Farmer (Maize)	 									Sesotho
2010 Molemi wa selemo – tlholo tsa Foreisetata hape!
Instructions:
Folio strap: Molemi wa selemo
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Photo: William Matasane, Molemi wa 2010 wa selemo. 
Dilemong tse mmalwa tse sa tswa feta, e bile phehisano ya setswalle pakeng tsa diprovense tse pedi tsa bohlokwa tsa dijothollo, Foreisetata le North West. 
Ho tloha haesale ho eba teng phehisano ya Grain SA ya Molemi ya Thuthuhang wa Selemo, bahlodi e bile bana ba latelang: 
Selemo
Molemi wa selemo
Provense
2002
Karabo Peele 
North West
2003
Stephen Matshididi
Foreisetata
2004
Paul Morule
North West
2005
Moss Malo
North West
2006
Lasarus Mothusi
North West
2007
Lepati Macaphasa
Foreisetata
2008
Labious Manoto
North West
2009	
Samuel Moloi
Foreisetata
2010
William Matasane
Foreisetata
Jwalo ka ha o lemoha, hara bahlodi ba robong, ba bahlano e bile ba provense ya North West, mme ba bane e bile ba provense ya Foreisetata. 2011e tla ba selemo se matla haholo, moo re tla sheba hore ke provense efe e tla hlahisa bahlodi ba hlahelletseng ka mahetla! 
William Matasane ruri ke mohlodi wa makgonthe wa selemo sena. Enwa ke monna ya nkileng temo e le pitso ya hae, mme mosebetsi wa hae ke o tswileng matsoho. Jwalo ka ha ho boletswe mangolong a nako e fetileng, William ke sehwai sa poone le soneblomo; o na le mohlape wa dikgomo tsa nama le dinku tse mmalwa. O itheketse polasi ya hae, mme o hirile mobu o mong wa tlatsetso hore a atolose mosebetsi wa hae. William ke monna wa lelapa, ya inehetseng ka hohlehohle, mme ke ramosebetsi ya nang le leihlo la mohau – ka mantswe a mang re ka re mohlodi. Re mo lakaletsa mahlohonolo ruri. Tshwara jwalo,mora Matasane!
