

Gears (Maize)										SESOTHO



Kutlwisiso ya ratio ya dikere 



Instructions:

Folio Strap: Metjhine

Byline: Tlhahisoleseding e fumanwe thutong ya Konteraka ho tsa Temo

Photos:  	Dikere (gears) le diratio (ratios)

Seprokete

Kere ya Leoto

Setsamaiswa (Driven)

Setsamaisi (Driver)

Lebidi la kere (Gear wheel)



Metjhine e mengata e sebedisa dikere (gears). Mohlala o motle haholo ke baesekele hobane e na le dikere tse etsang hore ho be bonolo ho nwaetsa, haholoholo moepeng. Ka tlwaelo dibaesekele di na le lebidi le leholo la kere le nang le moraho (pedal) o tlameletsweng, hammoho le kgetho ya mabidi a dikere a boholo bo fapaneng lebiding le ka morao. Ha moraho o potoloha, ketane e potoloha hodima kere ya mabidi a ka morao.



Ako shebe lebidi la kere le nang le moraho, mme o le bapise ka boholo le mabidi a dikere bohareng ba lebidi le ka morao. O lemoha eng ka ona?

Boholo ba batho bo se bo ile ba palama baesekele moepeng. Ha moepa o ntse o eketseha, ho ntse ho eketseha ho ba boima ho nwaetsa baesekele, mme hangata mopalami wa baesekele o tla tjhentjha dikere hore ho be bonolonyana. Ha mopalami a etsa jwalo, a tjhentjha dikere, ketane e tloha kereng e nyane, e leba ho e kgolo e nang le meno a mangata, e leng se etsang hore ho be bonolo ho tsamaisa moraho. Meno a mangata kereng a etsa hore ho be bonolo ho palama baesekele moepeng le hoja baesekele e tla tsamaya butlenyana.

Ho tla etsahala eng ha eba mopalami wa baesekele a tjhentjha kere ho tloha ho e kgolo ho ya ho e nyane? Na ho tla ba bonojana kapa boimanyana?

Ratio ya dikere (velocity ratio)

Lebaka le etsang hore ho be bonolo ho palama moepeng ha dikere di tjhentjhwa ke sena se bitswang ratio ya dikere kapa velocity ya ratio. Ratio ya dikere e ka sebetswa ka sebopeho sa dinomoro, mme mehlala e bontshwa tlase mona. Hantlentle, ratio e fumanwa ka palo ya meno lebiding ka leng la kere, ketane yona e lebalwa hanyane, ha e kene mona.



MOHLALA:

Ha kere ya morao e bidikoloha hang, kere ya SEPROKETE yona e tla bidikoloha makgetlo a makae?





PALO YA MENO KERENG YA MORAHO    = 60 MENO   = 	2 X SEPROKETE 

PALO YA MENO SEPROKETENG	          30 MENO     	(POTOLOHA HA 2)



 Ratio ya kere ke         			       1	       :	         2

 					KERE  YA	KERE YA    

					MORAHO   	SEPROKETE                                                             

Mohlala o ka hodimo o bontsha hore kgetlo le leng le le leng ha kere ya moraho e potoloha hang, kere ya SEPROKETE lebiding le ka morao e potoloha habedi, e leng se etsang hore ho be bonolo ho palama baesekele moepeng.

Leka dipotso tse latelang:



 1) Ha eba kere ya moraho e bidikoloha hang, SEPROKETE se tla bidikoloha makgetlo a makae?

PALO YA MENO KERENG YA MORAHO    =___________   = 	 

PALO YA MENO SEPROKETENG				



 Ratio ya kere ke         			       1	       :	         

 					KERE  YA	KERE YA    

					MORAHO   	SEPROKETE     

2) Ha eba kere ya moraho e bidikoloha hang, SEPROKETE se tla bidikoloha makgetlo a makae?

PALO YA MENO KERENG YA MORAHO    =___________   = 	 

PALO YA MENO SEPROKETENG				



 Ratio ya kere ke         			       1	       :	         

 					KERE  YA	KERE YA    

					MORAHO   	SEPROKETE     

3) Ha eba kere ya moraho e bidikoloha hang, SEPROKETE se tla bidikoloha makgetlo a makae?

PALO YA MENO KERENG YA MORAHO    =___________   = 	 

PALO YA MENO SEPROKETENG				



 Ratio ya kere ke         			       1	       :	         

 					KERE  YA	KERE YA    

					MORAHO   	SEPROKETE     

Ratio ya kere e ama lebelo jwang?       

Ratio ya kere e re bolella hore kere e le nngwe e potoloha ka lebelo le lekae ha e bapiswa le e nngwe.       



Ha eba kere e potolohisang (meno a 10) e potoloha ka lebelo la 5 rpms, mme e hoketswe kereng e nngwe e potolohiswang (ya meno a 50), kere ena e tla potoloha lekgetlo le le leng.



Hobaneng?

Ratio ya rona ya kere ke 50:10 ....kapa 5:1



Ha eba kere ya rona e nyane e ne e bidikoloha 1x, kere ya rona e kgolo e potoloha 1/5. Ho nka ho potoloha ha makgetlo a 5 a kere e nyane ho ya ho potoloho e le nngwe ha kere e kgolo. Ka hoo kere e kgolo e potoloha ka lebelo la 1/5 e leng 1 rpm (potoloho e le nngwe ka motsotso).



Ho etsahala eng ha eba ratio ya kere e ne e le 1:3?

Maemong ana kere ya rona e potolohisang (input gear) e boholo ba 3x papisong le kere e potolohiswang (output gear).



Ha eba kere e potolohisang (input) e ne e potoloha ka 20 rpms, potoloho e le nngwe e ne e tla qetella e entse dipotoloho tse 3 tsa kere e potolohiswang. Sephetho e ne e tla ba 60 rpms.



Driver le Driven 

Driver ke kere kapa seprokete se nang le matla ka ho otloloha. Mohlaleng wa baesekele, motho ya palameng baesekele o e kganna ka ho hata meraho. Seprokete se seholo seo meraho e leng ho sona se bitswa driver (matla a tswa ho sona), mme seprokete se senyane lebiding le ka morao se bitswa driven (se a tsamaiswa). Ha se ka mehla hore ebe seprokete se seholo ke sona driver ya se senyane – boholo ha se yona tabataba. Taba ya bohlokwa feela ke hore ke sefe se nang le matla!



Hopola hore ha ho le teng diprokete tse mmalwa tse hokahantsweng ke diketane tse hokahantsweng shafteng e le nngwe, ho ka ba teng seprokete se seng seo e leng driver ya tse ding tse latelanang.



Ha ho latelwa tatelano, ho bohlokwa ho sheba boholo (sizes) ba dikere / diprokete. Diprokete di na le tshwaetso lebelong leo ka lona shafte e potolohang ka lona. Lebelo la ho potoloha ha shafte ke lona le laolang hore motjhine wa peo o potoloha kapele ho le hokae, e leng se laolang bongata ba peo e jalwang. Ho potlaka ha shafte ho bolela hore peo e ngata e tla jalwa.



Nakong ya (calibration) ho sothwa ho itseng ha motjhine, ha o ka lemoha hore ke peo e ngata haholo e jalwang, eba o tshwanetse ho tseba he hore shafte ya ho qetela e tsamaisang motjhine o jalang wa peo e potoloha kapele haholo, mme ka hoo, e tshwanetse ho tsamaiswa butlenyana. Mokgwa o le mong feela wa ho fokotsa lebelo leo la shafte ke ho fetola boholo ba diprokete tse sebediswang ho sebetseng ha shafte eo.    











