Food											Sesotho



Baballeha ka dijo



Instructions:

Folio Strap: Paballeho ya dijo

Byline: E nkilwe ho www.health24.com



Ho ja dijo kapa metsi a tshwaeditsweng ho ka baka malwetse a fapafapaneng.



Tjhefo dijong ke lentswe le akaretsang tshwaetso e tlang ka dijo. Mehlala e tlwaelehileng ya tshwaetso ya dijo e kenyeletsa dikerempe maleng, letshollo, ho nyekelwa ke pelo le ho hlatsa. Dibaktheria ke sesosa se seholo ka ho fetisisa sa tshwaetso dijong, mme se latelwe ke dikokwanahloko le tse nwang madi a batho (parasites).



O a sitwa ka mehla ho bolela ha eba metsi a tshwaeditswe ho ya ka moo a tadimehang ka teng, a latswehang, a nkgang ka teng, empa o ka kgona ho fokotsa dikotsi haholo ka ho latela mehato e boletsweng mona tlase.



Bophelo bo botle ba motho ka mong

Hlatswa matsoho a hao kgafetsa le ka ho phetheha ka metsi le sesepa, haholoholo

ha o etswa ntlwaneng

hoba o ame diphoofolo

hoba o thimole kapa ho mina

pele le ka mora tokiso ya dijo

hoba o ame nama e tala, tlhapi kapa kolobe

Kwahela maqeba matsohong ho thibela tshwaetso ha o sebetsana le dijo. Etsa bonnete hore dibandage le diplastara di hlwekile.



Metsi a nowang

Bedisa metsi a nowang pele ha o se na bonnete ba hore a lokile ho ka nowa. Metsi a tswang pompong hangata a batla a baballehile, empa ha e le a tswang mehloding e meng, jwalo ka dinokeng le matsheng, ha a jwalo.

Boloka metsi a baballehileng ditshelong tse hlwekileng, haholoholo sehatsetsing.

Etsa bonnete hore dinomaphodi le maqhwa di entswe ka metsi a baballehileng.

Hopola hore o se kwenye metsi a sa baballehang nakong eo o keneng bateng kapa o sesang.



Paballeho kitjhineng

Hlatswa bokantle jwalo ka tafole ya kitjhine, khaontara kapa sinki, pele o lokisa dijo moo, le ka mora moo. Boloka dibaka tsa polokelo ya dijo di hlwekile jwalo ka dishelofo le dihatsetsi.

Hlwekisa kapele bohlaswa ba tse qhalehileng.

Bolaya dikokwanahloko difatukung tsa kitjhine, dispontjhe, le tse hohlang dipitsa. Etsa sena ka bleach, mme o di omise letsatsing, e leng se thusang ho bolaya dikokwanahloko. Ha o ena le microwave, ho futhumatsa difatuku le dispontjhe metsotswana e 60 ho thusa ho bolaya dibaktheria.

Hlatsa foluru ya kitjhene bonyane hanngwe ka beke ka masela a etseditsweng feela mosebetsi oo.

Hlatswa dijana, dithipa le dikgaba le mapolanka ao ho sehelwang ho ona – kgothaletso ke hore ka metsi a sesepa a tjhesang, ao o a qhalang ha a se a le ditshila. Pudutsa dijana ka metsi a hlwekileng ha ho kgonahala.

Kenya dijana tse ding bakeng sa tse peperaneng haholo. Kokwanahloko di rata ho ipata dibakeng tse jwalo, dikomiking, dijaneng le mengwapong ya ditshelo tsa polastike le dibotong tsa ho sehela.

Sebedisa ditobo tsa ho sehela dijo tse tala. Haholoholo, sebedisa boto ya ho sehela nama, nama ya fariki le tlhapi, mme boto e nngwe e be ya dijo tse ding. Kapa hlwekisa boto hantle ka metsi a tjhesang, a sesepa, hoba o qete ho seha mofuta o itseng wa dijo. Diboto tsa ho sehela tsa polastike le lejwe ke tsona tse baballehileng ka ho fetisisa mabapi le nama e tala.

Se ke wa boela o sebedisa disebediswa tsa hao ha di se di ile tsa ama nama e tala, tlhapi kapa kgoho, ha e se ha o se o di hlatswitse ka ho phethahala.

Boloka dilahlwa ka hara moqomo o kwahetsweng, o tshollwang le ho hlwekiswa kgafetsa.

Etsa hore monyako wa kitjhine le difenstere di dula di butswe haholo ka moo ho kgonahalang ka teng hore moya o lekaneng o kgone ho kena. Hona ho thusa thibelong ya kgolo ya difunguse.



