Farming (Maize)									Sesotho

Temo e fupere dife?



Instructions:

Folio Strap: Tlhahiso

Byline: Jane McPherson, Manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA

Photos:



Mohlomong re ke ke ra fosa ha re re haesale temo e le teng jwalo ka ha re e tseba kajeno, mobu o leng teng lefatsheng, o ka sebediswang, o na le meedi.



Ho teng ditlwaelo tsa tlhahiso (mohlala, tlhahiso ya hydroponic), e etsang hore tlhahiso e kgonahale ntle le tshebediso ya mobu e le moo dimela di melang teng, empa mabapi le boholo ba temo, mobu o sebedisetswang tlhahiso o sehetswe meedi, o na le moo o fellang teng. Ka kakaretso, temo e shebane le tlhahiso ya dijo le tshwele (fibre). Mofuta wa temo e sebediswang lebatoweng kapa naheng efe kapa efe, o theilwe dinthong tse itseng, tse kang, tlelaemete, mobu le tlwaelo ya nako e fetileng. Batho ba dulang hole le masimo a temo ba na le tlhoko ya motheo ya ho fepa le ho tshehetsa ba malapa a bona – tshireletso ya dijo tsa lelapa. Ha feela ditlhoko tsa lelapa di se di kgotsofaditswe, ke hona tlhahiso e ka shebanang le mehato ya kgwebo, e leng moo tse hlahiswang di hlahiswang di le ngata, mme di rekiswang hore tjhelete e kene.



Mengwaheng e mengata e fetileng, ho ile ha hlaka hore dinaha tse ka qobang koduwa ya mofuta ofe kapa ofe, ke tse nang le dijo tse lekaneng. Ho ya ka ditlwaelo tsa sejwalejwale tsa tlhahiso ya dijo, dinaha tse ngata di kgona ho hlahisa dijo le tshwele e ngata ho feta eo dinaha tseo di di hlokang. Dinaha tse ngata tse tswetseng pele di hlahisa dijo tse ngata ho feta tseo di di hlokang, mme ha re sheba ka ihlo la kgwebo, re lemoha hore ka ha tlhahiso e feta tlhoko, sena se baka hore ditheko di theohe, e leng se kgannang bahwebi ba bang hore ba emise ho hlahisa sejothollo sa mofuta oo. Dinaheng tse ngata, bahlahisi ba fumana tshehetso e le hore ba kgone ho tswela pele ka tlhahiso hobane mmuso wa naha o batla ho etsa bonnete ba hore naha kaofela e tshireletsehile lehlakoreng la dijo.



Dinaha tse hlahisang dijo tse ngata ho feta tseo di di hlokang di romella thepa ena e ngata dinaheng tse ding. Hangata thepa ena ha e fihla dinaheng tsena e fihla teng e le thekong e tlase ho feta eo naha eo e ka hlahisang dijo tse jwalo ka yona. Hona e ka ba sephetho se tswalwang ke tshehetso ya ditjhelete (subsidy), empa ka nako e nngwe e ka nna ya ba dintho di jwalo ka baka la maemo a leng matle haholo a tlelaemete mabapi le tlhahiso ya dijo (mohlala, bahlahisi na New Zealand ba ka hlahisa lebese ka ditshenyehelo tsa tlase haholo makgulong a bona, mme ka hoo ba kgona ho romella ka ntle dihlahiswa tsa lebese dinaheng tse ding moo ditjeo tsa tlhahiso di phahameng haholwanyane). 



Jwalo ka ha re boletse, mobu o leng teng mabapi le tlhahiso ya dijo le tshwele naheng efe kapa efe, o sehetswe meedi. Mabapi le tshireletso ya dijo tsa naha eo, ho bohlokwa hore mobu oo ohle o setseng o sebedisetswe tlhahiso. Le ha ho le jwalo, mobu o kgona feela ho ka sebedisetswa tlhahiso ha feela bahlahisi ba kgona ho etsa phaello tlhahisong. Re qakehile hajwale ka ha ditjeo tsa tlhahiso ya poone, soneblomo, mabele le dinawa tsa soya, di sa tswa phahama kapele haholo, mme sena se kenya letswalo phaellong e ka etswang dijothollong.



Re tshwanetse ho eletsa bahlahisi ho etsa eng? 

Re eletsa bahlahisi ho se leme ha feela ba ntse ba se na mmaraka wa ditlhahiswa tsa bona 

	ka poreisi tone ka nngwe e fetang ditjeo tsa bona tsa tlhahiso.

Re etsa tlhahiso hore haeba molemi a lemela ditlhoko tsa lelapa la hae feela, a etse jwalo e le 

	hona ho ba le tshireletso mabapi le dijo. 

Ha o se o fihletse bonnete ba hore ba lelapa ba tshireletsehile mabapi le dijo tsa bona, leka

 ho fumana mmaraka, mme o hlahise feela tse hlokwang ke mmaraka oo.



Ha e le mona sehla sa ho jala se feta, re o lakaletsa katleho. Kgotso, Pula, Nala. 

