Falling (Wheat)  									SESOTHO

Teko ya “mokgwa wa ho nyehla ha dinomoro” e bolela eng?

Instructions:

Folio Strap:

Byline: Ditaba tsena di nkilwe bukaneng ya Tlhahiso ya Koro

Photos:



Hangata balemi ba kgathatswa matla ke kereiti tseo basebedisi ba disiu tse fapaneng ba fanang ka tsona nakong eo ba tlisang ho shebahalang eka ke kereiti e ntle, e phethahetseng , ya koro. Lengolong lena la kgwedi re sheba ka moo teko ya “dinomoro tse nyehlang” e sebediswang ka teng tlhophisong (kereiting) ya koro.

Tshebediso ya teko ena e tsejwang lefatshe ka bophara ba lona e na le molemo mabapi le taolo ya boleng ho ba silang (millers) empa e ka tlisa maswabi tabeng ya tlhophiso ho ya ka leihlo la molemi. Kereiti e tlase e tla rekiswa ka theko e tlase, mme hona ho ka ba le ditlamorao tse mpe ditjheleteng ha e nkwa ho ya ka ditone tse ngata kapa ho ya ka boholo ba dijothollo tsa polasi.

Ho hlokolosi ho kotula koro hang feela ha e bonahala e se e butswitse. Haeba pula e na hang feela pele ho kotulwa, dijothollo di ka nna tsa simolla ho mela kapa ho hlahisa lekgaba. Ho mela ho eketsa alpha amylase, enzaeme e thuhang setatjhe, mme ho boetse ho na le keketseho dienzaemeng tse thuhang diprotheine. Ho tsena tse pedi, enzaeme ena ya alpha amylase e na le tshwaetso e kgolo ya ho fokotsa boleng ba folouru le dihlahiswa tse etswang ka folouru eo. Bolelele ba nako ba ho hola ha sejothollo se hlahisitseng lekgaba ho kgema mmoho le keketseho ya bongata ba alpha amylase. Ha dijothollo tse hlahisitseng lekgaba di silwa, folouru e ka baka mathata a dihlahiswa jwalo ka bohobe bo dikaqa, bo ke keng ba sehwa ha bonolo ke metjhine e sehang, kapa tsona di-noodles (dikgwele tse kang tse bolepo), tse sarolohang, tse thellang hodima patsi moo di fanyehilweng hore di ome.

Ka kakaretso re ka re ho lekanya mohato wa ho mela ha peo ka leihlo ho re fa setshwantsho sa hore ke alpha amylase e kae e seng e le teng. Le ha ho le jwalo, mokgwa ona ha se o nepahetseng haholo wa ho metha, mme ka baka lena, teko e bitswang “teko ya ho nyehla ha dinomoro” ke yona e sebediswang ho metha tshwaetso ya alpha amylase ka nepo.

Teko ya “mokgwa wa ho nyehla”  

Mokgweng wa ho nyehla ha dinomoro ho sebediswa sesebediswa se methang nako e nkwang ke plunger (sesebediswa se kang poropo) ho theohela tlasetlase tjhupung e borilweng ka nepo, ya galase e tshetsweng hlama e futhumaditsweng ya phofo ya koro le metsi.



Koro e hotseng hampe 

Nako e nkwang, ka metsotso, hore sena se etsahale, e tsejwa e le nomoro e nyehlang, mme e ka ba metsotswana e 62 mabapi le koro e hotseng hampe. Ho nka metsotswana e 62 ho kopanya phofo e mongobo le metsi, mme poropo e theohela hanghang tlasetlase galaseng hobane motswako o le bonolo haholo.



Koro ya boleng bo hodimo

Koro ya boleng bo hodimo e etsa motswako o motenya, mme ka hoo teko e nka metsotswana e pakeng tsa 300 le 600. Ha koro e holang e senyehile, motswako wa setatjhe o fokotsa ho qamathela, mme ka hoo, nomoro e nyehlang e ba tlase. Koro e nang le dinomoro tse nyehlang tse ka hodima metsotswana e 300, ke yona e loketseng ho etsa bohobe. Mabapi le dikereiti tse ding tsa tshilo, dinomoro tse nyehlang, tse ka hodima 250, di ntse di amoheleha.  



Ho se ho fumanwe hore sampole ya sejothollo e tswang peong e hotseng ka ho phethahala ya koro, e kotulwang hammoho le sejothollo se sa ntseng se le setala ho tswa baleming ba moraorao mehatong e bonolo ho isa ho e thata ya hlama, e tla kenyeletsa matshwaonyana a itseng a matela. Sampole ena e ka bontsha teko e tlase, e nyehlang, ya nomoro, mme ya qetella ka ho etsa hore koro ya boleng bo hodimo e theolelwe bolenng bo tlase ka baka la sephetho se tlase sa teko ya ho nyehla ha nomoro.



Boiphihlelo ba letsatsi le letsatsi bo bontshitse hore haeba sejothollo sena se ka bolokwa matsatsi a mmalwa hore karolo e tala, e ka hare, ya koro e kgone ho oma le ho omella ka hara sampole, koro e ka nna ya fetisetswa sesebedisweng se methang. Ha peo e hlwekiswa hape ka motjhine ho tlosa dipeo tse ommeng le tse sosobaneng, ho tla fihlellwa kereiti e phahameng le e amohelehang ya koro.

Sena se kgahlanong le koro e ileng ya fumana pula e ngata hoba e butswe, mme e se e entse lekgabanyana. Ha ho se sekaalo se ka etswang ho fetola teko ya ho nyehla ha dinomoro mohatong ona.

Hobaneng nakong ya kotulo pula e etsa hore koro e lahlehelwe ke boima?

Jwalo ka ha ho hlalositswe hodimo mona, peo e simolla ho mela haeba pula e na pele ho kotulo. Le hoja ho etsahala hore peo e se e simollotse hanyane ho mela, ka mora mongobo e a kokomoha, mme ha e oma ha e kgutlele boholong ba yona bo bonyane ba pele kapa mothamong wa yona wa pele o phahameng.  Sena se bolela hore boyona bo nka sebaka se seholwanyane, kapa ho e beha ka mantswe a mang, volume eo e le nngwe ya peo e ba le boima bo tlase.



“Teko” kapa popeho ho ya ka dilithara, kapa popeho ya dilithara tse 100 tsa peo, e sebediswa ho lekola volume e itseng. Popeho ho ya ka dilithara ya sejothollo (peo) se phethahetseng hangata e pakeng tsa boima ba dikilograma tse 76 le tse 84 lithareng tse ding le tse ding tse 100, mme sejothollo se sentsweng ke maemo a lehodimo sona se ka nna sa ba tlase dikilogramong tse 60 dilithareng tse ding le tse ding tse 100.

Popeho ya sejothollo ho ya ka dilithara e ka nna ya ntlafatswa ka ho e fetisa sesebedisweng sa auger makgetlo a mangatanyana. Sena se ke ke sa fetola sephetho sa teko ya ho nyehla ha nomoro hakaalo.

Ho bohlokwa ho nka sampole ya boemedi dijothollong tsa hao tsa pele ha ho simollwa ho kotulwa, mme ho iswa kotulo ena sesiung, e leng moo ho ilo lekolwa mothamo wa mongobo, ho kereitwa mabapi le ho nyehla ha nomoro, hammoho le popeho ho ya ka dilithara (100).

Qeto ke hona moo e ka etswang ya ho diehisa kotulo, ho boloka setorong dijothollo tse kotutsweng mabapi le tekolo e tswelang pele, mme hamorao e latelwe ke ho tsamaiswa, kapa haeba kereiti e amoheleha ho ka kopanngwa le ho tsamaiswa hanghang. Kgetho e nepahetseng ka ho fetisisa e tla ba ho kotula le ho tsamaisa hanghang ho tloha masimong haeba kereiti e le e amohelehang.

Maqheka a ho rekisa le ho beha poreisi le ona a tla laola hore na sejothollo se ka tsamaiswa na, le ho rekisetswa beng ba disu hanghang, kapa sa tsamaiswa le ho bolokwa disiung tsa bahwebi kapa ho ipolokela sona.

Ho kereita le boleng

Ho latela mokgwa wa ho kereita, tlasa Molao o mabapi le Dihlahiswa tsa Temo, ke sehlopha se le seng sa bohobe se leng teng mmoho le dikereiti tse 4, e leng B1, B2, B3 le B4, tse laolwang ho ya ka mothamo wa tsona wa protheine, popeho ho ya ka dilithara tse 100 hammoho le nomoro e nyehlang (Theibole 1).



Theibole 1:





Kereiti
 
Bonyane Protheine (12% mongobo)
 
Bonyane ba popeho ho ya ka 100 dilithara (kg/hl)
 
Bonyane ba nomoro e nyehlang
 

 
             B1
 
12
 
77
 
220
 

 
             B2
 
11
 
76
 
220
 

 
             B3
 
10
 
74
 
220
 

 
             B4
 
9
 
72
 
200
 

 
Tshebediso
 
8
 
70
 
150
 

 
Sehlopha se seng
 

 

 

 

 


 



