng o ikgethang o tla beng o hlophisitswe ke Grain SA. Bakgethwa ke ba na:

Deliwe Ntebele Mutlwane
Deliwe o hlahile ka selemo sa 1961, a hlahela Kagiso, Krugersdorp mme ke letsibolo la Ntate le Mme Ntebele. Ntate wa hae e ne e le rapolasi, mme wa hae e ne e le mooki. Deliwe o nyetswe ke Ntate Olebogeng Mutlwane mme ba na le bana ba babedi. O fumana morolo le tshehetso ho mme matsale wa hae le ho monna wa hae.

Deliwe o kene sekolong sa Aobakwe Primary se Itsoseng mane Profensing ya Leboya-Bophirima le sekolong sa Reeitumetse Secondary moo a qetetseng sehlopha sa 12 teng. O ile a tswela pele ka dithuto tsa hae mme a ithutela lengolo la botitjhere mane Bethel Seminar le la ho haha ka setene le ho aha boemong ba N6. Ho latela moo Deliwe o ile a ahela Mmasepala le ba Lefapha la Kaho ya Matlo. 

Selemong sa 1991 Deliwe o ile a tlohela tsa boiphediso ba hae ya ba o qala ho etsa tsa temo ka sewelo jwalo hofihlela selemong sa 2002 moo e bileng rapolasi wa ka dinako tsohle. O hirile polasing e Marotse (sebakeng sa Delareyville) hape o etsa tsa temo le mme matsale wa hae. Ke leloko la sehlopha sa boithuto sa Frischgewaagd sebakeng sa Delareyville; o nnile a kenela ebile o ntse a kenela dithuto tse kgutshwane tse kang tsa Thlokomelo ya terekere le disebediswa tsa polasi, Tlhahiso ya poone boemong bo tlase, Tlhahiso le thekiso ya poone boemong bo phahameng, Taolo ya Kgwebo ya Temo le Taolo ya Diprojeke tsa ba ha Grain SA, NWK, Rapolasi ya Tshepisang le Kgwebo Kajeno.

Deliwe ebile rapolasi ya ikemetseng wa sonobolomo le poone ka dilemo tse nne, hape o na le diruuwa tsa dikgomo, dikolobe, dipudi le dinku. 

Isaac Khuto

Isaac Khuto o hlahetse Boksburg selemong sa 1944 moo ntate wa hae a neng a sebetsa teng e le tlelereke shopong. Ha a le dilemo tse pedi batswadi ba hae ba ile ba mo romela Ficksburg polasing, moo a holetseng teng a phela le rangwanae le mmangwanae. Ho tloha a le dilemo tse supileng o hopola a disa dinku, le jwale o sa hopola monko wa jwang hoseng ka matjeke, ha maru a hlakile hona hoo a neng a bona dithaba tsa Lesotho. Ba ne ba atisa ho shebella diterekere di sebetsa naheng ya Lesotho mme o ne a dula a ipotsa hore ho tla ba jwang ho kganna terekere ka le leng la matsatsi. 

Isaac o kene sekolong sa polasi mme hamorao a fetela Sekolong se Phahameng Ficksburg moo a pasitseng Sehlopha sa 6 teng. Isaac o sebeditse Frasers e Ficksburg dilemo tse leshome le metso e mmedi. Ha a se a bontshitse thahasello ya hae kgwebong, o ile a qala kgwebo, a reka le ho rekisa ditholwana le meroho. Ha kgwebo e ntse e hola, o ile a kgona ho reka tekesi ya hae ya pele mme o ile a tswella ho ntshetsa pele kgwebo ena dilemong tsa 1978 ho isa ho 1998. Selemong sa 1983 Isaac o ile a bona monyetla kgwebong ya kamohelo ya baeti mme o ile a reka hotele kapa ntlo ya baeti. Hotele e sa le ya hae hape o na le laesense ya ho rekisa jwala. 

Bophelong ba hae, Isaac ekile ya ba raditebele wa profeshenale. O qadile e le leametjha selemong sa 1960 mme hamorao ya ba profeshenale. O re: “Ka hara sedikadikwe sa ditebele ke wena le tsebo ya hao feela,” – mona ke moo a ithutileng ho itshepa teng. “Ha ho na moo motho a ka ipatang teng kapa a balehela teng, o ithuta ho thulana ka hlooho le bophelo,” o rialo Isaac. Isaac o sa ntse a kwetlisa sehlopha sa ditebele sa Ficksburg, e ne e le modulasetulo wa Sehlopha sa Ditebele sa Free State mme ha jwale ke modulasetulo wa profensi wa Federeishene ya Ditebele ya Free State. Hape ke modulasetulo wa sehlopha sa boithuti sa Imperani sa Grain SA mane Ficksburg. 

Ka selemo sa 1998, Isaac o ile a reka polasi, Diyatalana ya boholo ba diheketara tse 230 mme yaba ke ha a qadile tseleng ya boiphediso e le rapolasi. O ne a ratile ho reka polasi yohle ya boholo ba diheketara tse 460 empa o ne a tshaba ho ikenya sekolotong se boima haholo – polasi e ile ya arolwa dikoto tse pedi mme yena a reka karolo e nngwe. Ka selemo sa 2006 o ile a kgona ho hira diheketara tsa tlatsetso tse 65 tsa mobu wa lemehang wa boiphihlelo bo hodimo haufi le polasi ya hae. 

Dilemong tsa 2007/2008, Isaac o ile a kotula palohare ya ditone kapa diheketara tse 3,5 tsa koro sebakeng sa boholo ba diheketara tse 79, le ha poone ya hae ile ya hlaselwa ke sefako kotulo e ntse e le e ntle. 

Isaac o nyetse Lerato mme ba hlohonolofaditswe ka mora le baradi ba babedi.

Maphale Samuel Moloi
Maphale o hlahetse polasing ya Magdelena, moo ntate wa hae a neng a sebetsa teng, seterekeng sa Fouriesburg selemong sa 1969. Lapeng labo ba ne ba le robedi – bashanyana ba babedi le banana ba tsheletseng. Maphale o kene sekolo motseng wa Mashaeng kantlenyana ho Fouriesburg, moo a fetileng lengolo la sehlopha sa 12 teng. Nakong ya mafelo a beke o ne a ya polasing e mabapi, polasing ya Ntate Linde du Plessis, moo a neng a kganna terekere hape a thusa. Maphale o ile a bona tsela eo Ntate du Plessis a neng a sebetsana le mobu ka teng mme o ne a lora ka ho ba le polasi ya hae. “Ntate du Plessis o nthusitse haholo ka ho tsosa tjantjello ya ka hape ke ne ke mamela Mme Jane McPherson ha a ne a bua seyalemoyeng sa Lesedi ka bopolasi ba dijothollo mme o ile a ntshusumetsa ho lemoha toro ya ka,” o rialo Maphale.

Maphale o sebeditse Lefapheng la Taba tsa Lehae Fouriesburg, Moeding, ho tloha 1993 - 2007. Selemong sa 1996 o ile a qala bopolasi ba hae ka dikgomo le dinku naheng eo setjhaba se e sebedisang mmoho hona Fouriesburg. Ka selemo sa 2004 o ile a hira diheketara tse 30 tsa naha ho mohwebi wa rapolasi, Ntate Osborne, mme a jala poone. Ka selemo sa 2006 o ile a hira diheketara tse 4 179 tsa naha ho Mmasepala wa Fouriesburg mme mona ke moo a ntseng a etsetsa tsa bopolasi ba hae teng. “Nka nna ka kgona ho hira diheketara tse 400 tsa mobu o lemehang o bokgoni bo hodimo selemong sena, empa ba ha Grain SA ba tshwanela ho tla pele ba tlo hlahloba mobu oo,” o rialo Maphale.

Maphale o nyetse Dianne mme ba dula Mashaeng le bana ba bona ba bararo.

Boy Mokoena
Boy o hlahetse polasing e seterekeng sa Middelburg selemong sa 1948 moo ntate wa hae a neng a sebetsa teng e le mosebeletsi wa polasi. O kene sekolo polasing moo a ileng a pasa sehlopha sa boraro teng. Nakong ena, ntate wa hae e ne e le rapolasi e seng wa ka nako tsohle naheng eo setjhaba se e sebedisang mmoho lebatoweng la Vlaklaagte. Boy o re o sa hopola hantle ha a ne a lema le ntatae mme ba sebedisa dikgomo ho etsa seo.
 
Selemong sa 1981 Boy o ile a qala ho ba rapolasi diheketareng tse 10 tsa naha ya mmuso eo a neng a e hirile. Hamorao, o ile a dumellwa ho sebedisa diheketara tse 50 tsa naha lebatoweng la Vaalspruit (pela Bronkhorstspruit). Nakong ya jwale, Boy o etsa bopolasi diheketareng tse 545 tsa naha eo a e hirileng ho mmuso mme hape o hirile diheketara tse ding tse 300 tsa mobu o lemehang ho borapolasi ba mabapi. O ile a jala poone feela naheng ena selemong sena. Hape Boy o na le mohlape wa dikgomo tse 300 tse fulang naheng eo setjhaba se e sebedisang mmoho nakong ya hlabula mme hape di fule masimong a poone nakong ya mariha. 

Boy o nyetse Linah eo e neng e le moratuwa wa hae ha ba sa le sekolong mme ba hlohonolofaditswe ka bana ba bane. Ke setho se matjato sa sehlopha sa boithuti sa Grain SA hape o ile a kenela dithuto tsa Tlhahiso ya Poone hammoho le tsa Tlhokomelo ya Diterekere le Disebediswa tsa Polasi. Dikgweding tse tlang, o tla kenela dithuto tsa boemo bo Phahameng tsa Tlhahiso le Thekiso ya Poone le ya Taolo ya Kgwebo ya Temo. 

Labious Manoto
Ntate wa Labious o ne a tswa Koppies, Foreisetata. O ne a ahile Lombaardslaagte moo Labious a hlahetseng teng ka selemo sa 1948. Ke e mong wa bana ba leshome le metso e mmedi. Ntate wa hae o ile a hlokomela hore ba ahile naheng e lemehang yaba o qala ho lema, a sebedisa dikgomo. “Lerato la ka la temo ke lefutso leo ke le fumaneng ho ntate,” o rialo Labious.

Labious o pasitse sehlopha sa botshelela selemong sa 1966, mme kamorao ho moo a phetela lengolo la ho aha selemong sa 1969. O ahile dikolo lebatoweng la Mafikeng ho tloha ka selemo sa 1970, hape o sebeditse moahong wa pele wa mekato e mmedi Mafikeng. Hamorao, a sebetsa lefapheng la Mesebetsi ya Setjhaba. 

“Ka lebaka la lerato la ka la temo, ke ile ka qala ho lema ho seng ha nako tsohle ka selemo sa 1975. Ke ne ke na le diheketara tse 15 tsa naha eo e leng yaka (ka hare ho naha eo setjhaba se e sebedisang mmoho) hape ka hira diheketara tse ding tse 30,” o rialo Labious. Nakong eo a ntseng a sebetsa Lefapheng la Mesebetsi o ne a na le tokelo ya ho nka matsatsi a 30 a phomolo ka selemo. O ne a etsa bonnete ba hore o nka lifi sehleng seo ho jalwang ka sona hore a tle a kgone ho hlokomela temo ya dijalo. Labious o ne a na le mosebetsi a le mong feela mme ba ne ba sebetsa bosiu le motshehare sehleng seo ho jalwang ka sona – ka terekere ya hae, Massey Ferguson 65. “Ke ne ke sebetsa toropong mahareng a beke e re mafelong a beke ke ye hae ho hlahloba dijalo,” o rialo Labious. 

Kgwebo ena ya hae ya polasi e ile ya hola mme ho tloha 1991 o ne a se a dula polasing mme a palama ho ya mosebetsing letsatsi le leng le le leng. Labious e ne e se rakgwebo wa ka nako tsohle hofihlela 1996, nako eo a neng a sebeletsa diheketareng tse 500. Labious o qadile ho ba rapolasi wa ka nako tsohle ho tloha selemong sa 1997 mme ha jwale o lema naheng ya diheketara tse 1 000. 

Samuel Nyambose
Samuel o hlahetse polasing, seterekeng sa Reitz moo ntate wa hae e neng e le mosebetsi wa polasi teng, selemong sa 1944. E ne e le mong wa bashanyana ba bahlano lelapeng leo. Samuel o kene sekolo Reitz mme o ile a pasa sehlopha sa botshelela. Ha a se a qetile sekolo o ile a ya Johannesburg mme a sebetsa khamphaning ya boenjinere mme a sebetsa e le mothusi feela nakong ya dilemo tse tsheletseng. Samuel o ile a ya Phuthaditjhaba mme a bula lebenkele la kerosari teng. “Ka ha ke ile ka hlahela polasing, esale ke rata ho ba rapolasi mme itse ha ke fumana monyetla wa ho hira polasi seterekeng sa Kaallaagte selemong sa 1997, ke iIe ka qhomela monyetla oo,” o rialo Samuel. O ile a dula polasing ena nakong ya dilemo tse tharo. Selemong sa 2000 o ile a reka polasi e bitswang Lorelei, seterekeng sa Paul Roux a sebedisa thuso ya mmuso ya R30 000 hape a kadima e nngwe Land Bank. 

“Ho ne ho le boima, empa selemong sena ke ile ka kgona ho patala sekoloto sa ka sa tlhahiso ho OVK le Land Bank ka thuso ya ba ha Grain SA le OVK, ka ba ka sallwa ke tjhelete ya ho lema diheketara tse 30 tsa koro,” o rialo Samuel.

