Fire (Maize)									Sesotho
Tshireletsa kotulo kgahlanong le mollo
Instructions:
Folio strap: Thibelo ya mollo
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Use a photo of a raging fire on lands
Mariha a atisa ho tla haholoholo ka mora nako ya lehlabula le nako ya morao e mongobo ya hwetla. Ka baka la sehla se mongobo, makgulo a ho fudisa a mangata, empa hona ho boetse ho bolela hore mello ya hlaha e ka nna ya eba bothata bo boholo lemong sena. 
Mello e ka baka tshenyo e mpe haholo masimong. Thutswana e le nngwe ya mollo e ka senya dikete tsa dihekthara tsa masimo. Mello e mengata ya dijothollo e ba teng pele kapa hang ka mora kotulo hobane nakong ena dijothollo hangata di butswitse, mme di omme.
Mello e ka thibelwa jwang
Bana ha ba a lokela ho bapala ka thutswana tsa mello.
O se ke wa lahlela thutswana ya mollo e ntseng e tuka kapa sakarete jwanng bo ommeng, mahlakung, difateng kapa ditorong.
O se ke wa etsa mello dibakeng tse bulehileng naheng kapa nakong tsa meya e fokang.
Etsa bonnete hore mello kaofela e tinngwe ka ho phethahala.
Ha o bona mollo
Ha o bona mollo thoteng, tlalehela moahisani le mohlokomedi ya selehae wa mollo ka ho panya ha leihlo. Ba bolelle ka ho hlaka moo mollo o leng teng.
Siya e mong lapeng ya tla bolela ha mollo o le teng. Haeba o na le radio kapa mohala, etsa bonnete hore dithapo di dula di bulehile e le hore tsebiso e kgone ho fetisetswa ka potlako hang ha tsietsi e hlaha.
Haeba wena ha o monga masimo, mo tsebise ka ho hlaka mabapi le maemo a mollo.
Tlosa diphoofolo kaofela le disebediswa kaofela, mme o di ise sebakeng se bolokehileng.
Dithuluse (disebediswa) tse ka sebediswang ho tima mollo
Ditima-mollo – tsa mofuta wa metsi kapa tsa phofo e ommeng.
Tima mollo ka mabanta a kgale a rekere kapa mekotla e metsi. Ho phutla mollo ka mabanta kapa mekotla e metsi ho tebela okesijene e hlokwang ke mollo hore o tuke. Ha moya ona o haella, mollo o tla fokotseha, o time butlebutle.
Sebedisa dipompo tse budulelang metsi dimeleng le jwanng bo haufi le mollo. Pompo tsena di boetse di thusa hape moo ho ka boelang ha qhoma mollo o seng o tinngwe.
Sebedisa ditshelo tsa metsi le pompo ya metsi e ka ntshang metsi a mangata.
Dishofolo, diharaka le dikgarafu di ka sebediswa ho thibela ho nama ha mollo. Sethibela- mollo sena se ka sebediswa se le lehlakoreng le shebaneng le moo moya o fokelang teng. Sethibela-mollo (mothakala) sena ke motjhophoro o entsweng, o tshwanang le mmila, oo ho seng letho la mollo le ka tukang ho ona. 
Sebedisa dishofolo le diharaka ho tima mollo ka lehlabathe le mobu. Di sebedise hape ho tlosa jwang bo ommeng le makala a ka tukang ha bonolo.
Sebedisa dikgaola-jwang ho kgaola jwang le dimela tse sa tjhang, pele mollo o ntseng o etla o fihla.
Ho lwantsha mollo
Atamela mollo ka lehlakoreng kapa ka mahlakoreng a mabedi, mme o leke ho etsa hore bokapele ba mollo bo be bosesanyane.
Haeba ho le teng lebanta (motjhophoro) lena, kapa lebanta la tlhaho le kang noka, leka ho qobella mollo pela noka .
Beha batho ba lwantshang mollo dibakeng tse nepahetseng ho thiba mello e qhomang, e kgannwang ke moya. Moya o matla o kgona ho jara mollo sebaka se ka etsang kilomithara.
Ho bohlokwa ho tima o kenella ka hare hore sebaka se tukang se se kgone ho lahlela ka ntle mello e ka tjhesang jwang le mahlaku a difate a esong ho tuke.
Beha leihlo ka nako tsohle hore moya o fokela ka hokae.
Ha mollo o se o tinngwe
Hang ha mollo o se o tinngwe, tse latelang di tshwanetse ho etswa:
Etsa bonnete hore batimi ba mollo ha ba a tswa kotsi.
Paterola sebaka seo bonyane dihora tse tharo ho thibela mollo o ka nnang wa qhoma hape.
Kgutlisetsa sesebediswa tulong e nepahetseng ya sona.
Tlatsa hape ditshelo tsa metsi tse kang ditanka.
Lokisa sesebediswa se senyehileng.
Ditataiso mabapi le metjhophoro (methakala) e thibelang mollo
Monga masimo e mong le e mong eo mollo o ka nnang wa qhoma masimong a hae, kapa wa kekela, o tshwanetse ho dula a ena le mothakala (motjhophoro) o thibelang mollo pakeng tsa masimo a hae le a moahisani wa hae. Ke boikarabelo ba hao hore mollo o se ke wa simolla masimong a hao. Ho thibela ho qhoma ha mollo ke nako e ntle e ka sebediswang, e ka tshireletsang masimo a hao (naha, meaho, dijothollo le mehlape) kgahlanong le tsietsi e ka bang teng. Beng ba masimo a bapileng le a hao ba ka nna ba dumellana ho ba le mothakala o kopanetsweng meeding ya lona.
Mothakala (motjhophoro):
O tshwanetse ho ba sephara le ho ba molelele hore o be le monyetla o motle wa ho thibela mollo o ka kekelang ho ya masimong a baahisani ba bang;
Ha o a tshwanela ho baka kgoholeho ya mobu; le
O tshwanetse hore o hloke dintho tse ka tjhang habonolo tse ka etsang hore mollo o fetele ka nqane ho ona.
Sepheo ka methakala
Sepheo ka methakala e ka ba:
Ho thibela ho nama ha mollo o laolwang kapa o sa laolweng;
Ho supa moo mollo o ka tingwang teng;
Ho supa moo ho tjha ho ka simollang teng;
Ho supa ntlha ya ho hlasela mollo; le
Ho fihlella ntlha e lebisang mollong.
