Factors (Maize) 								SESOTHO



Dintlha tse tshwaetsang boleng ba polasi



Instructions:

Folio Strap: Ditaba tsa Mobu

Byline: Ditaba di nkilwe thutong ya Tekolo ya Mohlodi le Moralo wa Polasi



Ka tlwaelo ha esale boleng ba polasi bo theilwe tlhahisong ya yona ya temo. Dibakeng tseo haholo e leng tsa mahaeng bahlahisi ba ntse ba jere boholo ba boikabelo dithekong moo theko ya tse hlahiswang temong e leng tabakgolo e laolang boleng ba polasi. 



Sekgahla se phahameng kapa se tlase sa tswala se boetse se tshwaetsa bahlahisi ka ha bahlahisi ba bangata ba sebetsa ka tjhelete yohle e kadimilweng kapa ka karolo e itseng ya yona. Matsete a tjhelete mabapi le meaho ya mapolasing le disebediswa tsa temo le tsona di sa ntse di ena le tshwaetso ya bohlokwa mabapi le boleng ba polasi.



Tjhelete ya monga polasi e ka kena ka mekgwa ena:

Ka dihlahiswa tse fapaneng tse hlahiswang ke yena ka seqo;

Ka ho hirisetsa bahlahisi ba bang masimo a dijothollo kapa a makgulo; le

Ka ho kena selekaneng sa tlhahiso ya dijothollo mmoho le bahlahisi ba bang.



Ho kenya tjhelete ha monga polasi ka hoo ho fupere mahlakore a mabedi:

Tshebediso ya masimo mabapi le nako e kgutshwane le e mahareng jwalo ka ha ho boletswe hodimo mona; le

Kuno ya nako e telele ya tjhelete, e leng e amanang le keketseho ya boleng ba masimo ha nako e ntse e tsamaya.



Kuno tsena tsa nako e telele le tsona di itshetlehile ka peresente ya kuno tshebedisong ya masimo, eo le yona e shebaneng le kuno e phahameng le e tlase ya ikonomi ka disaekele ha nako e ntse e tsamaya. Ka kakaretso, boleng ba masimo bo bontshitse tshekamelo lehlakoreng la keketseho ha nako e ntse e tsamaya, mme tshekamelo ya lefatshe yona e dumela hore tshebetso ya masimo e lokela ho ba matsohong a batho ba seng bakae. Sena se baka hore ho be thata ho ba batjha ba kenang ho fumana masimo le hore nakong e kgutshwane masimo a kgone ho sebetswa ka mokgwa o hlwahlwa hore a kgone ho itefella. Boemo bo tjena ba ditaba bo fapane moo masimo a fumanwang ka mokgwa wa thuso (grant) ya mmuso kapa mekgatlo e itseng, wa lefa, kapa wa kadimo eo sekgahla sa tswala se tsheheditsweng (jwalo ka ha ho etsahala sekemeng se setjha sa Lefapha la Ditaba tsa Mobu se bitswang Proactive Land Acquisition Scheme (PLAS) kapa Sekema sa Tshehetso Phumanong ya Mobu.



Kgiriso ya mobu e fetohile, ho tloha mokgweng wa bahlahisi ba batjha ba kenang temong ho ya ho wa bahlahisi ba seng ba ikemetse ba fumanang mobu wa tlatsetso moo ba atolosang tshebetso ya bona. Taba ena e tshwanetse ho shejwa ka ihlo le ntjhotjho moo mobu e leng o kopanetsweng wa setjhaba. Mona ke moo mobu o mongata o ituletseng feela o sa sebediswe empa ho ena le bahlahisi ba bangata ba nang le bokgoni, ba ka nnang ba sebedisa mobu ono hantle. Taba ya ho hira e dumella bahlahisi ho atolosa kgwebo tsa bona ntle le ho ikenya dikolotong tsa ditjhelete tse kgolo jwalo ka ha ho etsahala ho beng ba mobu. 







