First-aid										Sesotho



Disebediswa tsa lapeng tsa thuso-ya-pele 



Instructions:

Byline: E nkilwe ho www.health24.com



Lelapa le leng le le leng le tshwanetse ho ba le disebediswa tse feletseng tsa thuso-ya-pele. Boloka e nngwe lapeng, e nngwe ka mmotokareng wa hao. Boloka disebediswa tsena sebakeng se phodileng, se ommeng, hole le bana ba banyenyane. Etsa bonnete hore o tseba ho di sebedisa le hore e nngwe le e nngwe ya tsona e sebedisetswa eng.



Disebediswa tsa lapeng tsa thuso-ya-pele di fupere eng?

3 x dibandage tse phuthelang (50 mm)

3 x dibandage tse phuthelang (75 mm)

2 x dibandage tsa kgutlotharo

Sefe e kwahelang maqeba; e tlotsitsweng ka parafini 1, e ommeng 1

Botlolo e 1 ya Dettol kappa Savlon (50 ml)

2 x lesela le lenyane la maqeba

2 x lesela le mahareng la maqeba

2 x lesela le leholo la maqeba

1 x rolo ya theipi e kgomaretsang (1 m x 2,5 cm)

Para e le nngwe ya dikere tsa bandage

Dipelete/mamao

1 sesepa sa mahlo

Ntho tsa ho beola

1 x lesela la ho tjha

1 tjhupu ya moriana wa ho phehla

1 para ya dihansekune tse tla lahlwa

1 sesebediswa sa molomo tshebedisong ya CPR

1 pakete ya mefuta ya diplastara

1 pakete ya tse batang

Paracetamol (tsa mahlaba) jwalo ka Panado

Setlotsa sa calamine, oli ya tee tree, oli ya arnica, lekgala le salofo ya propolis

Theremomethara

Sephalli sa tahlehelo ya metsi jwalo ka Rehidrat

Dikgaba tsa ho lekanya



