Financial (Maize)									Sesotho

Ho utlwisisa FICA ha o bula akhaonto bankeng

Instructions:

Folio Strap: Ditaba tsa ditjhelete

Byline: Ditaba di nkilwe le ho hlophiswa ho tswa ho inthanete



Bahlahisi ba bangata ba kopana le tse ba nyahamisang ha ba leka ho bula akhaonto e ntjha bankeng. Lebaka ke hobane Molao wa Setsha sa Tsebiso mabapi le Ditjhelete (Financial Intelligence Centre Act kapa FICA) wa 2001 o batla hore dibanka kapa ba kgwebo temong (agribusinesses) ba be le dintlha tse ikgethileng mabapi le bareki bohle le ho ba beha leihlo le ho tlaleha diphapanyetsano dife kapa dife tse belaetsang tse ka tswalwang ke botlokotsebe.

Lefatshe le fetohile. Keketseho ya botlokotsebe le boferekanyi di qobelletse dinaha tse ngata ho ipopa ngatananngwe ka sepheo sa ho laola lefu lena. Re lebohela molao o motjha le tshebedisano ya matjhaba, ka ha mmuso jwale o otla ditlokotsebe moo ho leng bohloko – pokothong. Mashodu le baferekanyi ba batla tjhelete hore ba phele. Ba fetola tjhelete e “ditshila” eo ba e etsang ka boshodu, ka dithethefatsi, ka ho utswa le ka ho tshwara poho, hore e be tjhelete e “hlwekileng” ka ho sebedisa boitsebahatso bo fosahetseng kapa ho sebedisa mabitso a batho ba se nang molato jwalo ka wena. Hona ho bitswa “tlhwekiso ya tjhelete ka bolotsana”, mme ha ho bakele feela dinaha ditshenyehelo tse balwang ka dibilione ka selemo, empa ho boetse ho fana ka mehlodi e etsang hore boferekanyi ba matjhaba bo nne bo hole. Ho sitisa phallo ena ya tjhelete, mmuso o kentse tshebetsong Molao wa 38 wa Setsha sa Tsebiso mabapi le Ditjhelete (Financial Intelligence Centre Act kapa FICA) wa 2001. 

Tekong ya ho kgema mmoho le molao o motjha, dibanka tsohle di lebelletswe ho kenya tshebetsong mekgwa e boima mabapi le ho bulwa ha diakhaonto tse ntjha. Sena se bolela hore, rona hore re kgone ho kgema mmoho le molao, dibanka di lebelletse hore wena o di fe bopaki ba tlatsetso nakong eo o bulang akhaoto e ntjha. Molao ona o boetse o lebelletse hore dintlha tse o amang ka seqo di nne di tlatsetswe nako le nako. Tshebetso ena e ama dibanka, mme e tshwanetse ho kengwa tshebetsong ke tsona dibanka. 

Banka kapa ba agribusiness (ba kgwebo temong) ba tlamehile ho fumana tsebiso/dintlha tse latelang ho moahi wa Afrika Borwa:

Lebitso/Mabitso ka botlalo;

Letsatsi la tswalo;

Nomoro ya boitsebiso (ha eba o le moahi wa Afrika Borwa) kapa nomoro ya passport le botjhaba ba hao (ha eba o le moahi ya tswang ka ntle);

Aterese ya moo o dulang; hammoho le

Dintlha tsa kgokahano.



Hore ba kgone ho fumana tiisetso ya hore o fela o le mang, ba hloka:

Tokomane ya hao e tala, e nang le khoutu kapa bukana ya hao ya boitsebiso, ebang e lahlehile kapa e utswitswe, ho batlahala lengolo ba boikano kapa setatemente/lengolo la sepoleseng, bopaki ba hore o entse kopo ya bukana ya boitsebiso ho ba Ditaba tsa Selehae; hammoho le

Passport ya hao e ntseng e sebetsa; kapa

Laesense ya hao ya ho kganna e ntseng e sebetsa ya mofuta wa karete. 



Hore banka kapa agribusiness e kgone ho tiisa bonnete ba aterese ya bodulo, o tshwanetse ho e fa tokomane e dumelletsweng e nang le lebitso la hao le aterese ya bodulo (Taba ya PO Box ha e a lekana), kapa nomoro ya setsha (stand) le motse.

 

