Farmer of the year (Maize)								Sesotho
Bathonngwa ba rona ba 2011 ba Molemi wa selemo ya thuthuhang 
Folio strap: Molemi wa dijothollo wa selemo
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Photos: 
Judges: Ditho tsa baahlodi e bile Karabo Peele, Jane McPherson, Gerhard Mamabolo, Jenny Mathews, Dirk van Rensburg le Willie Kotzé.
Koos: Koos le Lydia Mthimkhulu kitjhineng ya bona.
Thando: Thando Lolwane o itokisetsa ho sebetsa masimong.
Malefane: Malefane Makubo ha a hlalosa lerato la hae la temo.
John: John Dipane masimong a hae.
Boy: Boy Mokoena o bontsha baahlodi soneblomo ya hae.
David: David Motswene masimong a hae.
Eka tshomo ho nahana hore re fihlile nakong ena ya selemo hape. Re entse qeto ya ho etela balemi mathwasong a selemo hore re bone dijothollo di sa le tala. 
Re nkile leeto ho tloha ka la 11 ho fihlela ka la 14 Mmesa, mme baahldi e bile Karabo Peele (Maize Trust), Gerhard Mamabolo (AgriSETA), Jenny Mathews (sehlopha sa tshebetso), Dirk van Rensburg (sehlopha sa tshebetso), Willie Kotzé le Jane McPherson (mosebeletsi wa lenaneo). 
Re ne re thabile haholo ho fuwa mpho ya koloi ke ba Volkswagen ba Klerksdorp ho e sebedisa nakong ya ketelo, mme ka baka lena re kgonne ho tsamaya mmoho. Ba thontsweng mabapi le Molemi ya Thuthuhang wa Dijothollo wa 2011 e bile ba latelang:
Koos Mthimkhulu
Koos o hlahetse Paul Roux, polasing ya Julius Bobbert. A kena sekolo sa polasing ho fihlela Sehlopheng sa 1. Ho tloha dilemong tsena tsa bongwana, a bapala le bana ba molemi ho fihlela ha a etsa mesebetsi e fapafapaneng polasing. A simolla ka ho hama dikgomo tsa lebese, a sebetsa ka dikgomo tsa nama le ka mehlape e meng, hamorao a kganna diterekere le ho sebedisa disebediswa tse ding tsa temo dilemong tse hlano. Koos e bile mokganni wa lori polasing, mme a simolla ho tjheselletsa ditshepe, a lokisa disebediswa. Ha a le dilemo tse 26 a ya polasing e bitswang Mieliebult ya Frikkie du Preez moo a ithutileng tse ngata ka disebediswa tsa temo, ho tjheselletsa ditshepe le ho jala dijothollo.
Frikkie o bile le seabo se seholo ntshetsopeleng ya Koos ho tloha ha e le mosebeletsi feela wa polasi ho fihlela a eba molemi wa mohwebi ka boyena. A fumana boiphihlelo bo bongata ha a ntse a sebeletsa Frikkie. Frikkie a mo rekisetsa disebediswa tse ngata tseo Koos a kgonneng ho di lefella ha tjhelete e ba teng. Ka ho sebedisa tseo a di rekileng ho Frikkie, Koos a iketsa rakonteraka, mme a sebeletsa balemi ba bang ba thuthuhang lebatoweng la Senekal. Mosebetsi ona wa kenya tjhelete eo a kgonneng ho lefella disebediswa tsa hae ka yona. 
Koos a fumana diterekere tsa John Deere 3140 le 265 Massey Ferguson le disebediswa tse ding tsa mosebetsi wa bokonteraka. A tsetela e nngwe ya tjhelete ya konteraka dikgomong. Hamorao a hira dihekthara tse 55 tsa mobu o lemehang moo a ileng a jala poone, a kotula palohare ya ditone tse 3 hekthara ka nngwe selemong sa pele. A fumana polasi, Astoria, ka 2007 ho ba Lefapha la Ditaba tsa Naha moo hajwale e leng molemi wa mohlokomedi. Koos ke molemi ya nang le bokgoni, mme o re o thabela tshehetso ya Grain SA le ya Lefapha la Ditaba tsa Naha, le tseo ba mo etseditseng tsona, empa o lemoha hore nakong e telele tlhahiso ya hlahlafethe, mosebetsi ha o etsetswe makgethe, ha e sebetse mobung o haellang. Dikonteraka di sebetsa selemo le selemo, mme konteraka e saennweng hajwale pakeng tsa Lefapha la Ditaba tsa Naha e simolla ka la 10 Pudungwana 2008 ho fihlela ka Pudungwana 2009 ka monyetla wa hore ba Ditaba tsa Naha ba ka ntjhafatsa konteraka ya selemo haeba polasi e hlokometswe hantle, mme e sebetswa hantle.Nakong e fetileng ho ne ho kgonahala hore molemi a fumane thaetleledeed ya masimo, empa dintho difetohile jwale, mme ha ho a hlaka hore ekaba Koos o tla ke a fumane thaetlele na. Ba ditaba tsa Naha ba thabile haholo ka mosebetsi o etswang hajwale ho fihlela mona, mme ba bontshtse hore tumellano le mohlokomedi e ka nna ya ntjhafatswa. 
Ka ha Koos a tshwenyehile ka molemo wa tlhahiso ya dijothollo mobung wa bokgoni bo tlase lebatoweng la Senekal, o batla ho eketsa kgwebo ya hae ya konteraka. Hape o ntse a batla mobu wa bokgoni bo phahameng oo a ka o hirang mabapi le tlhahiso ya poone le soneblomo. Ba boetse ba batla ho eketsa palo ya dikgomo tsa nama polasing. Tse ding tsa sehlooho tsa tse mo tshwenyang ke ditlwaelo tse fosahetseng tsa Lefapha la Temo ha re etla tabeng ya ho nehelana ka disebediswa ho balemi. Koos o rata ho phahamisa boemo ba phepelo ya metsi dikampong tsohle tsa polasi ya hae, ho reka dikgomo tse ngata le ho hloma makgulo a nako tsohle mebung e sa tebang. 
Koos ke mohlala wa motho ya qadileng a se na letho, mme a nyoloha ho fihlela mona moo a leng teng kajeno. Ho etsa hore motho a ikutlwe a le motlotlo ha a etela polasi ya hae hobane ntho e nngwe le e nngwe e maemong a matle, e hlokometswe ka makgethe jareteng. Disebediswa kaofela tsa hae di bolokilwe hantle, di bolokilwe tlasa marulelo. O nyetse Lydia, mme o na le bana ba bararo, baradi ba babedi ba seng ba nyetswe, le mora, e leng Clifford. Petunia, e mong wa baradi ba hae, ke graduate ho tsa temo, o sebetsa jwalo ka ofisiri ya katoloso lebatoweng la Ficksburg. Clifford o entse thuto ya lemo tse pedi ho tsa tsamaiso mmarakeng le temong, o sebeditse sepoleseng dilemo tse pedi, mme jwale o polasing le ntatae ka nako tsohle. Ke motho ya matla ho tsa metjhine, mme sena se bonahala ka boemo ba disebediswa tsa hae. Koos le ba lelapa ba dula polasing, ke mohlala o motle wa mofuta wa phetoho eo lefapha lena le e batlang. 
Thando Love Lolwane
Thando o hlahile ka 1957 Gelukspan (Bapong). Ke mora wa borobong wa bana ba 12 ba Stention le Francinah Lolwane. O qadile ka sekolo sa Motswenyane Primary School ho tloha ka 1966 mme a tlohela ka 1971 hoba a fete sehlopha sa 5 (Kereiti ya 7). 
Ka 1997 a qala ho sebetsa Stilfontein Panelbeaters e le mosebeletsi hara ba bang, a ya sebetsa Marico Foodstar e le ya tsamaisang metjhine dikgwedi di se kae. A ya sebetsa Stilfontein Goldmine e le mokganni wa terene ka morafong.
O nyetse Atholia Lolwane, mme ba na le bana ba bahlano, baradi ba babedi le bara ba bararo. Wa pele Jacob (32) hajwale o sebetsa Health Department, Schweizer-Reineke. Progress (30) o sebeletsa Social Development. Gladwin (28) o sebeletsa sesole sa tshireletso, hajwale o sebetsa le ntatae polasing. Primrose (24) o etsa dithuto tsa temo Taletso FET ha Nomvuyo (16) a etsa Kereiti ya 10 Bethel High School. Gladwin rata temo haholo, o thusa ntatae polasing.
Thando o simollotse ka temo ka 1982 ka ho thusa ntatae. Ka 1983 a kgona ho fumana kadimo ya tjhelete ho ba Agribank (Bophuthatswana), a simolla ho temo ya dihekthara tse 75 ka terekere e le nngwe. Ka 1989 a reka terekere e nngwe, 6010 Ford tractor. O rekile polasi ya dihekthara tse 400 Klippan, a hira e nngwe ya dihekthara tse 249 Lareystryd, le ya mobu wa setjhaba Gelukspan. Ka 2008, Thando ya ba Molemi e Motjha wa Kotulo ya Selemo wa Toyota. Ho ya ka Thando temo ke bophelo! 
Malefane Makubo
Malefane o hlahetse Petrus Steyn ka la 25 Loetse 1949. O holetse polasing ya Mr. C.A Claasen lebatoweng la Petrus Steyn. A simolla ka sekolo, a qeta Kereiti ya 4 Danielsrus Primary School pela Petrus Steyn. Malefane o rata temo, mme o e sebeditse a le dilemo tse pedi. O ne a sebetsa e le mosebetsi ya feletseng ha a le dilemo tse 15. Malefane o re ka nako eo o ne a fumana moputso wa 50 sente ka kgwedi, mme o kgonne ho fumana moputso o feletseng (R2 ka kgwedi) ha a se a kgona ho jara mokotla wa poone (200 lbs) hlohong! 
Malefane a tlohela polasi,a sebetsa VKB – o bolela hore moputso wa hae o ne o le motle, mme hona ha etsa hore a kgone ho nyala (e ne e le R10 ka kgwedi). Ka mora dilemo tse itseng, molemi wa mohwebi a mo kopa ho kgutlela polasing. O re ba phela hantle, mme o ne a atisa ho fumana ditlhapiso (bonus) tsa mekotla e 20 ka mora kotulo – ena e ne e le tjhelete e ntle. 
Malefane o ne a rata ho sebetsa ditoropong tse kgolo dibakeng tsa meaho, mme ka hoo, a ya Qwa-Qwa hore bukana ya hae ya pasa e mo dumelle ho tloha sebakeng seo. Ka 1990 Malefane a etsa qeto ya ho tloha toropong, a ya QwaQwa moo a ileng a reka polasi teng. Qalong, o ne a mpa a hiriseditswe polasi (R3 500 ka kgweditshelela), empa hamorao a kgona ho ithekela polasi ya hae ka kadimo ya tjhelete ho ba Land Bank, eo a seng a e lefile ka ho phethahala. O rekile polasi ya dihekthara tse 560, mme tse 200 ke mobu o lemehang. 
Malefane o bolela hore o ipoleletse hore o tla lefa dikadimo tsa hae ka tjhelete efe kapa efe e ka kenang polasing ya hae – ditlhoko tsa hae di emela morao ho fihlela a lefile tjhelete ya kadimo. O se a lefile tjhelete tsohle tseo a di adimileng, mme jwale o tshwere temo ya koro, poone, dinawa tsa soya, dinawa tse ommeng, nama ya kgomo, mme o rekisa le lebese (dairy e nyane). Malefane o bona bokamoso, o natefelwa ke temo. 
John Dipali 
John o hlahetse polasing ya Vaalbank, lebatoweng la Senekal. A kena sekolo sa polasing sa Vaalbank ho fihlela Kereiting ya 6. Ka mora ho ba polasing dilemo tse nne, a kena Lefapheng la Ditsela ka 1970, ya ba mosebedisi wa kereitara. Ka dilemo tse 23 ya ba mokganni wa dikereitara Lefapheng la Ditsela le la Mesebetsi ya Setjhaba. John o nyalane le Jeanette (ya rutileng sekolong sa poraemari Senekal dilemo tse 30), bana ba bona ba se ba nyetse.
John le metswalle e mene ba rekile polasi Rooikoppies empa ba e rekisetsa Monghadi Mohapi ka 2005. John a reka polasi ya Concordia ka thuso ya ba Ditaba tsa Naha ka 2005. O se a na le thaetlele deed ya polasi. O thabile haholo ka thuso eo a seng a e fumane ho Lefapha la Temo le Grain SA. Ke molemi ya sa senyeng. Polasi ya hae e etsa dihekthara tse 277, hape o hira dihekthara tse ding tsa tlatsetso tsa mobu o lemehang. 
Tse ding tsa diphephetso tse mo tshwenyang ke ditjeo tse phahameng tsa tse kenngwang mobung le ditheko tse tlase tsa dijothollo. Mekgwa ya hae ya temo e metle, o sebetsa ka disebediswa tse ntle polasing. Ka ha John ha e sa le mohlankana, o hlophisa dintho tsa hae hore a phethe mesebetsi ka nako. 
Boy Mokoena 
Boy o hlahetse Middleburg ka 1948 polasing eo batswadi ba neng ba sebetsa ho yona. O nyetse, bana ba bane. Ha a eso kene sekolo bophelong ba hae, tsa temo o ithutile tsona ha a ntse a sebetsa e le modisa. Hajwale o na le dikgomo tse makgolo a mabedi. Matsatsing ao, ba ne ba qobellwa ho kena sekolo, mme ka baka lena, lerato la hae la temo le nnile la eketseha.
O simollotse ho sebetsa mapolasing a bahwebi, a tloha boemong ba ho ba mosebeletsi feela, a ba a kganna terekere, a qetella e le foromane. Ka ha e kile ya ba modisa, hape a boela a ba le lerato le matla la ho hweba ka dikgomo. Jwale o na le dikgomo tse makgolo a mabedi tseo a hwebang ka tsona.
Dilemong tse ka bang 15 tse fetileng, Boy o ne a na le dikgomo tsa nama tse ka bang 800, mme e nngwe ya diphoso tse kgolo tseo a kileng a di etsa ke ho rekisa dikgomo ho lefella disebediswa tsa hae le ho lema dijalo tsa mofuta wa monawa. Boy hape o bile le centre pivot ya dihekthara tse ka etsang 40 polasing ya hae e simollotseng dilemong tse hlano tse fetileng. Ka bomadimabe mehala ya dikheibole ya centre pivot e ile ya utsuwa le setseishene sa pompo tsa utsuwa.
Ka ho se rutehe, Boy ha a ka a sitisa bana ba hae ka ho se ba fe thuto. Ba bararo ba bana ba hae ba ile ba tloha sebakeng sa mapolasi, mme jwale ba sebetsa hantle metseng e meholo ya ditoropo. Moradi o mo thusa ka tsamaiso le ditaba tsa ditjhelete polasing.
Ka bomadimabe, Boy o bona lefifi feela ka sehla se tlang. E ka ba taba e bohloko haholo ha re ka lahlehelwa ke motho ya tjena ya etsang tsohle ka boyena. 
David Motsweni 
David o hlahetse Middleburg ka 1949 polasing ya Patatfontein. O ne a thusa ntatae le ntataemoholo polasing, mme ka hoo lerato la temo la hola a sa le monyane. Ba ne ba sebedisa mokgwa ola wa kgale o bitswang “derde deel” moo ho neng ho panwa dikgomo le ho jala, mme ha nako ya kotulo e fihla ba ne ba fumana feela karolo ya boraro ya dijothollo. 
Ditaba tsa David tsa ditjhelete di tshwerwe ke yena ka sebele ka ha o na le dikgwebo tse ding tse kang Naga piggery e tswetseng pele haholo le ho hlokomelwa hantle. O dumela tabeng ya hore mosebetsi o mong le o mong o ikemele ka bowona, mme ha o sa atlehe o a o kwala. O reka dipeo tsa hae ho ba Monsanto, mme ha ho GM tsa letho tse sebediswang. Dikhemikhale di rekwa ho ba Quemico, manyolo ho ba Sasol Nitro. O kgotsofetse ka dikhamphane tse mo thusang ka tse kenngwang mobung hobane ha ba nyamele ha motho a se a rekile..
David o ne a sa rate ho ntsha maikutlo ka seabo sa Mmuso Temong, le tabeng ya ho ntshetsa pele balemi. O dumela hore katleho ya hae e matsohong a hae le ditjheleteng tsa hae, mme karolo ya katleho ya hae ke hore ha a dumele tabeng ya ho paroletsa (short cut). Tsela e nngwe feela, mme ke tsela e nepahetseng.
Tshoso ya sehlooho ke tshenyo e bakwang ke tlhaho, jwalo ka komello, sefako, kapa kotsi efe kappa efe ya tlhaho. E nngwe ke ho se tsetse ha mmaraka moo ditjeo tsa tse kenngwang mobung di sa nyalaneng le ditheko tsa dijothollo ka bala la tlhahiso e fetang tekano.
David o rata ho atolosa tshebetso ya hae le ho lema dihekthara tse ngata, mme o na le bokgoni ba ho fihlella seno hobane o na le metjhine. Hore a phele nakong e tlang, ho hlokahala hore a hlopholle mmaraka hantle, mme a leme tse nepahetseng jwalo ka ha ditlhoko tsa batho le tsa ikhomomi di lebelletse.
Tlhodisano ena e haufi, empa re motlotlo ho phatlalatsa hore ba bararo ba thontsweng ke Thando Lolwane, Malefane Makubo le Koos Mthimkhulu. Re ba lakaletsa katleho. 
