

Farmer 									SESOTHO





Ho simolla sehlopha sa balemi setjhabeng sa heno



Instructions:

Folio Strap: Dihlopha tsa balemi

Byline: E bokelletswe ke A.P.N. du Toit (Institjhute ya ARC-Grain Crops), S.J. Terrblanche (Unibesithi ya Pretoria) le J.Stevens (Unibesithi ya Pretoria)

Photos:

Ho thusana ho molemo.

Ka dihlopha, balemi ba ithuta tse ntjha.

Balemi ba ka ithuta ho ba bang.

Letshwele le beta poho ka dihlopha.



Nako e fihlile hore balemi ba ntseng ba thuthuha ba se ke ba itshetleha ka diinstitushene tse tlwaelehileng tsa mmuso, empa taolo e be matsohong a bona. 



Senotlolo sa ho imatlafatsa se mohatong wa tlhophiso ya balemi ba selehae. Phephetso ho balemi ke ho sebetsa ka sepheo ho nnetefatsa hore ho hlongwa dihlopha tse ikemetseng tsa balemi, moo beng ba thepa ka hohlehohle e leng ditho ka botsona. Sehlopha sa balemi se bopa mokgatlo o sebetsang mmoho se phehelletse phetoho boemong ba polasi le ba temo ka kakaretso.



Le ha ho le jwalo, ho hlakile hore tlhophiso ya balemi ho ba etsa dihlopha tse hlwahlwa ke ntho e tla nka nako. Sepheo ka tataiso tsena ke ho kenya tjheseho le ho bontsha baetapele tsela temong hore bonngwe ba bona bo ba tswalle tse molemo ka ho fetisisa. 



Hobaneng dihlopha tsa balemi ba selehae?

Melemo ya bohlokwa ka ho fetisisa ya dihlopha temong ke e latelang:

Balemi e mong a ka ithuta ho e mong. Ka mokgwa ona, ba fumana tsebo, boiphihlelo le bokgoni.

Sehlopheng, balemi ba fapaneng ba ka etsa qeto. Ha tsebo e ntse e eketseha sehlopheng, menyetla ya ho etsa diphoso e a fokotseha. “Hlaahlela le lla ka le leng”.

Dihlopheng, balemi ba ithuta ho nahana ka mokgwa o motjha le ho leka tse esong ho lekwe. Ditho sehlopheng di kgothaletswa ho sheba menyetla e meng. 

Dihlopha di fana ka dikgokahanyo le ditshebeletso tse kang, phuputso, katoloso, phepelo ya disebediswa tsa temo le mmaraka. Baabi ba ditshebeletso ba tla rata ho sebedisa monyetla wa ho buisana le sehlopha se tsamaiswang ka molao le ho se rekisetsa kapa ho reka ho sona thepa e ngata.

Dihlopha di thusa hore tlhahiso e eketsehe boemong ba temo. Sena se kgonahala ka baka la tse kopanetsweng tse kang tsebo, bokgoni le boiphihlelo hara ditho tsa sehlopha.

Dihlopha di thusa ho matlafatsa lentswe la balemi. Balemi ba ntseng ba thuthuha ba hloka lentswe le matla (toma). Sehlopha se hlwahlwa sa boithuto ke molomo wa ditho ka botsona. 



Matshwao a sehlopha se hlwahlwa sa boithuto ke afe?

Dihlopha tse hlwahlwa tsa boithuto di totobatswa ke matshwao ana:

Boetapele bo matla – “Baetapele ba moo ho sebeletsa, eseng ho sebeletswa”.

Sehlopha ha se hatellwe ke moetapele kapa mang kapa mang wa ditho.

Ponelopele e hlakileng, sepheo, se habilweng, moralo wa mehato e tla nkwa hammoho le ho hahamella katlehong.

Ditho ke tsa boemo bo le bong tswelopeleng ya temo, mme ditabatabelo le ditlhoko ke tse tshwanang, tsa bona bohle. Sehlopha se tshwanang tabeng tsena se ba le kgohedi e se etsang kgokanyana phiri.

Ditho di lokela ho ba le kutlwisiso e hlakileng ya mesebetsi e lebelletsweng ho tsona dihlopheng.

Ditho di na le bokgoni bo itseng ho tsa ditjhelete hammoho le mehlodi e itseng. Ditjhelete boholo ba tsona di tswa dithong, mme di laolwa ke tsona ditho ka botsona.

Ditho di jara boikarabelo ba tse etswang; di na le boinehelo sehlopheng, le ho kgotsofala ka ho kenya letsoho mesebetsing ya sehlopha. 

Ditho tshohle di mafolofolo ho ithuta, mme ditho di ikemiseditse ho arolelana tsebo le boiphihlelo ba tsona.

Di na le boikemelo mererong le tsamaisong ya ditaba, mme di kgona ho iphumanela mekgwa ya ho fumana ditshebeletso tse hlwahlwa.

Di tshwanetse ho bontsha boikemisetso kgethong ya ditataiso le mekgwa e lokelang ho salwa morao hore ho fihlellwe sepheo sa sehlopha kaofela.

Ditho di sebedisa bokgoni le tsebo e fapaneng ya ditho ka mokgwa o hlwahlwa.

Puisano e bulehileng e lokela ho ba teng hara ditho. Ditho di lokela ho ba le bolokolohi ba ho ntsha maikutlo a tsona ntle le tshabo mabapi le mesebetsi e etswang ka bomong le e etswang ke sehlopha kaofela ka kopanelo.

Di lokela ho ba le boitekolo kgafetsa. Ka nako e itseng, sehlopha se a kgefutsa, se a sheba hore na se sebeditse jwang kapa se ntse se sebetsa jwang, le hore dintlafatso di ka etswa hokae.

Di lokela ho ikamahanya le maemo a phahameng a temo e hlophisitsweng hantle. Dihlopha tse jwalo di hokahantswe le mekgatlo e nang le boemedi bo batsi.

Tshebetso ya ditho ke e otlolohileng, ya nnete, mme ditho di ka shebana le mathata le dikgaello. Hore tshebetso e ntlafale, ditho di tla etsa phetoho efe kapa efe e hlokahalang hore e etswe.

Dihlopha di kenya tjheseho le mafolofolo dithong tsa tsona. Le hoja e mong a ena le boikarabelo bo itseng sehlopheng, ditho di tseba ka ho hlaka hore di tla una molemo ka ho ba karolo ya sehlopha. 



Ho hlongwa ha sehlopha sa boithuto

Dihlopha di tshwanetse ho hlongwa e le karolo ya setjhaba se teng le mekgatlo e teng. Ha ho kgonahala, kamano le mmuso wa setjhaba ke taba ya bohlokwa. Tumellano e tshwanetse ho ba teng ya mmuso wa setjhaba le mekgatlo e meng ya selehae mabapi le ho hlonngwa ha sehlopha sa balemi.

Balemi ka bobona ba tshwanetse ho kgetha ditho tsa sehlopha.

Dihlopha di ka simolla boemong bo sa hlophisehang hantle, mme tsa nna tsa hola jwalo ho fihlela di le boemong ba tlhophiso e feletseng. (Sheba katamelo ya “Mosebetsi pele le tlhophiso” hamorao). Katamelo ena e a kgothaletswa ka ha e etsa hore balemi ba kgone ho hola mmoho le ho hlongwa e le sehlopha. 

Dihlopha tse seng di hlonngwe di ka nna tsa hlophiswa botjha le ho matlafatswa botjha. Le ha ho le jwalo, taba ya dihlopha tse seng di holofetse, di sa hole, e tshwanetse ho qojwa ka hohle.

Maemong ao batho ba esong ho hlophiswe e le sehlopha, bahlophisi kapa ba thusang ho se ntshetsa pele ba a hlokahala mabapi le ho potlakisa ho hlongwa ha sehlopha.

Moo bahlophisi kapa bapotlakisi e seng ditho tsa setjhaba ka bosona, ho tla hokahala batho bao ho ka ikopanngwang le bona setjhabeng, ba nang le seriti se setle, hore e be bahokahanyi ba sehlooho ba balemi.

Ponaletso bahlophising le baetapeleng e a hlokahala hobane ke motheo wa ho hlongwa ha sehlopha se atlehileng.

Ditlhoko le mathata a sehlopha se itseng sa balemi ke dintho tse tshwanetseng ho tsejwa, ka ha sena se tadingwa e le motheo wa merero ya nako e tlang le sepheo se tla hahamallwa ho fihlellwa.



Katamelo ya “Mosebetsi pele le tlhophiso hamorao”:

Mokgwa ona o thusa balemi hore ba kene mosebetsing ntle le tikatiko. Sehlotshwana se sa hlophiswang hantle se simolla ka ho tsepamisa maikutlo bothateng bo itseng le ho sebetsa mmoho ho bo rarolla. Ditho tsa sehlopha di ba le boinehelo bo matla ba ho fihlella sepheo sa sehlopha. Re sa le tabeng ena, bonngwe ba sehlopha bo a matlafala, mme ditho di atamelana ka mokgwa wa tlhaho. Ka mokgwa ona, ho bopeha ha sehlopha ho tshwana feela le ha diphedi (living organisms) tse holang ho tswa ka hare. Melemo ya katamelo ena e hlakile:

Dihlopha di tswela pele ka botsona ntle le ho tshwenngwa ke tse ka ntle.

Sena se bopa maemo a boetapele ba sebele tshebetsong e tlwaelehileng ya kgetho.

Tseo sehlopha se rerileng ho di fihlella ke tsona tse qhobang sehlopha, eseng maikutlo feela a baetapele ba dihlopha kapa mekgatlo ya ka ntle.



Ditataiso ho hlongweng ha sehlopha sa boithuto

Ho hlongwa ha sehlopha se hlwahlwa ke tholwana ya balemi ba mafolofolo setjhabeng, bao sepheo sa bona e leng ho fihlella ditlhoko le ditharollo mathateng a bona. Ha ho sehlopha sa balemi se ka qobellwang ho ba teng, e ka ba ho tswa ka hare kapa ho mang kapa mang ka ntle. Ho hlongwa ha sehlopha ruri ho fapana ho ya ka maemo a itseng. Tse latelang ke mekgwa e kgothaletswang le ditataiso tse ka latelwang mosebetsing o boima wa ho hloma sehlopha:



Kopano e lelekelang ya sehlopha 

Ha tlhoko ya ho hlongwa ha sehlopha e eba teng hara balemi setjhabeng, baetapele ba ka simolla ka ho bitsa kopano sebakeng se itseng, seo e seng sa enwa kapa yane. Sehlopha sena se tla bopjwa ke palo e nyane ya batho ba bohlokwa, ba tjhesehelang ho hlongwa ha sehlopha se tla ba molemong wa mosebetsi wa bolemi. Sepheo sa kopano ena ke ho etsa hlahlobo e batsi ya maemo a bolemi a jwale. Hape, kopano e boetse e batla ho tseba tlhoko ya ho hlongwa ha sehlopha le ho buisana ka hohlehohle ka sepheo le ditebello tsa ba lakatsang ho ba ditho tsa sehlopha. Ditho tse kenang di tshwanetse ho tseba menyetla eo di tla e una. Kopano ena e fana ka monyetla o motle wa ho lokisa ditho le ho etsa hore ditho di tlwaelane. Kopano ena e tla fa balemi sebaka sa ho inahana hantle hore na ba rata ho kena ka setotswana mosebetsing ona na. Mohatong ona ho tla hlokahala hore ho be teng ditataiso tse batsi mabapi le sepheo sa sehlopha.



Kopano ya motheo 

Mohato o latelang ke wa ho beha letsatsi la ho hlongwa ha sehlopha. Kgothaletso ke hore baetapele ba atamele kopano ka mokgwa o lokolohileng (informal). Nakong ya kopano, batho ba ka fetohang ditho ba tshwanetse ho etsa qeto hore na nako e lokile ya hore sehlopha se hlophisitsweng (formal) se ka thehwa na. Ha eba ho dumellanwa, baetapele ba ka tswela pele ka metheo ya sehlopha. 



Bahlophisi/bapotlakisi ba sebetsa e le baetapele ba simollang sehlopha ba le boemong ba nakwana feela. Balemi, e leng ba tadingwang jwalo ka ditho tse tla kena, jwale ba memelwa kopanong ena.



Dintlha tse latelang di tshwanela ho tshohlwa kopanong ena:

Kgetho ya boetapele hammoho le hore nako ya ho ba ditulong ke e kae. Sehlopha se hloka modulasetulo wa mofuta ofe? Mokgothaletsi kapa mopotlakisi wa tshebetso ha a a tshwanela ho etella pele sehlopha ka boyena – sehlopha ka bosona se tshwanetse ho itjarela boikarabelo ka bosona.

Ka nepo, ho tshwanetse ho buisanwa, ho beha mantswe, ho a lokisa le ho sheba ka mokgwa o batsi sepheo sa nako e telele sa sehlopha. Ditho di tlamehile ho hlakisa kutlwisiso ya sepheo le ho tlosa ho se utlwisise hofe kapa hofe ho ka bang teng.

Ditho di tshwanetse hore di kgone ho ipehela tse lokelang ho fihlellwa (sepheo) le tse tlang pele nakong ya kgwedi tse latelang tse tsheletseng kapa nakong ya selemo. Di tshwanela ho hlakisa mesebetsi le boikarabelo bo amanang le mesebetsi e fapaneng e lokelang ho phethwa ho fihlella sepheo. Hape le ho hlophisa mesebetsi le sepheo ho ya ka tatellano ya hore e tlang pele ke efe.

Qeto e tshwanetse ho nkuwa mabapi le lenane, hore ho tla kopanwa neng, hakae le hokae ho tla tshohla ditlhoko tsohle tsa ditho.



Ka ha ketsahalo ena e tadingwa e le ho tswalwa ha sehlopha, nako e lekaneng e tshwanetse ho sebediswa ho nnetefatsa hore boetapele ke bo tiileng, le hore sepheo le merero (goals and objectives) di hlakile le ho hlaloswa hantle.



Kopano e latelang 

Mosebetsi wa ho hloma sehlopha o tshwanetse ho ntshetswa pele kopanong e latelang, ka mora kopano ya motheo. Sepheo sa kopano ena e tla ba:

Ho phethahatsa sepheo le merero (goals and objectives).

Ho ntshetsa pele moralo wa tshebetso, letsatsi le nako, tsa nako e loketseng.

Ho ngola molaotheo (constitution) ka ho beha melao e ikgethileng mabapi le botho, makgetho a ditho, ho ba teng dikopanong, tayo ya sehlopha, hammoho le ba nang le seabo (stakeholders).



Tsamaiso ya sehlopha sa boithuto 

Komiti e tshwereng marapo 

Hangata komiti e kgethwa ho ba le ditho tse hlano, e leng, modulasetulo, motlatsa-modulasetulo, mongodi hammoho le ditho tse pedi tsa tlatsetso. Dihlopha tse ding di dumellana ho kgetha motlatsa-mongodi hammoho le ramatlotlo ho nnetefatsa hore ditaba tsa ditjhelete di tsamaiswa hantle. Ditho tsena tse pedi tsa tsamaiso ya sehlopha di ka kgethwa bakeng sa ditho tse pedi tsa tlatsetso, kapa tsa tlatsetsa. Kgothaletso ke hore bong (botona kapa botshehadi) ba ditho tse kgethilweng bo emele ntle le pelaelo palo ya banna le basadi sehlopheng. Katamelo e ntle ke ya ho ba le banna ba babedi le basadi ba babedi ba bopang komiti, mme setho sa bohlano e be modulasetulo, e ka ba motho wa monna kapa wa mosadi. Komiti e emetse ditho dinthong tsohle tseo e di etsang. Komiti e na le boikarabelo mabapi le tayo (discipline) le tsamaiso e ntle ya sehlopha, e leng tse hlokolosi hore ho fihlellwe ka katleho sepheo le merero ya sehlopha. 



Boholo ba sehlopha

Ka kakaretso, ho ka bolelwa hore dihlopha tse nyane di sebetsa hantle haholo. Boholo bo batlahalang, bo laolwa ke moo sehlopha se beileng leihlo teng, thomo ya sehlopha, maemo a ikgethileng a ka hare a sehlopha, hammoho le bokgoni ba komiti ya tsamaiso ho tsamaisa sehlopha le ho sebedisa tayo le ho ema e tiile mererong ya yona. Ho bohlokwa ho rerisana le mmuso wa setho (traditional authority) le/kapa baetapele ba setjhaba ntlheng ena ya bophelo ba temo ya setjhaba. Hore ho sebetswe ka mokgwa o hlwahlwa setjhabeng, tsamaiso ya sehlopha sa boithuto e tshwanetse ho qoba dikgohlano tse mabapi le hore ba bang ba qheletswe ka thoko kapa ba bang ba etsa dintho ba le bang. Dihlopha tse ding di thibela tsena ka ho bitsetsa balemi kaofela setjhabeng ho tla kopanong ya letsatsi la selemo la balemi.



Makgetho a ditho le ditjhelete

Makgetho a ditho a ka laolwa ke ditaba tse ngata tse kang:

Morero (objective) wa sehlopha;

Bokgoni ba ditho ditjheleteng;

Mefuta ya mesebetsi e etswang ke sehlopha sa boithuto; le

Menyetla ya ho thuswa ka ditjhelete (Sponsorship).



Dikopano

Dikopano di tshwanetse ho tshwarwa kgafetsa ka nako tse itseng ho nnetefatsa hore mesebetsi ya sehlopha e tswela pele. Dikopano tsa kgwedi le kgwedi ha sehlopha se sa tswa hlongwa, di a kgothaletswa. Ha nako e ntse e eya, dikopano hang kgweding tse ding le tse ding tse pedi di bonahala e le kgetho e kgonahalang, le hoja mesebetsi ya temo ho ya ka sehla e bonahala e le yona e laolang lenane la matsatsi a sehlopha ka seng sa boithuto. Dibui tse fanang ka puo le ditsebi di bohlokwa ka ha di beha sehlopha se le maemong a ho tseba ditaba le tlhahisoleseding. Ho matleng a sehlopha ka seng ho kgetha ka hloko le ho memela dibui tsena dikopanong tsa sona. Ho jwalo feela le ka bafani ba bang ba ditshebeletso le ba neanang ka disebediswa tsa mapolasi. Dihlopha tsa boithuto di fana ka monyetla o motle haholo ho balemi ho laola boemo ba botsebi le ditshebeletso tseo di batlang ho di fumana.



Qetello 

Dihlopha tse hlwahlwa tsa balemi ke motheo wa ntshetsopele e hatetseng pele ya temo Afrika Borwa. “Ka ntle ho boetapele le mokgatlo, setjhaba se batla se sa tswele pele, le bona batho ba nang le ditalenta hara setjhaba ba thatafallwa ho phema mahlaahlela a tswelopele e tlase,” ho realo Japie Grobler, mopresidente wa Agri SA. Senotlolo sa ho imatlafatsa ke ho hlophisa tshebetso ya balemi!

