Goal										Sesotho

Na re lahlehetswe ke moo re yang?



Instructions:

Folio Strap: Ntshetsopele

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi wa Grain SA



Ke tjhelete tse ngata haholo tse sebediswang ke Lefapha la Ditaba tsa Naha, Lefapha la Temo, Ditruste tse fapaneng, dikgwebo tsa agri (temo), dikhamphane tse rekisang thepa, mekgatlo ya tse sebediswang, hammoho le NGO’s (ho qolla e seng mekae feela) mabapi le ntshetsopele temong ya Afrika Borwa. Empa potso e tla dula e ntse e ipetsa – Na tsena tsohle di na le diphetho tse ka thabelwang na? 



Ntshetsopele, ho kenyeleditswe ntshetsopele ya molemi, e shebane le batho bohle. Ba tshwanetseng ho hola, hantlentle ke batho. Ke bona ba tshwanetseng ho ithuta le ho ba le boiphihlelo. Tsepamiso ntshetsopeleng ya molemi ha se hakaalo ya ka hlahisang dijothollo tse ngata ka ho fetisisa, empa tabakgolo ke ho hlahlella molemi ka bokgoni le tsebo, e leng tse tla etsa hore a kgone ho sebetsa ka boikemelo, tshebetso ya hae e kgonahale, mme e mo tswele molemo.



Ha eba ruri re batla ho bona phapang, ke taba ya bohlokwa ho beha leihlo mothong a le mong hammoho le setjhabeng, le ho etsa bonnete hore ke dife tseo ba nang le tsona, mme ebe moo ho ahwang hodima tseo tse leng teng. Hape, ho bonolo haholo ho potlakela tulong e itseng, ho tsepamisa maikutlo ho seo batho ba se hlokang, le ho iketsa eka o a ba thusa ka ho etsa tsohle tseo o nahanang hore ba tshwanetse ho di etsetswa. Ho tla etsahala eng mohlang o emisang ho ba etsetsa dintho? Re tshwanetse ho nka batho moo ba leng teng motsotsong wa jwale, re ye butlebutle le bona, le teng ka hloko e kgolo, re ntse re nnetefatsa hore ba kgotsofetse ka diphetoho tse bang teng hamoho le tsona dintshetsopele tse ba isang moo ba batlang ho ya teng (eseng moo rona re nahanang hore ba lokela ho ya teng). 



Ho bonahala eka ho beilwe maikutlo ho “e kgolwanyane ke yona e molemo”. Ruri, ho na le moo batho ba simollang teng, le hoja e ka nna ya ba ka mokgwa o fokolang. Ho teng batho bao e leng balemi ba iphelelang feela ka tse tswang temong ya bona, ba sa tsotelleng ho ba eng kapa eng – le hona ho ntse ho itoketse. Empa hape ho teng ba sebetsang tsa temo hantle, mme ba tswela pele le hoja e le ka ho fokola. Tsatsi le leng e tla be e le balemi ba baholwanyane. Ho boetse hape ho teng ba sebetsang tsa bolemi ka mokgwa o moholo, mme ba bonahala ba atleha (mme ho feta mona, ho sa boetse ho teng mehato e fapaneng dipakeng).



Ha eba boiteko ba rona ba ntshetsopele e le bo atlehileng, re tshwanetse ho fumana moo batho ba leng teng, mme e be moo re simollang teng – ha ke kgahlwe ke ho fumana borakonteraka ba baholo ba tlilo ntshebeletsa (ho ntjalla), ebe ba lokisa le ho nkotulela, ebe ke bolela hore sena ke ‘ntshetsopele ya molemi’ – hona ha se ntshetsopele, mme borakonteraka bana ba ka nna ba itshwanela feela le batho ba hirileng masimo. Nnete ke hore, ho ne ho ka nna ha eba molemo ha balemi ba ne ba hirisitse masimo a bona ho borakonteraka jwalo ka hona jwale, etswe ditshenyehelo di bonahala di tswile taolong ka ho phahama, mme rakonteraka o boetse o na le seabo phaellong e etswang (o ja habedi ha molemi yena ho ka nna ha etsahala hore a se je ho hang).



A re ke re kgutlele hape morao ho tsa sehlooho, mme re behe maikutlo a rona ntshetsopeleng ya batho. Ha eba masimo a hao a sebediswa ke rakonteraka ya itseng, e moholo – nahana halelele le ka ho teba mabapi le hore o lebile hokae, le hore ho tla o nka nako e kae hore o be molemi, ho ena le ho ba feela monga polasi ka lebitso. 

  

