Farmers’ days (Maize)									Sesotho

Hobaneng re ena le matsatsi a balemi le diteko tsa dipontsho?

Instructions:

Folio Strap: Lenaneo la ntshetsopele ya molemi

Byline: Jane McPherson, Manejara wa Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA

Photos



Sepheo ka Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi ke ho etsa le ho hlokomela ditshingwana tsa diteko moo bahlahisi (balemi) ba bontshwang melemo ya tokiso e nepahetseng ya mobu, manyolo, kgetho ya mofuta wa sejothollo, taolo ya lehola le diboko hammoho le kotulo.

Basebetsi lenaneong ba hokahanya ho etswa ha diteko tsena le batho ba bang ba nang le kabelo indastering – rakonteraka, dikhamphane tsa dipeo, tsa manyolo le tsa dikhemikhale tsa temo e le hore bahlahisi ba pepesetswe tlhahisoleseding e ntle ka ho fetisisa ya tlhahiso le maqheka a jwalo.

Hang ha ho se ho hlwailwe ditsha moo diteko di ilo etsetswa ho tsona, ho bohlokwa hore bahlahisi ba ntseng ba thuthuha lebatoweng leo ba pepesetswe dintlha kaofela tsa ho jala le ho hlokomela ha dijothollo tse tseo ho rerilweng hore di tla jalwa ditsheng tseo. Matsatsi a balemi a fana ka menyetla yah ore bahlahisi ba kopane le ba bang, le dihkamphane tse fepelang ka disebediswa hammoho le batho ba bang ba nang le kabelo indastering, e leng ba ka memelwang matsatsing ana – bahlahisi ba iphumanela ditaba tse ngata le ho pepesehela tse ngata mereropng e kang ena.

Matsatsi ana a latelang a balemi a tshwerwe lemong sa 2008:



Tonie Loots Leboya Bophirimela – matsatsi a balemi a 9; 

Amos Njoro Leboya Bophirimela le Gauteng - matsatsi a balemi a 10;

Jerry Mthombothi Mpumalanga - matsatsi a balemi a 10;

Johan Kriel Foreisetata - matsatsi a balemi a 11; hammoho le 

Lawrence Luthango (ya nnileng a sebetsa ho tloha ka Motsheanong 2008), Kapa Botjhabela ya ileng a tshwara matsatsi a balemi a seng makae.



Matsatsing na ho ile ha tshohlwa dihlooho tse fapaneng tse kang tsena:



Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi la Grain SA;

Tshehetso, seabo le mesebetsi ya mafapha a fapaneng a temo;

Manyolo le tshebediso e nepahetseng – dibui tse fapaneng ka matsatsi a fapaneng;

Taolo ya mahola le diboko/dikokwanyana;

Kgetho ya mefuta ya peo;

Temo jwalo ka kgwebo le ethanol jwalo ka tholwana ya dijothollo;

Tse hlokahalang kadimong ya tjhelete mabapi le tlhahiso;

Mmaraka wa poone;

Ditshebeletso tsa Banka ya Naha;

Ditaba tsa Naha le kabo ya mobu; le

Inshorense ya tse sebediswang mobung.



Lenaneong la rona, re leka ho kenyeletsa bohle ka ho fapana ha bona, ba nang le kabelo indatsering ya temo ntshetsopeleng ya bahlahisi – e mong le e mong o na le kabelo ya hae ya seo a se tsebang haholo. Kgokahano e hlokolosi haeba tswelopele e lokela ho tsitsa le ho tshwarella. 

Setswalle se entswe le diinstitushene tse latelang: 

MADC, Baka ya Naha, ABSA, Banka ya Standard;

Sasol Nitro, Omnia, Tsunami, Opticrop, Kynoch;

Senwes, OVK, NWK, MGK, Suidwes Landbou, AFGRI;

Mafapha a Temo le Ditaba tsa Naha, Lefapha la Ditaba tsa Metsi, SEDA;

NAFU, NERPO, MPO;

Pannar, Monsanto, Agricol;

Bayer, Wenkem, Novon/Protecta;

ARC GCI;

Taung College; le

Santam Agri.









