

Finalists (OPOT) 								SESOTHO



Kopana le bahlodi ba Selemo ba Molemi ya  Thuthuhang wa Dijothollo



Instructions:

Folio Strap: Bahlodi

Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi

Photos: Use the various photos



Lepatlelo jwale le koropetse, mme qetellong re ka phatlalatsa bahlodi ba bararo ba kgau ya Molemi ya Thuthuhang wa Dijothollo wa 2009. Re opela mahofi Samuel Moloi, William Matasane le Philip Xaba – eka ya hlwahlwa ka ho fetisisa e ka ba yena ya hlolang. Mohlodi o tla phatlalatswa ka la 9 Mphalane moketjaneng Midrand.



Samuel Moloi – Ficksburg

Samuel o tswaletswe polasing ya Magdalena ka la 3 Hlakubele 1969, moo ntatae e neng e le mosebeletsi polasing. O bile e mong hara bana ba robedi. A kena sekolo Mashaeng, ka thoko ho Fouriesburg, moo a ileng a qeta dithuto tsa kereiti ya 12.



E sa le ngwana, Samuel o ile a sebetsa polasing neng kapa neng ha ho ne ho kgonahala, mme a ba le toro ya ho ba le polasi ya hae. Samuel o nyetse Diane, mosuwetsana Fouriesburg. Ba na le bana ba bararo.



Samuel ha a na masimo, mme o re ha eba e ne e se ka baka la kgothaletso ya sehlopha sa Grain SA sa Ntshetsopele ya Molemi e ka be e se molemi kajeno. O ile a kgona ho hira mobu o tebileng haholo Mmasepaleng wa Fouriesburg nakong ya dilemo tse hlano.



A boela a kgona ho hira mobu wa tlatsetso sehlopheng sa basebetsi ba polasi bao e bileng majalefa a projeke ya ntjhafatso ya naha, e leng ba neng ba sitwa ho sebedisa mobu oo ka bobona. Hajwale, Samuel o hlahisa dijothollo dihekthareng tse 375 – ka mokgwa wa phapanyetsano ya poone, soneblomo le koro.



Samuel o utlwisisa bohlokwa ba mobu o tebileng mabapi le tlhahiso ya dijothollo. O nka maeto hohle a jarile motjhine o borang mobu veneng ya hae, mme o dula a batlana le mobu o lokileng oo a ka o hirang. Ka ha Samuel a se na mobu, ha a na mehlape e ka tshehetsang mosebetsi wa hae. Le hoja a lekile ka makgetlo ho batla thuso ho ba Lefapha la Ditaba tsa Naha, le jwale o ntse a tehile kalala.



Samuel ke setho sa sehlopha sa boithuto sa Dishweshwe tsa Dikorong sa Fouriesburg. O se a ile a ba teng dithutong tsohle tsa Grain SA: Selelekela tlhahisong ya poone/soneblomo/koro; Tlhahiso e phahameng ya poone le mmaraka; Tokiso ya motheo ya enjene; le Tekolo ya mehlodi le moralo wa bolemi.



Samuel ke monna ya boneng menyetla, mme a etsa maqheka a ho iketsetsa tjhelete. O na le moo a sebeletsang teng Fouriesburg, moo a hlokometseng le ho lokisa disebediswa tsa hae, mme o boetse o etsetsa batho ba bang mesebetsi e itseng. O boetse o na le kgwebo ya ho ratha le ho rekisa patsi.



O tsetetse diterekereng le metjhineng, empa neo e bohlokwa ya hae ke ho ikopanya le batho ba nang le tsebo, ba ikemiseditseng ho mo tshehetsa le ho mo eletsa. Ha a na tshabo ya ho nka keletso, mme o ithuta kapele. OVK e thusitse Samuel ka tjhelete tlhahisong ya dijothollo tsa lehlabula, mme VKB e mo thusitse ka tjhelete tlhahisong ya koro.



Samuel o na le basebetsi ba babedi ba nako tsohle. O ingodisitse ho UIF le Workmen’s Compensation. Samuel o boetse o na le’mothusi wa hae wa letsoho le letona’ – Piniki Hlaphu e leng ntate ya inehetseng ka hohle, wa seriti sa ntate, tora ya nnete e tshehetsang. Samuel o itshetlehile ka Pinki Hlaphu, mme o sebedisa dilemo tse ngata tsa boiphihlelo ba hae.



Dihla tse pedi tse fetileng tsa ho qetela e bile tse ntle tlhahisong ya poone Foreisetata Botjhabela, empa ha ho balemi ba bangata ba ka ikgantshang ka kuno e fetang ditone tse 6 hekthara ka nngwe dilemong tse pedi tse hlahlamanang – katleho eo motho a kabang motlotlo ka yona!



E bile taba e makatsang ho bona katleho ya monna enwa – nakong ya lemo tse tharo feela, o hlahile ka mahetla e le molemi ya ratang masimo le dijothollo hammoho le thahasello e matla ya kgwebo.



William Matasane – Senekal    

William o hlahetse seterekeng sa Winburg moo a ileng a kena sekolo sa polasing mabapi le thuto ya hae ya sekolo sa poraemari. Hamorao a kena sekolo se phahameng Winburg. Ha sekolo se tswile a sebetsa jwalo ka mophehi Aventura Resort e leng Allemanskraal ho fihlela ka 2004.



Nakong ya lemo tsa hae e sa le ngwana ya thusang ntatae polasing, a ba le lerato la polasi. Hoba a boloke tjheletana ka thuso ya kadimo ho ba Land Bank, William a kgona ho reka polasi Verblyden seterekeng sa Senekal. William, mosadi wa hae Alina le bana ba bona ba bane hajwale ba dula polasing ena.



Ke setho sa sehlopha sa boithuto sa Senekal, mme o bile teng boholong ba dithuto tsa kwetliso tsa Grain SA. O kgonne ho lefa tjhelete kaofela ya polasi ena ya dihekthara tse 397. Dihekthara tse 253 ke mobu o lemehang. William o boetse o hirile dihekthara tsa tlatsetso tse 380 tsa makgulo a dikgomo tsa hae le dinku. Ke motho ya dumelang mokgweng wa  bolemi bo tswakaneng ka ha bo fokotsa kotsi ya ho iphumana o le ka mosing.



William o jetse koro dihekthareng tse 84 lemong sa 2008, empa ka bomadimabe e ne e se selemo se setle sa koro. Ka lehlohonolo, sehla sena sa dijothollo tsa hlabula se bile setle, mme poone le soneblomo tsa hae di ntle. William o re o lema poone hobane e jewa ke tsohle – batho, dikgomo, dinku le dikgoho! William o sokotse ho fumana thuso ya tjhelete tlhahisong ya hae ka ha a le lebatoweng le sa sebeletsweng hantle ke agribusiness. 



Ha ho buuwa le William ho hlakile hore ke monna ya batlang ho tswela pele. O a potlaka ho amohela le ho sebedisa ditheknoloji tse ntjha. O se a fetohetse pooneng ya BT, mme o sebedisa tine ho ena le mohoma. Taolo ya mahola dijothollong e etswa hantle, mme ho totobetse hore William o tseba seo bohwai bo tshwarellang le bo nang le phaello bo se bolelang.



O na le dikamano tse ntle le balemi ba baahisani, mme o bua hantle ka balemi ba bane ba bahwebi ba ileng ba mo thusa dilemong tsa bolemi ba hae.



Philip Xaba- Bothaville

Philip ke molemi ka tswalo – O hlahetse polasing ka 1952, mme tsa kgale tseo a di hopolang ke bohwai ka diphoofolo le ka dijothollo. 



Ka 1973 Philip a simolla ho sebetsa polasing jwalo ka mokganni wa terekere, mme hamorao a ya Senwes moo a sebeditseng dilemo tse leshome. Philip o nyetse Julia, mme le hoja Julia a ena le mosebetsi oo a o etsang – ke mosuwetsana Kgotsong, ka ntle feela ho Bothaville – o kene ka setotswana mesebetsing ya bolemi, mme o tshehetsa Philip haholo polasing.



Polasi ya Philip e bitswa Tweespruit, e ka ba dikilomithara tse 5 ho tloha Kgotsong. Ha a dule polasing le hoja ba babedi ba basebetsi ba hae ba dula teng, mme ba hlokometse mehlape.



Philip o kene sekolo ho fihlela Kereiting ya boraro, empa ho hlakile hore monna enwa ha a sitiswe ke ho hloka thuto e phahameng – o tseba seo bolemi bo leng sona, mme bolemi ba hae bo mo tswalla phaello.  Philip o rata metjhine, mme o hlokometse haholo diterekere le disebediswa tsa hae.



Ke setho sa sehlopha sa boithuto sa Kgotsong, mme o bile teng dithutong tse ngata, tse kang, Tlhahiso ya poone le soneblomo; Tlhokomelo ya terekere le disebediswa tsa polasing; Tlhahiso e phahamneng ya poone le mmaraka; Tekolo ya mehlodi le Moralo wa Bolemi. Philip o na le kadimo ya tlhahiso ho ba Senwes.



Polasi ya Philip e na le dihekthara tse 197, mme e lefelletswe ka botlalo. Nakong e fetileng o ne a ena le letoto la ditekesi tseo a ileng a di rekisa hore a kgone ho reka polasi le disebediswa tseo a di hlokang. O a tseba hore masimo ana a manyane ho ka mo hlokomela jwalo ka molemi wa dinako tsohle, mme o hirile dihekthara tsa tlatsetso tse 100 tsa mobu o motle wa temo.



Mabapi le sehla se tlang, o ntse a sebetsana le monyetla wa ho hira dihekthara tsa tlatsetso tse 500 ho moahisani ya hlokang takatso ya bolemi. Philip o na le  merero, mme bohwai ba hae bo ntse bo hatela pele – mme o ikamahantse hantle le balemi ba bahwebi ba mo thusang ha a kopa tshehetso.



Philip ke molemi ya bontshitseng hore ho a kgonahala ho dula o etsa phaello masimong a manyane –  simolla hanyane, mme o nne o hole ha bokgoni le mehlodi e ntse e o dumella. 

