Financial (Maize) 								SESOTHO

Motheo wa tjhelete tsamaisong



Instructions: 

Folio strap: Tsamaiso

Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso, Tsamaiso ya Polasi mabapi le Phaello, e ngotsweng ke Marius Greyling

Grabbing quote: Re hloka tjhelete ho kgotsofatsa ditlhoko tsa nama le tsa tshireletso.

Captions: 	Setshwantsho 1.1: Mosebetsi wa tshenyehelo kaofela.

Setshwantsho 1.2: Phaello, tahlehelo le ntlha e mahareng.



Kgwebo ke eng? Kgwebo e simolla jwang? Mabapi le tsamaiso ya kgwebo ho bohlokwa ho utlwisisa dipotso tsena ka hlohlehohle, mme lengolo lena le tla etsa sona seo.



Ditlhoko tsa batho 

Ho tloha tshimolohong, motho o dula a batlana le ho hong hore a phele. Dijo, moo a itshireletsang teng le diaparo, ke tse ding tsa ditlhoko tsena. Tshimolohong, motho o ne a iphumanela tseo a di hlokang, ka ho tsoma, ho kotula dijothollo, dimela tse hlaha le ho ipata mahaheng. Ha motho a ntse a tswela pele, ditlhoko le tsona tsa nna tsa eketseha, mme ho hlahisa dintho (thepa) e bile e nngwe ya ditlhoko tseo e bileng karolo ya bophelo.



Tjhelete ke eng mme e tswa hokae?

Ha ntho e rekwa ho sebediswa tjhelete ho e lefella. Tjhelete e mpa e le pampiri feela, mme ka nako tse ding re a makala, “Pampiri e kgona jwang ho lefella dintho tsa boleng”. Tjhelete ya pampiri e simollotse katamelong ya tshebediso ya tjhelete. Nakong e fetileng, phapanyetsano di ile tsa etsahala (phapanyetsano ka dintho tse sa tshwaneng empa tsa boleng bo lekanang). Mohlala, motho o ne a fapanyetsana le e mong ka kgomo bakeng sa mekotla e mehlano ya poone. Bothata ka phapanyetsano ena ke hore ha o ena le kgomo, mme o batla poone, o ne o tshwanela ho batla motho ya nang le poone, mme a batla kgomo. O ne o tla tsamaya lefatshe lohle o batlana le motho ya ka o fang kgomo bakeng sa poone ya hao.



Mosebetsi ona o batla boiteko bo boholo. Batho nakong eo ba ne ba rarolla bothata ka ho sheba se amohelehang ho bohle. Sena e ne e le gauta. O ne o ka fapanyetsana ka kgomo ya hao hore o fumane 30 g ya gauta, ebe o reka mokotla wa poone ka 10 g ya gauta. Gauta e ne e amohelwa ke motho e mong le e mong. Yaba batho ba tshaba hore gauta eo ba e tshwereng e ka nna ya utsuwa. Yaba gauta e patwa sebakeng se baballehileng, bankeng, mme rabanka o ne a tshwanela ho ngola sekgetjhaneng sa pampiri hore ke gauta e kae eo o nang le yona bankeng. Ha o ne o mmontsha pampiri, o ne a o neha gauta ya hao hape. 



Bakeng sa ho simolla ka ho fumana gauta ya bona ka ho hlahisa pampitshana, yaba ba fapanyetsana ka pampitshana mabapi le seo ba neng ba se batla hobane motho eo ba neng ba mo neha pampitshana o ne a tla ya itatela gauta ya hae hamorao. Hamorao, batho ha ba a ka ba itshwenya ka ho nna ba ilo nka gauta ya bona hobane ba ne ba ena le pampitshana e bontshang hore ba na le gauta e kae. Kajeno e mong le e mong o amohela tjhelete ya pampiri.



Batho ba fumana tjhelete jwang?

Motho a ka fumana tjhelete feela ka ho sebeletsa moputso kapa ka ho iphumanela tjhelete e kenang, e tswang kgwebong ya hae.



Tjhelete e kenang



Lefatsheng la kajeno le tswetseng pele, ka ho otloloha kapa ka mokgwa o sa otlolohang, dikgwebo di kgotsofatsa ditlhoko tsa motho. Ditshebeletso tseo ho fanwang ka tsona kapa dihlahiswa tseo ho fanwang ka tsona di rekiswa ke dikgwebo, mme tjhelete e fumanwang bakeng sa ditshebeletso tsena hammoho le dihlahiswa tsena, ke tjhelete e kenang ya kgwebo. Mehlala ya dihlahiswa ke dijo, diaparo, makoloi, fanetjhara le marulelo. Mehlala ya ditshebeletso ke ditshebeletso tsa bongaka, ditshebeletso tsa phano ya tsa sekolo le kwetliso le dikgokahano. Kutlwisiso ena ya tjhelete e kenang e boetse e hatella nnete ya hore kajeno motho o hloka tjhelete ho kgotsofatsa boholo ba ditlhoko tsa hae.



Tjhelete e sebediswang

Nakong ya phano ya ditshebeletso le/kapa ho hlahisa dihlahiswa, kgwebo e kena dikolotong/ditshenyehelong tse itseng, e leng tjhelete e tswang. Ditshenyehelo tsena di ka arolwa ka mekgwa e meraro.



Ditjeo tse sa tsitsang (ditjeo tsa tlhahiso)

Ditjeo tse sa tsitsang ke mosebetsi wa tse hlahiswang, mme di ba teng ha feela tlhahiso e le teng. Ka hoo, ho teng kamano pakeng tsa bongata ba tlhahiso le ditjeo. Ha eba mohlahisi a hama dikgomo tse leshome feela, ditjeo tsa hae tse sa tsitsang, tse kang meputso, tse bokellwang mmoho, furu le ditjeo tsa transeporoto le lebese, di tla ba tlase ho feta ha a ne a hama dikgomo tse 50. Mehlala ya ditjeo tse sa tsitsang ke manyolo, peo, dibolayalehola, mosebetsi wa konteraka, meriana ya diphoofolo, tse nyekwang, tse bokellwang mmoho, mafura, mosebetsi wa nakwana, tse sebediswang ho paka thepa, hammoho le ditjeo tsa mmaraka.



Ditjeo tse tsitsitseng (Fixed costs)

Ditjeo tse tsitsitseng ke karolo ya ditshenyehelo tsohle tse sa fetoheng morerong o qollehileng wa tlhahiso ho sa kgathaletsehe hore tlhahiso e phahame kapa e tlase. Ditjeo tsena tse tsitsitseng, ka hoo, ke tse sa fetoheng nakong e kgutshwanyane. Di ka nna tsa fapana nakong e telele ka baka la ho fetoha ha morero wa tlhahiso.



Ha eba mohlahisi a hlomme lephephe la dikgomo tse 50 moo di hamelwang teng (morero wa hae wa tlhahiso), ditjeo tse tsitsitseng tsa lephephe jwalo ka tswala tjheleteng yohle le ho theoha ha maemo a disebediswa, di tla ema di tsitsitse ho sa tsotellwe hore mohlahisi o le sebedisetsa dikgomo tse leshome kapa tse 50. Le ha ho le jwalo, ha eba mohlahisi a fetola moralo wa hae wa tlhahiso, mme a atolosa lephephe hore le nke kgomo tse 80, ditjeo tse tsitsitseng ke ho theoha ha maemo (depreciation), tswala, ditefello tsa kgwedi tsa inshorense, tjhelete ya kgiro le mosebetsi wa nako tsohle. Ditjeo di tsitsitse feela hang ha di se di entswe. Hang ha terekere e se e rekilwe, ditjeo tse tsitsitseng tse amanang le yona, jwalo ka ho theoha ha maemo a yona, tswala, dilaesense le inshorense, di tsitsitse. Dintlha tsena tsa ditjeo ha di fetohe le tse fumanwang (output), mme ka baka lena, ha di tshwaetswe ke phetoho tlhahisong nakong e kgutshwane.

 

Ho nyehla ha maemo (Capital redemption)

Ho theoha/nyehla ha maemo ha se ditjeo tsa tjhelete (tjhelete e tswang), mme ho amana le phokotseho mabapi le boleng ba maruo ka baka la tshebediso le ho tsofala ka ona.

 

Tswala le ditjeo tsa tjhelete (Interest and financing costs)

Tswala ke tjhelete e fumanwang bakeng sa tshebediso ya tjhelete e tswang ka ntle kapa e adimilweng.

 

Ditjeo kaofela

Ditjeo kaofela ke palo e fumanwang ka ho kopanya tsohle tse tsitsitseng le tsohle tse fetofetohang, mme tsena di bontshitswe setshwantshong sa 1.1.



Setshwantsho 1.1	



Ditjeo kaofela

 







 

 Ditjeo 					Ditjeo tse sa tsitsang (Ditjeo tsa tlhahiso)

	



 (R)





 					 Ditjeo tse tsitsitseng (Overhead costs)



 

Tse hlahiswang (Y)





Phaello/Tahlehelo

Phaello e bolela hore tjhelete e kenang e ngata ho feta ditshenyehelo/ditjeo kapa tjhelete e sebedisitsweng, mme ha e tswileng e feta e keneng, tahlehelo e ba teng.





Income – Expenditures = Profit/Loss (I – E = P/L)

(E keneng – e tswileng = Phaello/Tahlehelo) 
 

 


Kapa ho ya ka puo ya temo:





Income - Production Expenditures = Gross margin - Fixed costs = Net Farm Income (Profit/Loss)

(E keneng – Ditjeo tsa tlhahiso = Phaello - ditjeo tse tsitsitseng =

 E kenang (Phaello/Tahlehelo)
 

 


Ho bohlokwa ho utlwisisa hore ha kgwebo e etsa phaello, basebeletsi bohle le monga kgwebo, ba amohela tjhelete e tla ba thusa ditlhokong tsa bona. Ka baka lena, diphaello di tshwanetse ho dula di le teng nakong e telele, e leng se hatellang bohlokwa ba mekgwa ya ho phahamisa mosebetsi wa bolemi. Ha ho etsahala hore kgwebo e be le tahlehelo, dintho di ka nna tsa fetoha. Le hoja basebetsi ba fumane meputso ya bona (tjhelete), monga polasi kapa beng bona ha ba na tjhelete e kenang ho bona, mme ba tla tlameha ho nahanisisa botjha ka kgwebo e le ho theola tahlehelo. Mehato e ka nahanwang e kenyeletsa ho fokotswa ha basebetsi. Ho shebilwe ka lehlakoreng le leng, ako shebe setshwantsho se latelang:



Setshwantsho 1.2 

										 Ditjeo

									 Tahlehelo

										 E kenang





R

	 

Phaello

Break-even point 

(Ntlha ya tekano)







Dilemo (Nako)



Ha nako e ntse e tsamaya, tjhelete e kenang le e tswang ya kgwebo tsa temo e a eketseha ka baka la ho phahama ha ditheko tsa dihlahiswa le ditjeo tse phahamang. Le ha ho le jwalo, engele (angle) ya keketseho jwale e se e le engeleng tse fapaneng, mme ka hoo, sekgeo se a kwaleha. Ho ntse ho eba boima ho etsa phaello. Dikgwebo tsa temo ke tsa batho ba amohelang ditheko (prices) hoba ba sitwa ho rekisa dihlahiswa tsa bona ka ditheko tse phahameng ka bobona.

 

Tjhelete e kenang e ka eketswa ke tlhahiso e phahameng ya yunite ka nngwe (poone – ton/hekthara) le/kapa merero e ntlafaditsweng ya tlhahiso (precision farming) le/kapa tlhahiso e eketsehileng (increased productivity). Ditjeo di ka fokotswa ka ho tsitlallela ditheko tse tlase tsa tse sebediswang le/kapa merero e ntlafaditsweng ya tlhahiso (precision farming) le/kapa phokotso ya ditjeo ka ho fokotsa basebetsi le/kapa ka ho laola ditjeo ka ho kenya tshebetsong mokgwa wa ho etsa ditekanyetso le/kapa tlhahiso e phahameng.



Ka baka leo, qetellong, kgwebo e kgotsofatsa ditlhoko tsa batho. Le ha ho le jwalo, kgwebo e ka kgona ho atleha feela ha phaello e dula e sa fetohe ka baka la ho tsitlallela hore e dule jwalo feela. Ha phaello e etswa mokgweng o tsitsitseng, e mong le e mong polasing o una molemo phaellong eo. Ha ho eba teng ditahlehelo ho ya ho ile, e mong le e mong polasing o tla fetoha phofu ka baka la meputso e fokotswang kapa ho fokotswa mosebetsing; empa ke monga polasi feela ya leng kotsing ya ho lahlehelwa ke tsohle ho kenyelleditswe le dintho tseo e leng tsa hae.

