 Farmer (Maize)									Sesotho
Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi le a hlaloswa
Folio strap: Lenaneo la Ntshetsopele ya Molemi
Byline: Jane McPherson, manejara wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi
Photo 1: Jane McPherson (ka leqeleng), o ne a thabetse ketelo ya Mme Mzebenzi Zwane, MEC wa Temo Foreisetata le Mofumahadi Nandi Mayathula-Khoza, MEC wa Temo Gauteng Letsatsing la Kotulo la NAMPO. Ba kopana le Dr Limakatso Moorosi (ka ho le letona), Hloho ya Lefapha la Temo Foreisetata.
Photo 2: Gideon Ralepedie (Senwes), G. Motseng, Jane McPherson, B. Tswene (MEC, North West), N. Maloyi (Speaker), moleng o ka pele, Japie Fransman (Senwes), C. Kanyane and Sello Lesupi lle bona ba ile ba etela Ntshetsopele ya Molemi Letsatsing la Kotulo la Nampo.
Morero wa Lenaneo la Grain SA la Ntshetsopele ya Molemi ke ho ntshetsa pele balemi ba batsho ba hwebang ka dijothollo ba filweng bokgoni. Ho fihlella sena, ho bohlokwa ho beha maikutlo ho motho ka mong: re tlamehile ho ntshetsa pele motho eo.
Ntshetsopele HA SE ka masimo.
Ntshetsopele HA SE ka metjhine.
Ntshetsopele HA SE ka mebaraka. 
Ntshetsopele HA SE ka tjhelete.
Ntshetsopele HA SE ka temo ya molemi.
Tshebetso yohle e simolla ka ntshetsopele ya motho – dintlha tse ding kaofela di latela moo. Ntshetsopele ke tshebetso e tswelang pele, ha se ya ntlha e le nngwe. 
Letona la jwale la Temo, Mme Tina Joemat-Pettersson o bontshitse hore o bona tlhoko ya ho arola balemi ho ya ka mekgahlelo e fapaneng. Mekgahlelo ena ke e latelang: (le hoja re iketseditse dintlha tsa rona hobane ho le siyo dintlha tseo ho dumellanweng ka tsona mekgahlelong e fapaneng).
Mohato wa 1
1 ho isa ho 10 dihekthara
Balemi ba hlahisetsang malapa feela
Mohato wa 2
10 dihekthara ho isa ho 250 ditone
Balemi ba banyane
Mohato wa 3	
Ho feta 250 ditone
Balemi ba bahwebi
Ho ka nna ha batla ho ferekanya ha re re Mohato wa 1 le balemi ba hekthara ya 1 ho isa ho tse leshome ba wela mokgahlelong o le mong. Ke taba ya bohlokwa ho ba le lenaneo le kenyeletsang mehato e hlakileng e qollehang – molemi ka mong ya kenang lenaneong la rona o simolla mohatong wa 1 – boholo ba masimo a hae ha se taba ya bohlokwa mona. Jwalo ka motho wa mohato wa 1, ho teng dithuto tse itseng tseo a tshwanetseng ho kena ho tsona, tseo e leng motheo wa bolemi ba kgwebo. Ka bomadimabe ho teng balemi ba bang ba bonahalang ba ke ke ba feta Mohatong wa 1 ka ha ba ke ke ba ba le masimo a mang kapa yona metjhine. 
Balemi ba mohato wa 2 ba wela mokgahlelong o hlahlamang, mme ho teng dithuto tseo ba lokelang ho kena ho tsona mohatong ona – ho aha hodima ditaba tseo ba ithutileng tsona Mohatong wa 1. Balemi bana ba ka nna ba hloleha ho feta mohatong ona, hape ka baka la mathata a ditjhelete, masimo kapa metjhine, e leng tse ke keng tsa qojwa. 
Balemi ba mohato wa 3 ke ba seng ba fetile mehatong ya 1 le 2, ba seng ba bokelletse ditaba tsohle tsa kwetliso tse fumanwang mehatong e mmedi ya pele, ba seng ba kgona ho hlahisa ditone tse 250 ka selemo. Molemi wa “kgetlo la pele” ya nang le lehlohonolo la ho fumana dihekthara tse 1 000 ka mokgwa wa PLAS (mohlala) ha a tshwanela ho qala mosebetsi mohatong wa 3 – ke taba ya bohlokwa hore molemi ka mong a simolle mohatong wa 1, mme a ahe ho tloha moo. Balemi ba bang qetellong ba iphumana ba fihlelletse mohato wa ho ba bahwebi ba makgonthe, empa ho teng ba bang bao, ka mabaka a itseng, ba dulang ba le boemong ba ho hlahisa feela tse hlokwang ke malapa a bona kapa e le balemi feela ba banyane.
Dibloko tse qalang				Ho kena dipakeng		Qetello ya leeto
Farmers Days 		
Mohato wa 1 – Balemi ba hlahisetsang malapa feela – 1 ho isa ho 10 dihekthara
Dithuto tsa kwetliso
Thuto ya Motheo ya Tlhahiso ya Poone.
Thuto ya Selelekela Tlhahisong ya Poone.
Thuto ya Selelekela Tlhahisong ya Soneblomo.
Thuto ya Selelekela Tlhahisong ya Mabele.
Thuto ya Selelekela Tlhaisong ya Koro.
Thuto ya Selelekela Tlahisong ya Matokomane.
Thuto ya Tsamaiso Metjhineng.
Dikopano tsa dihlopha tsa boithuto
Ho nkuwa ha disampole tsa mobu.
Boemo ba pH ya mobu le ba phosphate.
Botebo ba mobu.
Tlelaemete.
Tokiso ya motheo ya mobu.
Peo.
Dipalopalo tsa dimela.
Manyolo.
Taolo ya mahola le dikokwanyana.
Diteko tsa dipontsho ka mehlala
Tokiso ya mobu.
Kalaka.
Dipalopalo tsa peo le dimela.
Manyolo.
Taolo ya mahola le dikokwanyana. 
Matsatsi a Balemi
Dikgokahano le indasteri tse kgolo.
Dikgaso tsa radio
Phetisetso ya ditaba ho batho.
Pula Imvula 
Phetisetso ya ditaba ho batho 
Mohato wa 2 – Balemi ba banyane – 10 dihekthara ho isa ho 250 ditone
Dithuto tsa kwetliso
Thuto ya Tlhokomelo ya Terekere le Disebediswa tsa Temo.
Thuto ya Motheo ya Tokiso ya Enjene.
Thuto e Phahameng ya Tlhahiso ya Poone le ya Mmaraka.
Thuto e Phahameng ya Tlhahiso ya Soneblomo le ya Mmaraka.
Thuto ya Tekolo ya Mehlodi le Moralo wa Temo.
Thuto ya Ntshetsopele ya Bokgoni.
Thuto ya Tlhokomelo Temong le Tshehetso.
Thuto ya Tsamaiso ya Metjhine.
Dikopano tsa dihlopha tsa boithuto
Ditokiso tsa metjhine le tlhokomelo.
Kgetho ya mefuta ya peo.
Tshebediso e ntle ya manyolo.
Tshebediso e ntle ya mehlodi ya tlhaho.
Taolo ya Dikotsi le Inshorense.
Mmaraka le poloko meahong.
Tsamaiso ditjheleteng (dikadimo tsa tlhahiso). 
Lenaneo le Phahameng la Molemi
Ho tshwauwa (calibration) ha diplantere le difafatsi.
Mekgwa ya ho phethola mobu.
Ho behwa ha disebediswa.
Dikadimo tsa tlhahiso.
Ho fumanwa ha dithuso tsa ditjhelete le tshehetso ya mmuso. 
Diteko tsa dipontsho ka mehlala
Mehato e fapaneng ya ho kenngwa ha manyolo.
Dikgetho tsa mefuta ya peo.
Taolo ya mahola ka dikhemikhale (mananeo).
Matsatsi a Balemi
1.	Dikgokahano le indasteri tse kgolo.
Dikgaso tsa radio
1. Phetisetso ya ditaba ho batho.
Pula Imvula 
1. Phetisetso ya ditaba ho batho. 
Mohato wa 3 – Dihwai tse kgolo – 250 ditone ho ya hodimo
Dithuto tsa kwetliso
Thuto ya Temo ho etsa Phaello.
Thuto ya Tlhahiso ya Poone tlasa Nosetso.
Thuto ya Tlhahiso ya Kgarese tlasa Nosetso.
Thuto ya Tlhahiso ya Koro tlasa Nosetso.
Thuto ya Tsamaiso diterekereng tsa tshebetso e phahameng.
Dihlopha tsa boithuto
Ho mmarakwa ha dijothollo.
Phapantsho ya dijothollo.
Kgethollo ya mefuta le tshebediso e ntle ya mehlodi.
Lenaneo le Phahameng la Molemi
Kgokahano;
Ba dikgwebo tsa temo (agribusinesses).
Temo e hlophisitsweng.
Dikhamphane tsa phepelo ya tse kenngwang mobung.
Dibanka le ba thusang ka ditjhelete.
Ho kenyeletsa balemi lefapheng la bahwebi ba tsa temo. 
Matsatsi a Balemi
1.	Dikgokahano le indasteri tse kgolo.
Dikgaso tsa radio
1. Phetisetso ya ditaba ho batho.
Pula Imvula 
1. Phetisetso ya ditaba ho batho. 
