February (Maize)									Sesotho
Hlakola – kgwedi ya ho nahana ka sehla sa hlabula
Instructions:
Folio strap: 
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi 
Moferefere o bang teng nakong e nngwe le e nngwe ya sehla ha ho jalwa dijothollo tsa lehlabula o tshwanetse ho kokobela, mme molemi o tshwanetse hore a be boemong ba ho sheba dijothollo tse ntseng di eme masimong. Tshepo ke ya hore palo ya dimela ke e lekaneng, le hore mmala wa dijothollo ke o batlehang, o botala bo fifetseng, le hore ha ho mahola a hlodisanang le dimela – ka bokgutshwanyane, tshohle di tshwanetse ho ema di loketse kotulo e kgolo. 
Le ha ho le jwalo, hangata tsohle ha di ke di tsamaya ho ya ka moo ho rerilweng ka teng, mme le dijothollo masimong ha di ke di ba ka moo di lebelletsweng ka teng. Ena ke nako e ntle ya ho batlisisa dintho tse bakileng maemo ana. 
Palo ya dimela - na ruri ke taba e ka tsotellwang? 
Ha ho jalwa dijothollo, molemi o tshwanetse ho ba le tebello ya ho fihlella palo e itseng, e kgothaleditsweng, ya dimela. Semela ka seng se na le bokgoni ba ho hlahisa dijothollo – dintho tse fokotsang kuno ke bosiyo ba metsi mobung, menontsha, kganya le motjheso. Palo ya dimela tse ka tshehetswang yuniteng ka nngwe ya masimo e itshetlehile haholo ka bongata ba metsi a fumanehang mobung. Palo ya dimela yuniteng ka nngwe ya masimo e bohlokwa ho feta bophara bo itseng ba mela ka ha dimela di kgona ho ba le mamello e itseng tlasa mathata. Bophara ba mela tlasa maemo a komello bo ka fapana ho tloha ho 0,9 m ho isa ho 2,1 m kapa 2,3 m ho itshetlehilwe ka boteng ba metjhine le mekgwa ya ho phetholwa ha mobu e sebediswang. Mela e bileng sephara haholo e totobala moo kuno e leng tlase, palo e lebelletsweng ya dimela e leng tlase, moo pula e leng tlase, moo mathata a leng teng a bakwang ke kgoholeho e bakwang ke moya, le moo mahola a tla laolwa ka metjhine pakeng tsa mela.
Mela e mesesanyane e iponahatsa moo kuno e habilweng e phahameng, moo pula e leng ngata, moo masimo a leng motheong, le moo mahola a tla laolwa ka dikhemikhale (ha ho kgonahale ho laola mahola ka metjhine moo mela e leng mesesanyane haholo, ka ha sebaka se tla ba siyo sa terekere ho tsamaya pakeng tsa mela). 
Kuno e habilweng ke ntho ya bohlokwa e laolang palo ya dimela. Palo e tlase haholo ya dimela e kgina kgonahalo ya kuno, mme ka lehlakoreng le leng palo e phahameng haholo ya dimela yona e kgannela keketsehong ya kgatello semeleng, mme hape e fokotsa kuno. Dimela tse atamelaneng haholo hangata di na le kgonahalo ya kotsi ya malwetse (jwalo ka ho bola ha kutu), mme ho kgangwa ke metsi ke ntho e atileng haholo. 
Sebaka ka seng le mofuta ka mong wa peo di na le palo ya dimela e kgothaletswang. Haeba palo e batlehang e sa fihlellwe, eba moo kuno e lebelletsweng e amehang hampe (ka bokgutshwanyane, ho ke ke ha eba teng palo e lekaneng ya dimela e tla hlahisa dijothollo tse batlehang).
Sesosa ke sefe sa palo e fokolang ya dimela? 
Dintho di ngata tse ka bakang palo e fokolang ya dimela, mme sesosa se amana le mehato e fapaneng tswelopeleng ya sejothollo. 
Ho mela ho fokolang ha peo
Ho mela ho fokolang ha peo ke sesosa se seholo ka ho fetisisa sa ho ema ho fokolang ha semela. Mabaka a mangata a bakang ho mela ho fokolang ha peo:
Ho setwa (calibration) ha plantere ho ka nna ha fosahala, e leng ho ka etsang hore ho jalwe peo tse nyane ka palo masimong. 
Boholo (size) ba peo e ka nna ya eba bo fosahetseng, bo sa dumellaneng le dipoleiti tsa plantere.
Peo e ka nna yaba ke e nyane haholo mabapi le plantere, hoo etsang hore dipeo tse pedi di kene ka nako e le nngwe lesobaneng – e leng ho bakang ho kgineha, mme ebe ha ho letho le jetsweng. 
Ho qhwayaqhwaya (ticker) ha plantere ho ka nna ha fosahala, mme ha pshatla dipeo ha di feta. 
Diplantereng tsa moya, ho ka nna ha etsahala hore vacuum ha e matla hakaalo hoo e kgonang ho tshwara peo hantle ho fihlela e jalwa.
Ka kakaretso, tlhokomelo e fokolang ya plantere e baka mathata a mangata, a fapaneng a motjhine, a etsang hore qetellong ho jalwe peo tse nyane ka palo kapa tse pshatlehileng. 
Boleng ba peo e ka nna ya eba bo fokolang – peo ya kgale, kapa peo e nang le bolwetse boo kgonahalo ya ho mela e leng e fokolang haholo. 
Tlasa maemo a metsi haholo, semela se senyane se ka nna sa haellwa ke okesijene mobung.
Tlasa maemo a ommeng haholo, peo e ka nna ya sitwa ho fihlella mongobo hore e mele. 
Hang ha sejothollo se jetswe, metsi a mangata a pula a ka teteanya mobu, mme a baka hore lekgapetla le thata le be teng le sitisang ho hlaha ha semela.
Ho ka nna ha eba teng masalla a itseng a dikhemikhale a bolayang semela se hlahang. 
Tshimolohong ya sehla sa ho jala, peo e ka nna ya jalwa nakong eo themphereitjhara ya mobu e leng tlase haholo hore peo e ka mela. 
E ka nna yaba peo e jetswe e tebile haholo, e leng se sitisang ho hlaha ha semela. 
Dikokwanyana, dinonyana kapa diphoofotswana di ka nna tsa eja peo pele e mela.
Tahlehelo ya dimela tse nyane 
Bo bong ba mathata a atileng haholo hoba peo e mele ke tshenyo e bakwang ke dikokwanyana – haholoholo sesedi se jang semela moo se hlahang ka hodima mobu.
Dinonyana di ka nna tsa ja dimela tse nyane (le hoja hona hangata e se bothata bo boholo).
Maemong a komello, a lehlabathe, ho foka ha moya (kgoholeho e bakwang ke moya) ho ka kupetsa semela se senyane se lekang ho hlahella ka hodima mobu.
Sefako se ka baka tshenyo e kgolo dimeleng tse nyane. 
Motjheso o fetang tekano o ka nna wa baka ho omella ka hohlehohle ha semela se senyane.
Serame mathwasong a sehla se ka bolaya semela se hlahang. 
Maemong a mang, jwalo ka soneblomong, ke tlwaelo ho sebedisa ekge ho pshatla lekgapetla le ka hodimo la mobu, le bakilweng ke pula masimong. Ekge e ka baka tshenyo semeleng se hlahang. 
Tahlehelo ya dimela hamorao
Ho fula ha mehlape ke bothata bo boholo dibakeng tse ngata. 
Taolo ya mahola ka metjhine hangata e baka tshenyo dimeleng – haeba dikere tsa mohoma di sa setwa ka nepo, mme mokganni a sa hlokomele mosebetsi wa hae (mosebetsi wa ho jala o sa etswa ka nepo, le mela e sa lekane, e le matswedintsweke, temo e ba le mathata, mme sena se baka tshenyo dijothollong).
Malwetse a ka nna a baka tahlehelo ya dimela. 
Tlhodisano e matla ya mahola e baka tahlehelo ya dimela. 
Tharollo ke efe palong e fokolang ya dimela? 
Ha eba nako e dumela, sejothollo se ka nna sa jalwa hape (le hoja hona ho kgema mmoho le ditshenyehelo). 
Haeba mola o le mong o le siyo (ka baka la planetere e sa sebetseng hantle) mola ona o ka nna ya kenyelletswa, wa jalwa hang ha bothata bo bonahetse. 
Ho bohlokwa hore tse bakang palo e fokolang ya dimela di hlwauwe, e le hore bothata bo rarollwe, mme bo se ke ba boela ba phetwa sehleng se hlahlamang. 
