Fertilisation (Wheat) 								SESOTHO



Manyolo a koro ya hao



Instructions:

Folio Strap:

Byline: Ditaba di nkilwe bukaneng ya tataiso ya Grain SA, Tlhahiso ya Koro

Caption: Theibole 1: Dijo tsa dimela tse tlositsweng ke dijothollo



Dijothollo tse fapaneng di hloka bongata ba dijo tsa tsona ka ho fapana. Ditlhoko tsena di tlamehile ho kgotsofatswa ke mobu, moya o sebakeng hammoho le tshebediso ya manyolo le menontsha ho nnnetefatsa hore monono wa mobu ha o fele.



Koro ke sejothollo sa bohlokwa ka ho fetisisa sa serele lefatsheng. Sena ke nnete mabatoweng ao e jalwang ho ona le tlhahisong ya dijothollo kaofela ha tsona. Mabatowa a bohlokwahlokwa a hlahisang koro ya lefatshe a fumanwa mabatoweng a tlelaemete e futhumetseng ka ho lekana a Hemisphere e ka Leboya (30° ho isa ho 60° Leboya).



Tlhahiso ya jwale ya koro Afrika Borwa e fihlelletse boemo bo fatshe ba ho wa, e leng moo ditone tse milione o le mong di tshwanelang ho romellwa di etswa ka ntle. Sena se bakwa haholoholo ke ditheko tse tlase tsa koro mmarakeng o lokolohileng le tlhahiso e fetang tekano kapa koro “e lahlwang” e tswang dinaheng tse tshehetsang bahlahisi ka ditjhelete mabapi le tlhahiso ya koro.



Ho fetohela dithekong tse phahameng tsa oli e tala, ka bomadimabe ho boetse ho amme ditheko tsa manyolo ka ha tlhahiso ya nitrogene hammoho le tlhahiso tse ding tsa manyolo di hokahane le tlhahiso ya oli e hlwekisitsweng. Ditjeo tsa lenaneo lefe kapa lefe la manyolo ha di kgeloha ditataisong tsa motheho di tshwanetse ho hlahlojwa ka hloko ho ya ka ditheko tse phahameng ka ho fetisisa tsa manyolo. Tlhophollo e batsi e nepahetseng e tla bontsha hore na sejothollo se tla hlahiswa ka phaello kapa tjhe.



Ho kgothaletswa hore ho fetoha ha nakwana ha mefuta e bolang ya menontsha ya dimela ho ka kenngwa mokgweng wa phapanyetso ya dijothollo ho kenyeleditswe dimela tse kang dinawa. Mokgwa wa tlhaho wa pokello ya manyolo o ka kgema mmoho le tshebediso e phahameng ya manyolo a dikhemikhale e le ho fokotsa kotsi lehlakoreng la ditjhelete mabapi le ditjeo tsa tlhahiso e le hore ho fihlellwe maemo a amohelehang le a nang le thuso, a ditjeo kaofela. Ke taba ya bohlokwa haholo ho ba le phapanyetso ya dijothollo e kenyeletsang tse kang dinawa le dierekisi ka sepheo sa ho fokotsa ditjeo tsa manyolo.



Jwalo ka molemi o tla be o ile wa isa disampole tsa hao tsa mobu le ho fumana dikgothaletso mabapi le manyolo. Etsa bonnete hore o tla be o eleditswe ke motho eo ruri a tsebang le ho utlwisisa se batlwang ke koro ya hao. O se ke wa nka keletso ya motho ya itjhebetseng ho una molemo feela kapa ya ipatlelang phaello feela e sa hlokahaleng mosebetsing wa hao wa bolemi. Hopola ho fumana keletso bathong ba tshepahalang.



Theibole 1: 



 Sejothollo
 
Karolo e tlositsweng ya semela
 
Sejothollo se hlahisitsweng
 
Sejo sa semela kg/tone ya sehlahiswa
 

 

 

 

 
N
 
P
 
K
 

 
Mabele
 
Semela sohle
 
Sejothollo
 
30
 
4,5
 
20
 

 
Koro
 
Sejothollo
 
Sejothollo
 
5-15
 
4
 
4,5
 

 
Poone
 
Sejothollo
 
Sejothollo
 
15
 
3
 
4
 

 
Poone
 
Semela sohle
 
Sejothollo
 
27
 
4,5
 
20
 

 
Dinawa tse ommeng*
 
Semela sohle
 
Peo
 
36
 
5
 
12
 

 
Matokomane*
 
Semela sohle
 
Nate ka hara (kgaketla)
 
70-80
 
5-8
 
45-65
 

 
Dinawa tsa soya*
 
Semela sohle
 
Peo
 
75-100
 
8
 
25-35
 

 
Soneblomo
 
Peo
 
Peo
 
25
 
2
 
9
 

 


* Tsena di na le dikgaketla tse fupereng peo (legumes), mme di ka fepela boholo ba ditlhoko tsa tsona tsa nitrogene ka ho iphumanela nitrogene e moyeng ka dibaktheria tsa dikotolanyana.

