February									Sesotho

Hlakola – nako ya ho thuisa ka sehla sa hlabula



Instructions:

Folio Strap: Palo ya dimela

Byline:  Jane McPherson, manejara wa lenaneo la Ntshetsopele ya Grain SA

Photos:

Photo 1: Peo tse kgolo haholo tsa poone ho ka kena masobeng a poleiti ya plantere – ho hang ha di a ka tsa jalwa.

Photo 2: Pula e ka nna ya teteanya mobu le ho baka tswelopele ya lekgapetla le thata le thibelang peo ho hlaha.

Photo 3: Peo ya semela sa poone e tebile haholo, mme e thatafallwa ho hlaha.

Photo 4: Le leng la mathata a tlwaelehileng hoba peo e mele ke tshenyo e bakwang ke dikokwanyana.



Tsitsipano ya mosebetsi e bang teng nakong e nngwe le e nngwe ya sehla sa ho jalwa ha dijothollo lehlabula, e tshwanetse ho kokobetsa maikutlo, mme ke nako eo molemi a leng boemong ba ho lekola dijothollo tse seng di eme masimong. Tshepo ke hore palo ya dimela ke e lekaneng, le hore mmala wa tsona ke o lakatswang, wa botala bo fifetseng, le hore ha ho mahola a hlodisanang le dijothollo – ka bokgutshwanyane, ke hore, tsohle di se di le malala a laotswe bakeng sa kotulo e kgolo.



Le ha ho le jwalo, hangata tshohle ha di a tsamaya ho ya ka moralo, le dijothollo masimong ha di ntle jwalo ka ha ho ne ho hopotswe. Ena ke nako e ntle haholo ho batlisisa moo mohlomong diphoso di bileng teng.



Palo ya dimela – Na ruri e na le taba tjee?

Ha molemi a jala dijothollo o tshwanetse hore moralong wa hae a be le palo e itseng e kgothaletswang ya dimela. Semela ka seng se na le bokgoni ba ho hlahisa dijothollo – dintlha tse kginang kuno ke boteng/bosiyo ba metsi, menontsha, kganya le motjheso. Palo ya dimela tse ka tshehetswang ho ya ka yunite ka nngwe ya masimo, e itshetlehile haholoholo metsing a leng teng mobung. Palo ya dimela yunite ka nngwe ya sebaka, e bohlokwa haholo ho feta bophara bo itseng ba mola, ka ha dimela di kgona ho thiba dikgaello ka mekgwa e itseng. Bophara ba mela tlasa maemo a ommeng a masimo, bo ka nna ba fapana ho tloha ho 0,9 m ho isa ho 2,3 m, le teng ho itswela feela hore disebediswa tsa metjhine di teng na, le hore mokgwa o sebediswang wa ho phethola mobu ke ofe. Mela e sephara haholwanyane e bontshwa moo kuno e habilweng e leng tlase, mme palo e lebelletsweng ya dimela e leng tlase, pula le yona e leng tlase, moo mathata a leng teng a kgoholeho e bakwang ke moya, le moo mahola a tla laolwa ka metjhine pakeng tsa mela. 



Mela e mesesanyane haholwanyane e bontshwa moo kuno e lebelletsweng e leng e phahameng, moo pula e phahameng haholwanyane, moo ho nang le motheo kapa ho sekama ha masimo, hape le moo mahola a tla laolwa ka dikhemikhale (ha ho kgonahale ho laola mahola ka metjhine moo mela e leng mesesanyane, ka ha ho ke ke ha eba sebaka se lekaneng hore terekere e kgone ho tsamaya pakeng tsa mela).



Palo e lebelletsweng e bohlokwa mabapi le ho laola palo ya dimela e hlokahalang. Palo tse tlase haholo tsa dimela di kgina kuno e neng e ka fihlellwa. Le teng palo e phahameng haholo ya dimela e kgannela keketsehong ya kgatello semeleng, e leng se fokotsang kuno. Dimela tse jetsweng di atamelane haholo hangata di kotsing ya keketseho ya malwetse (jwalo ka ho bola ha kutu) le ho putlama ho seng ho atile.



Lebatowa ka leng, hammoho le mofuta ka mong wa peo, di na le palo e kgothaletswang ya dimela. Ha eba palo e lebelletsweng e sitwa ho fihlellwa, ho a utlwahala he hore kuno e tla ameha hampe. (ka mantswe a mang, ho ke ke ha eba dimela tse lekaneng ho hlahisa palo e lebelletsweng ya dijothollo).



Sesosa sa palo e fokolang ya dimela ke sefe?

Dintlha di ngata tse ka bakang palo e fokolang ya dimela, mme dintlha tsena di amana le mehato e fapaneng tswelopeleng ya dijothollo.



Ho mela ho fokolang ha peo

Ho mela ho fokolang ke o mong wa mehlodi e matla ka ho fetisisa ya maemo a fokolang a masimo. Mabaka a teng a mangata a bakang boemo bona ba ditaba:

Ho sothwa ha plantere e ka nna yaba ho ne ho fosahetse, e leng se bakileng hore e be peo tse mmalwa feela tse jetsweng.

Boholo ba peo e ka nna yaba e bile bo fosahetseng mabapi le dipoleiti tse sebedisitsweng tsa plantere (Photo 1).

Dipeo e ka nna yaba di bile nyane haholo bakeng sa plantere, e leng se qetellang ka dipeo tse pedi tse lekang ho kena lesobeng ka nako e le nngwe – mona he, selei se kgitla lejwe, ha ho letho le jalwang.

Karolo ya plantere, ‘ticker’, e dumellang dipeo ho feta, e ka nna yaba e na le phoso, mme e pshatla dipeo ha di ntse di feta. 

Diplantereng tsa moya, vakhumo ‘vacuum’ e ka nna yaba ha e na matla a lekaneng ho tshwara peo boemong bo nepahetseng ho fihlela e jalwa.

Ka kakaretso, tshwaro e fokolang ya plantere e baka mathata a mangata, a fapaneng, a motjhine. Sena se qetella ka ho jalwa ha dipeo tse nyane ka palo kapa tse robehileng.

Boleng ba peo bo ka nna ba fokola – peo e tsofetseng, kapa e kenweng ke bolwetse, e na le monyetla o fokolang wa ho mela.

Tlasa maemo a mongobo haholo, peo e seng e le mobung e ka nna yaba e ile ya ba le kgaello e kgolo ya moya wa okesijene.

Tlasa maemo a ommeng haholo, peo e ka nna ya haellwa ke mongobo o lekaneng mobung ho medisa peo.

Hang ha sejothollo se se se jetswe, pula e nang ka sekgahla e ka nna ya teteanya mobu, mme ya baka hore ho be teng lekgapetla le thata, le thibelang semela se senyane sa peo ho hlaha ka hodima mobu (sheba Photo 2).

Ho ka nna ha eba dikhemikhale tse salletseng mobung, tse ka bolayang semela se melang.

Nakong ya pele ya sehla sa ho jala, e ka nna yaba dipeo di jetswe themphereitjhara ya mobu e le tlase haholo ho ka dumella ho mela ha semela.

E ka nna yaba ho jalwa ha peo ho ile ha tebiswa haholo, e leng se etsang hore semela se sitwe ho hlaha ka hodima mobu (Photo 3). 

Dikokwanyana, dinonyana le diphoofotswana tse maotomane e ka nna yaba di jele dipeo pele di ka mela.



Tahlehelo ka dimela tse nyenyane (seedlings) 

Bo bong ba mathata a tlwaelehileng haholo hoba peo e mele ke tshenyo e bakwang ke dikokwanyana – haholoholo sesedi se jang semela karolong ya kutu, e hlahelang ka hodima mobu (Photo 4).

Dinonyana di ka nna tsa eja dimela tse nyane (le hoja hangata hona e se bothata bo boholo).

 Sefako se ka nna sa baka tshenyo e mpe haholo dimeleng tse sa leng nyane.

Motjheso o fetang tekano (jwalo ka maqhubu a motjheso) o ka nna wa etsa hore dimela tse sa leng nyane di ome ka hohlehohle.

Serame sehleng sa pele se ka nna sa bolaya dimela tse sa leng nyane.

Maemong a mang a itseng, jwalo ka soneblomong, ke tlwaelo ho sebedisa haraka (ekge) ho pshatla lekgapetla la mobu le ka hodimo, le bakilweng ke pula masimong a seng a jetswe. Haraka e ka nna ya baka tshenyo dimeleng tsena tse nyane.



Tahlehelo ya dimela hamorao

Ho fudiswa ha diphoofolo ke bothata ba sehlooho dibakeng tse ngata.

Taolo ya mahola ka metjhine hangata e qetella e bakile tshenyo dimeleng – ha eba dikere (shears) tsa motjhine o lemang di sa sothwa ka nepo, mme ha mokganni a sa tsotelle mosebetsi oo a shebaneng le ona, (ha eba tshebetso ya ho lema le ho jala e sa ka ya etswa hantle, le yona mela e sa otloloha le ho lekana hantle, ho lema ho fetoha qaka (tharahano), mme ho qetello ka tshenyo dijothollong).

 Malwetse a ka nna a baka tahlehelo ya dimela. 

Tlhodisano e matla ya mahola e ka nna ya qetella e bakile tahlehelo ya dimela.



Tharollo ke efe palong e fokolang ya dimela?

Ha nako e dumela, sejothollo se ka nna sa lengwa hape (le hoja sena se ka nna sa baka ditjeo tse mpehadi tse jang ka pokothong).

Ha ho ena le mola o le mong o siyo (ka baka la ho se sebetse hantle ha plantere) mola ona o ka nna wa etswa hang ha bothata bona bo lemohuwa.



Ke taba ya bohlokwa hore mehlodi ya palo e fokolang ya dimela e a hlwauwa e le hore phekolo ya maemo e be teng, le hore sehleng se hlahlamang phoso ena e se ke ya ipheta hape, etswe monna ha a bone habedi!

